Lekhalo Pakeng Tsa Barui le Bafutsana Lea Eketseha
“Ho bile le khatelo-pele e khōlō ho fokotseng bofutsana lefatšeng ka kakaretso lilemong tse mashome a mahlano tse fetileng ho feta lilemong tse makholo a mahlano tse fetileng,” ke kamoo khatiso ea Lenaneo la Ntšetso-pele la Machaba a Kopaneng e bitsoang UNDP Today e bolelang kateng. “Linaha tse tsoelang pele li fokolitse palo ea bana ba shoang ka halofo ho tloha ka 1960, li fokolitse ho haelloa ke phepo e nepahetseng ka karolo e le ’ngoe ho tse tharo ’me li ekelitse palo ea [ba ngolisetsang ho kena] sekolo ka kotara e le ’ngoe.” Leha ho le joalo, oona mohloli oo oa lumela hore ho sa tsotellehe khatelo-pele ena, bofutsana “e ntse e le kobo-anela” lefatšeng ka kakaretso.
Ho hobe le ho feta ke hore ho se lekane ka maemo ho ipha matla ka har’a sechaba se le seng le pakeng tsa lichaba tse fapaneng. Motsamaisi e moholo oa Lenaneo la Machaba a Kopaneng la Lijo Tsa Lefatše, Catherine Bertini, o re: “Ha ho bapisoa le selemong se fetileng, batho ba bangata ka ho eketsehileng lefatšeng ba bothateng ba ho haelloa ke phepo e nepahetseng le ba tlala.” Ha e le hantle, kajeno batho ba ka bang limilione tse 840 ba linaheng tse tsoelang pele baa robala ba bile ba tsoha ka tlala, ba fetang limilione tse sekete ha ba na metsi a hloekileng ao ba ka a noang, ’me batho ba ka bang limilione tse likete tse 1,5 ba iphelisa ka chelete e ka tlaase ho liranta tse tšeletseng ka letsatsi. Mary Robinson, eo e leng Mokomishinara e Moholo oa Machaba a Kopaneng lefapheng la Litokelo tsa Botho, o lemosa hore “re kotsing ea ho fihla boemong boo ho bona lefatše le se nang ho arohana feela ka linaha tse tsoelang pele le tse tsoetseng pele, empa le tla arohana hore e be [linaha] tse tsoetseng pele haholo le tseo ho seng mohla li tla ke li tsoele pele.”
Ho tla hlokahala eng hore lefatše la kajeno le nang le batho ba limilione tse likete tse tšeletseng le koale lekhalo lee le pakeng tsa barui le bafutsana? Ho honyenyane ho feta kamoo motho a ka nahanang kateng. Machaba a Kopaneng a hakanya hore ho ka hlokahala liranta tse ling tse limilione tse likete tse 54 (R9 motho ka mong) ka selemo bakeng sa ho etsa hore ho be le tsamaiso ea likhoerekhoere le metsi a hloekileng lefatšeng ka bophara le hore ho ka hlokahala liranta tse ling tse ka bang limilione tse likete tse 78 (hoo e ka bang R12 motho ka mong) ka selemo ho netefatsa hore e mong le e mong lefatšeng o fumana tlhokomelo ea motheo ea bophelo le phepo e nepahetseng. Le hoja chelete ena e le ngata, e bonahala e se letho ha e bapisoa le chelete eo lefatše le e sebelisang litšebeletsong tse ling. Ka mohlala, selemong se seng ho tse sa tsoa feta, lefatše le ile la sebelisa liranta tse libilione tse 2,6 (e ka holimo ho R400 motho ka mong) phatlalatsong le liranta tse libilione tse 4,7 (R770 motho ka mong) litabeng tsa sesole. Ka ho hlakileng, ho koala lekhalo pakeng tsa barui le bafutsana ba teng lefatšeng hase hakaalo taba ea ho fumana chelete e lekaneng empa ke taba ea ho beha lintho tse tlang pele sebakeng sa pele.