Ho Koetela—Lisosa Tsa Motheo
LIKETSAHALO tsa ho koetela li fetohile seoa morao tjena. Hoa tšoana le ka ho bolaea, ho beta, ho hlekahleka bana, esita le ho bolaea ka morero oa ho timetsa morabe o itseng ka ho feletseng. Ke hobane’ng ha bophelo bo fetohile bo kotsi hakaale hoo hangata batho ba tšabang ho ipeha kotsing ka ho tsoa mahaeng a bona bosiu?
Lisosa tsa motheo tsa seoa sena sa tlōlo ea molao, ho akarelletsa le ho koetela, li amana le bofokoli bo metseng ka metso mokhatlong oa batho. Na u hlokometse hore lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, Bibele e ile ea bolela esale pele hore ho tla ba le linako tsee tse kotsi? Ka kōpo hlokomela se ileng sa boleloa esale pele ho 2 Timothea 3:2-5.
“Batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng ka ho sa sekisetseng, ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba hohomohileng ke boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba ipaka ba se na ’nete matleng a bona.”
Mohlomong ua lumela hore mantsoe ana a tlalehiloeng nakong e telele e fetileng a hlalosa boemo ba kajeno ka tsela e phethahetseng. Nakong ea bophelo ba rōna mefokolo ea mokhatlo oa batho e mpefetse ka tsela e feteletseng. Ka ho hlokomelehang, tlhaloso e ka holimo ea boitšoaro bo utloisang bohloko ba batho e kenyelelitsoe ka Bibeleng ka mantsoe a reng: “Matsatsing a ho qetela linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona li tla ba teng.” (2 Timothea 3:1) A re ke re hlahlobeng mefokolo e meraro feela e meholo ea batho e tlatselitseng seoeng sa ho koetela.
Mathata a ho Kenya Molao Tšebetsong
“Ereka ha kahlolo e ahlolang mesebetsi eohle e khopo e sa phakise ho etsahala, ka hoo pelo tsa bana ba batho li ntse li tlala takatso ea ho etsa hampe.”—Moeklesia 8:11.
Mabotho a mangata a sepolesa a haelloa ke matla a ho sebetsana ka katleho le seoa sa liketso tsa tlōlo ea molao. Kahoo, linaheng tse ngata, ho koetela ke tlōlo ea molao e putsang. Ka 1996, ke ba seng bakae feela ba ka etsang karolo ea 2 lekholong ho bakoeteli bohle ba Colombia ba ileng ba qosoa. Mexico, bonyane ho ile ha lefshoa chelete ea thekollo e etsang liranta tse limilione tse likete tse 1,2 ka 1997. Bakoeteli ba bang Philippines ba bile ba amohetse licheke tsa tefo ea thekollo.
Ho phaella moo, ka linako tse ling bobolu bo mafapheng a kenyang molao tšebetsong bo nyopisa ho loantša tlōlo ea molao ka katleho. Bahlomphehi ba eteletseng pele lihlopha tsa toantšo ea ho koetela Mexico, Colombia le lirephabliking tseo e neng e le tsa Soviet Union ka bobona ba ’nile ba qosoa ka ho koetela. Makasineng ea Asiaweek, mopresidente oa Senate sa Philippines, Blas Ople, o bolela hore lipalo tsa molao li bontša hore karolo ea 52 lekholong ea liketsahalo tsa ho koetela Philippines e akarelletsa mapolesa kapa masole a sebetsang kapa a tlohetseng mosebetsi. Ho tlalehoa ha mokoeteli e mong ea tummeng hampe oa Mexico a ’nile a sireletsoa ke “lerako la tšireletso ea molao le tlamahantsoeng ka tjotjo e eang ho ’masepala, liofisiri tsa sepolesa sa naha le sa ’muso o kopanetsoeng le bachochisi.”
Bofutsana le ho Hloka Toka ha Maemo a Sechaba
“Ka boela ka lemoha lihloriso tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi, ’me ka bona meokho ea ba hlorisoang, ho mpa ho se ea ba tšelisang. Ka ’nģa ho bahlorisi ba bona, ka bona bothata, ho mpa ho se monamoleli.”—Moeklesia 4:1.
Batho ba bangata kajeno ba maqakabetsing a moruo le a bophelo, ’me hangata ke bona ba koetelang. Ka hona lefatšeng leo ho lona lekhalo pakeng tsa barui le bafutsana le lulang le ntse le eketseha le leo ho lona ho nang le menyetla e fokolang ea ho fumana chelete ka tsela e tšepahalang, ho koetela e tla ’ne e lule e le teko. Hafeela khatello e ntse e le teng, ho koetela e tla ’ne e be tsela ea ho iphetetsa le ea ho lebisa tlhokomelo ho se nkoang e le boemo bo sa mamelleheng.
Meharo le ho Hloka Lerato
“Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse kotsi.” (1 Timothea 6:10) “Ka lebaka la ho eketseha ha ho se ee ka molao lerato la palo e khōlō le tla fola.”—Matheu 24:12.
Ho theosa le histori lerato la chelete le ’nile la etsa hore batho ba etse lintho tse nyarosang. ’Me mohlomong ha ho tlōlo e ’ngoe ea molao e hoebang ka tsieleho, mesarelo le ho felloa ke tšepo ha batho ka tekanyo eo ho koetela ho etsang ka eona. Ho ba bangata ke meharo—lerato la chelete—e ba susumelletsang ho hlokofatsa le ho utloisa motho eo ba sa mo tsebeng bohloko le ho beha ba lelapa labo mahlomoleng ka sehlōhō ka libeke, likhoeli, ’me ka linako tse ling ka lilemo.
Ka ho hlakileng, ho na le ho hong ho phoso haholo mokhatlong oa batho ho hatisang bohlokoa ba chelete le ho hatakelang litekanyetso tsa botho. Kantle ho pelaelo, boemo bona bo hlahisa mefuta eohle ea tlōlo ea molao, ho akarelletsa le ho koetela.
Na see se bolela hore re phela ho seo Bibele e se bitsang ‘matsatsi a ho qetela’? Haeba ho joalo, see se tla bolela’ng bakeng sa lefatše le bakeng sa rōna? Na ho na le tharollo ea mathata a tebileng a talimaneng le moloko oa batho, ho akarelletsa le ea ho koetela?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]
Hase Boemo bo Bocha
Molao oa Moshe o ne o laela hore bakoeteli ba ahloleloe lefu ho tloha morao koana lekholong la bo15 la lilemo B.C.E. (Deuteronoma 24:7) Julius Caesar o ile a koeteloa eaba ho batloa thekollo lekholong la pele la lilemo B.C.E., joaloka Richard I, morena ea Sebete oa Engelane, lekholong la bo12 la lilemo C.E. Thekollo e phahameng ka ho fetisisa e kileng ea lefshoa ke ea lithane tse 24 tsa khauta le silivera eo batho ba Inca ba ileng ba e fa mohlōli oa Lesepanishe Francisco Pizarro hore a lokolle morena oa bona ea hapiloeng, Atahuallpa ka 1533. Leha ho le joalo, bahlōli bao ba ile ba mo khama ho fihlela a e-shoa.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ho sa tsotellehe matla ao sepolesa se nang le ’ona, ho koetela ho atile