Ho Koetela—Ho Tšosa ho Fetotsoeng Khoebo
BUKENG ea hae e reng The Kidnap Business, Mark Bles o re: “Ho koetela ha ho tšoane le ho etsa tlōlo ea molao thepeng. Ke tšoaro e mano, e sehlōhō le e bontšang ho se amehe ka moralo oa mantlha oa mokhatlo oa batho, e leng lelapa.” Ho koetela ho bakela litho tsa lelapa ho ferekana maikutlo. Ka motsotso o mong, kapa ka hora e ’ngoe, li ikutloa li e-na le tšepo, ’me ka e latelang li ikutloa li nyahame ha li ntse li loantšana le maikutlo a ho ba molato, a lehloeo le a ho hloka thuso. Boemo bona bo sithabetsang bo ka ’na ba nka matsatsi, libeke, likhoeli kapa, ka linako tse ling, esita le lilemo.
Letšolong la bona la ho batla chelete ka mahlo a matšo, bakoeteli ba nka monyetla ka maikutlo a litho tsa lelapa. Kenke e ’ngoe ea bakoeteli e ile ea qobella phofu ea eona ho ngola mantsoe a latelang lengolong le eang mocheng oa phatlalatso: “Ke kōpa hore Mocha oa Phatlalatso o phatlalatse sena hohle e le hore haeba ke sa khutle molato e be oa bakoeteli ba ka empa hape e be oa lelapa leso le bontšang hore le rata chelete ho mpheta.” Bakoeteli ba Italy ba ile ba susutlella batho hore ba ntše chelete ea thekollo ka hore ba khaole litho tsa ’mele le ho li romela ho beng ka motho kapa liteisheneng tsa TV. Mokoeteli e mong oa Mexico o bile o hlokofatsa liphofu tsa hae ha a ntse a buisana le ba malapa abo tsona ka fono.
Ka lehlakoreng le leng, bakoeteli ba bang ba leka ho etsa hore liphofu tsa bona li ba rate. Ka mohlala, rakhoebo e mong ea ileng a koeteloa Philippines o ile a koalloa hoteleng e majabajaba Manila, moo baholehi ba hae ba ileng ba mo fa joala le ho mo tlisetsa matekatse bakeng sa boithabiso ho fihlela thekollo e lefiloe. Leha ho le joalo, liphofu tse ngata li koalloa ho sa bontšoe kameho e kaalo ka litlhoko tsa tsona tsa ’mele le tsa bohloeki. Tse ngata li tšoaroa ka sehlōhō. Leha ho le joalo, phofu e tlameha ho lula e tšohile e ipotsa hore na ke’ng se tla e etsahalla.
Ho Sebetsana ka Katleho le Boemo bo Sithabetsang
Esita le ka mor’a hore liphofu li lokolloe, li ka ’na tsa sala li e-na le maqeba a maikutlo. Mooki e mong oa Sweden ea ileng a koeteloa Somalia o ile a hlalosa maikutlo ana: “Ho na le ntho e le ’ngoe eo e leng ea bohlokoa ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe. U lokela ho bua le metsoalle le beng ka uena le ho fumana thuso ea litsebi haeba u e hloka.”
Litsebi tsa phekolo li qapile mokhoa oa ho thusa liphofu tse joalo. Ka mananeo a ’maloa a nkang nako e khutšoanyane, liphofu li sekaseka phihlelo ea tsona li thusoa ke litsebi pele li kopana le ba malapa abo tsona ’me li khutlela bophelong bo tloaelehileng. Rigmor Gillberg, eo e leng setsebi sa phekolo maemong a tlokotsi oa Sefapano se Sefubelu, o re: “Ho fana ka phekolo nakoana ka mor’a ketsahalo eo ho fokotsa monyetla oa tšenyo e feletseng.”
Liphello Tse Ling
Hase liphofu tseo le ba malapa abo tsona feela ba angoang ke liketsahalo tsa ho koetela. Tšabo ea ho koeteloa e ka fokolisa bohahlauli ’me e khina ho etsoa ha matsete; e boetse e baka boikutlo ba ho se sireletsehe sechabeng. Ka likhoeli tse seng kae feela ka 1997, lik’hamphani tse tšeletseng tsa machaba li ile tsa tsoa Philippines ka lebaka la tšokelo ea ho koeteloa. Mosali e mong oa Philippines ea sebeletsang mokhatlo o bitsoang Baahi Khahlanong le Tlōlo ea Molao o ile a re: “Re phela tšabong e khōlō.”
Sehlooho se seng se hlahileng ho The Arizona Republic se re: “Ho ba boholong Mexico, tšabo ea ho koeteloa e baka ho ferekana ho hoholo, ’me e le ka ho loketseng.” Makasine ea Brazil, Veja, e tlaleha hore bakoeteli le masholu a likhoka ba nketse likoko sebaka linthong tseo bana ba li tšabang Brazil. Taiwan, likolong ho rutoa ho thibela ho koeteloa, ’me United States teng, ho behiloe lik’hamera tsa tšireletso likolong tsa tlhokomelo ea bana ba banyenyane e le ho thibela ho koeteloa.
Keketseho e Sekhahla ea Baeletsi ba Tšireletso
Ho eketseha ha liketsahalo tsa ho koetela le ha litaba tse ling tse amang maikutlo tse amanang le tsona ho bakile keketseho e sekhahla ea mosebetsi bakeng sa lifeme tsa tšireletso tsa praefete. Motseng oa Rio de Janeiro, Brazil, ho na le lifeme tse joalo tse fetang 500, tse kenyang chelete e etsang liranta tse limilione tse likete tse 11.
Lifeme tse ntseng li eketseha tsa machaba tsa tšireletso li ruta ho thibela ho koeteloa, li phatlalatsa litlaleho tsa libaka tse kotsi, ’me li tšoara lipuisano tsa ho tšohla thekollo. Li eletsa malapa le lik’hamphani, li a ruta maqheka a bakoeteli le ho a thusa ho sebetsana ka katleho le maikutlo. Lifeme tse ling li bile li leka ho tšoara bakoeteli le ho khutlisa chelete ea thekollo ka mor’a hore motšoaruoa a lokolloe. Leha ho le joalo, litšebeletso tsa tsona lia lefelloa.
Ho sa tsotellehe boiteko bo joalo, ho koetela ho ntse ho eketseha linaheng tse ngata. Ha a bua ka boemo bona Latin America, Richard Johnson, eo e leng motlatsi oa mopresidente oa Seitlin & Company, o re: “Sohle se lebeletsoeng ke hore liketsahalo tsa ho koetela li tla eketseha.”
Mabaka a Keketseho
Litsebi li fana ka mabaka a ’maloa a keketseho morao tjena. Lebaka le leng ke boemo bo sithabetsang ba moruo libakeng tse ling. Mosebetsi e mong oa liphallelo toropong ea Nal’chik, Russia, o ile a re: “Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho fumana chelete ke kofuto ena e tsebahalang, ho koetela.” Lirephabliking tse ling tsa moo e neng e le Soviet Union, ho boleloa hore ho koetela ho sebelisetsoa ho fa mabotho a praefete a baeta-pele ba moo ba lihlopha tse loanang tšehetso ea lichelete.
Batho ba bangata ba tsamaea ka mabaka a khoebo kapa e le bahahlauli ho feta leha e le neng pele, kahoo ba bula libaka tse ncha tseo bakoeteli ba ka tsomang liphofu ho tsona. Palo ea melata e ileng ea koeteloa e imenne habeli lilemong tse hlano tse fetileng. Pakeng tsa 1991 le 1997, bahahlauli ba ile ba koeteloa linaheng tse ka bang 26.
Bakoeteli baa bohle ba tsoa hokae? Likhohlano tse ling tsa sesole lia lala, li siea bao e neng e le masole ba se na mosebetsi, ’me ba hloka chelete. Batho bana ba na le tsebo eohle e hlokahalang bakeng sa ho etsa khoebo ena e kenyang chelete.
Ka ho tšoanang, ho sebelisoa ha mekhoa e atlehang haholoanyane ea ho thibela bosholu ba likhoka libankeng le ho khina khoebo ea lithethefatsi ho entse hore linokoane tsena li sebelise ho koetela e le tsela e ’ngoe ea ho kenya chelete. Mike Ackerman, eo e leng setsebi litabeng tsa ho koetela, o ile a hlalosa: “Ha re ntse re thatafatsa ho etsoa ha tlōlo ea molao thepeng lichabeng tsohle, hoo ho qobella hore tlōlo ea molao e etsoe ho batho.” Ho phatlalatsoa ha litefello tse holimo tsa thekollo ho ka boela ha susumetsa ba bang bao e ka ’nang ea e-ba bakoeteli.
Hase Kamehla e Leng ka Sepheo se Tšoanang
Bakoeteli ba bangata ba ipatlela chelete feela. Chelete ea thekollo e batloang e fapana ho tloha ho liranta tse seng kae ho isa ho e ngata ka ho ikhethang ea liranta tse limilione tse 364 e kileng ea lefelloa morui e mong oa litša, Hong Kong, ea sa kang a lokolloa le hoja chelete e ile ea lefshoa.
Ka lehlakoreng le leng, bakoeteli ba bang ba ’nile ba sebelisa liphofu tsa bona bakeng sa ho batla tlhokomelo, lijo, meriana, liea-le-moea le likoloi esita le likolo tse ncha, litsela le lipetlele. Ofisiri e ’ngoe e khōlō e ileng ea koeteloa Asia e ile ea lokolloa ka mor’a hore bakoeteli ba eona ba fuoe liaparo tsa libapali tsa basketball le libolo. Mekhatlo e meng e boetse e sebelisa ho koetela bakeng sa ho tšosa le ho tlatsa bo-ramatsete ba melata le bahahlauli tšabo, ka sepheo sa ho emisa tšebeliso e mpe ea naha le mehloli ea eona ea lintho tsa tlhaho.
Kahoo, lipheo li ngata, mekhoa e mengata, bakoeteli ba ka ’na ba e-ba bangata esita le liphofu li ka ’na tsa e-ba ngata. Na mekhoa ea tharollo le eona e mengata joalo? E meng ea eona ke efe, hona na e ka hla ea rarolla bothata? Pele re arabela lipotso tseo, a re ke re hlahlobeng tse ling tsa lisosa tse tebileng haholoanyane tse bakang keketseho e sekhahla ea khoebo ea ho koetela.
[Lebokose le leqepheng la 21]
Haeba U Koetetsoe
Ba ileng ba fuputsa taba ena ba fana ka litlhahiso tse latelang ho batho ba ka ’nang ba koeteloa.
• E-ba le tšebelisano, qoba ho ba manganga. Batšoaruoa ba tletseng khanyetso ba atisa ho tšoaroa ka sehlōhō, ’me ba ba kotsing e khōloanyane ea ho bolaoa kapa ho fuoa kotlo e sa tšoaneng le ea ba bang.
• U se ke ua tšoha. Hopola hore liphofu tse ngata li tsoela pele ho phela ka mor’a ho koeteloa.
• Ipatlele tsela ea ho bala nako.
• Leka ho theha kemiso e tšoanang letsatsi le leng le le leng.
• Ikoetlise, le hoja mohlomong u ka ba le menyetla e fokolang ea ho itšisinya.
• E-ba hlokolosi; leka ho hopola makolopetso, melumo le menko. Ithute makolopetso a amanang le bakoeteli ba hao.
• Qoqa ho se hokae le bona haeba ho khoneha ’me u leke ho rala mocha oa puisano. Haeba bakoeteli ba u nka u le motho, hase hangata ba ka u ntšang kotsi kapa ba u bolaea.
• Ba hlokomelise litlhoko tsa hao ka tsela e nang le tlhompho.
• Le ka mohla u se ke ua leka ho buisana le bona ka thekollo ea hao.
• Haeba u iphumana u le boemong boo ho bona ho etsoang boiteko ba ho u pholosa, manama fatše ’me u se ke ua sisinyeha u lebelle ha ngoale e khiba.
[Lebokose le leqepheng la 22]
Inshorense ea ho Koeteloa—Taba e Tsosang Khang
Indasteri e ’ngoe e hōlang ka sekhahla e amanang le ho eketseha ha liketsahalo tsa ho koetela ke ea inshorense. Lloyd’s of London e bile le keketseho ea karolo ea 50 lekholong inshorenseng ea ho koeteloa lilemong tsa bo-1990. Lik’hamphani tse ntseng li eketseha li fana ka inshorense e joalo. Inshorense e koahela litšenyehelo bakeng sa thuso ea motho ea tšoarang lipuisano le mokoeteli, ho lefshoa ha thekollo, ’me ka linako tse ling le boiteko ba litsebi ba ho leka ho khutlisa thekollo. Leha ho le joalo, taba ea inshorense e tsosa khang e khōlō.
Ba khahlanong le inshorense ea ho koeteloa ba bolela hore ke ho hoeba ka tlōlo ea molao le hore ho etsa chelete ka ho koeteloa ho khahlanong le litekanyetso tse amohelehang. Ba boetse ba bolela hore motho ea nkileng inshorense a ka ’na a se ke a tsotella ho itšireletsa le hore inshorense e tla nolofatsa mosebetsi oa bakoeteli oa ho batla chelete ka mahahapa, kahoo ke ho khothalletsa mosebetsi ona oa bonokoane. Ba bang ba bile ba tšaba hore ho ba teng ha inshorense ho tla khothalletsa batho hore ba hlophise hore ba koeteloe e le hore ba fumane chelete ea inshorense. Inshorense ea ho koeteloa e thibetsoe ka molao Colombia, Jeremane le Italy.
Ba tšehetsang inshorense ea ho koeteloa ba bontša hore joaloka inshorense leha e le efe e ’ngoe, e etsa hore ba bangata ba lefelle tahlehelo ea ba seng bakae. Ba fana ka lebaka la hore inshorense e fana ka tekanyo e itseng ea tšireletseho, kaha e nolofalletsa malapa le lik’hamphani tse nang le inshorense ho fumana thuso ea litsebi tse tšoanelehang, tse ka etsang hore batho ba khobe matšoafo, tsa tšoara lipuisano bakeng sa ho tšohla thekollo e tlaase le ho etsa hore ho be bonolo ho tšoara bakoeteli.
[Lebokose le leqepheng la 23]
Boloetse ba Stockholm
Ka 1974 ho koeteloa ha Patty Hearst, morali oa ralibilione ea hlahisang likoranta Randolph A. Hearst, ho ile ha makatsa ba bangata ha a ema ka lehlakoreng la bakoeteli ba hae ’me a kopanela le sehlopha seo bosholung ba likhoka. Ketsahalong e ’ngoe sebapali se seng sa bolo ea maoto sa Spain se ileng sa koeteloa se ile sa tšoarela bakoeteli ba sona sa ba sa ba lakaletsa mahlohonolo.
Mathoasong a bo-1970, ketsahalo ena e ile ea rehoa Boloetse ba Stockholm, e reheletsoe ka tšoantšiso ea 1973 ea batho ba ileng ba koeteloa bankeng ea Stockholm, Sweden. Ketsahalong eo ba bang ba batšoaruoa ba ile ba hlaolela botsoalle bo khethehileng le baholehi ba bona. Setsoalle se joalo se ’nile sa sebeletsa e le tšireletso ho ea koetetsoeng, joalokaha buka e reng Criminal Behavior e hlalosa: “Ha phofu le moholehi oa eona ba ntse ba tloaelana, ba ba le tšekamelo e khōloanyane ea ho ratana. Ketsahalo ena e bontša hore ha nako e ntse e ea mokoeteli a ka ’na a se ke a hlola a ntša motšoaruoa kotsi.”
Phofu e ’ngoe ea Lenyesemane ea Chechnya e ileng ea betoa e ile ea re: “Ke lumela hore ha molebeli eo a qala ho re tseba ka bomong o ile a hlokomela hore ho fosahetse hore a mpete. O ile a khaotsa ho beta ’me a kōpa tšoarelo.”
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Ho litho tsa lelapa ho koeteloa ke boemo bo bong bo tsielehisang le bo sithabetsang maikutlo ka ho fetisisa boo motho a ka bo nahanang
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Liphofu li hloka matšeliso
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Liphofu tse ngata li koalloa ho sa bontšoe kameho e kaalo ka litlhoko tsa tsona tsa ’mele le tsa bohloeki