Makhoba ke Bo-mang Kajeno?
NAHANA feela ka lipalo. Ho hakanngoa hore bana ba pakeng tsa limilione tse 200 le tse 250 ba ka tlaase ho lilemo tse 15 ba qeta boholo ba lihora tsa bona tsa letsatsi ba sebetsa. Bana ba etsang kotara ea milione, ba bang ba sa le bonyenyane ba lilemo tse supileng, ba ile ba kenngoa lintoeng tsa lihlomo selemong sa 1995 le 1996 feela, kahoo ba bang ba bona ba fetohile makhoba a ntoa. Palo ea basali le bana ba rekisoang e le makhoba selemo le selemo e hakanyetsoa ho ba ka holimo ho milione.
Empa lipalo feela li ke ke tsa senola tsieleho eo batho bana e ka ’nang eaba ba ba ho eona. Ka mohlala, naheng e ’ngoe ea Afrika e ka leboea, mongoli Elinor Burkett o ile a kopana le Fatma, e leng mosali e mocha ea ileng a khona ho baleha ho mong’a hae ea sehlōhō. Leha ho le joalo, ka mor’a hore a buisane le eena, Burkett o ile a hlokomela hore Fatma “o tla lula e le lekhoba ka ho sa feleng, kelellong ea hae.” Na Fatma a ka nahana ka bokamoso bo molemonyana? Burkett o re: “O sitoa ho bona ka nģ’ane ho mafube. Bokamoso ke e ’ngoe ea likhopolo tse ngata tse thata ho utloisiseha tseo a sa nahaneng ka tsona.”
E, le ka oona motsotso ona, batho-’moho le rōna ba limilione ke makhoba a se nang tšepo. Ke hobane’ng hona ke joang batho baa kaofela ba fetohang makhoba? Ba kentsoe bokhobeng ba mofuta ofe?
Barekisi ba Batho
Bukana ea bohahlauli e ajoang United States ha ea ka ea hlatha koana le koana: “Maeto a ho ea Thailand a ho hahlaulela likamano tsa botona le botšehali. Banana ba sebele. Likamano tsa sebele tsa botona le botšehali. Ka theko e hlileng e leng tlaase. . . . Na u ne u tseba hore u ka reka moroetsana ka theko e tlaase ea $200 [R1 230]?” Seo bukana ena e sa kang ea se bolela ke hore “baroetsana” bana ho ka etsahala hore ebe ba koetetsoe kapa ba rekiselitsoe matlo a botekatse ka mahahapa, moo ka karolelano ba robalang le batho ba ka bang 10 ho isa ho ba 20 ka letsatsi. Haeba ba sa fane ka litšebeletso tsa likamano tsa botona le botšehali, baa otloa. Ha ho qhoma mollo ntlong e ’ngoe ea matekatse Sehlekehlekeng sa Phuket, e leng sebaka sa phomolo se ka boroa ho Thailand, matekatse a mahlano a ile a cha lore. Hobane’ng? Hobane beng ba ’ona ba ne ba a tlamelletse libetheng e le ho a thibela hore a se ke a baleha kholehong ea ’ona.
Basetsana baa ba tsoa hokae? Ho ea ka tlaleho, karolo ena ea khoebo ea likamano tsa botona le botšehali e tlatsitsoe ka banana le basali ba limilione ba tsoang lefatšeng ho pota ba ’nileng ba koeteloa, ba nkoa ka mahahapa le ho rekisoa hore e be matekatse. Khoebo ea machaba ea likamano tsa botona le botšehali e atlehisoa ke motsoako oa bofutsana bo linaheng tse tsoelang pele, ho hafa ka nkatana ho linaheng tse ruileng le melao e hlokomolohang khoebo ea machaba e seng molaong le ho holehoa ka mosebetsi.
Mekhatlo ea basali ea Asia Boroa-bochabela e hakantse hore ho tloha bohareng ba bo-1970 ho isa mathoasong a bo-1990, ho rekisitsoe basali ba limilione tse 30 lefatšeng ka bophara. Barekisi bana ba seng molaong ba batho ba fepetla liteishene tsa literene, metsana e futsanehileng le literata tsa metse ho batla banana le basali ba bacha ba bonahalang ba ka hlaseleha habonolo. Hangata liphofu e ba batho ba sa rutehang, likhutsana, batho ba se nang mang-oee, kapa bahloki. Ba etsetsoa litšepiso tsa bohata tsa mosebetsi, ba isoa linaheng lisele, ’me ebe ba rekisetsoa libaka tsa matekatse.
Ho tloha ha puso ea Bokomonisi e qhalana ka 1991, ho ile ha qala ho hlahella banana le basali ba futsanehileng. Ho tlosoa ha lithibelo, ho tsamaisoa ha likhoebo ke batho ka bomong le ho eketseha ha ho se lekane ha maemo a batho ho ekelitse tlōlo ea molao, bofutsana le ho hlokeha ha mosebetsi. Hona joale basali le banana ba bangata ba Russia le Europe Bochabela ba fetohile mohloli oa tsoala khoebong ea machaba ea botekatse bo hlophisitsoeng. Eo e neng e le Mokomishinara oa Toka Europe, Anita Gradin, o ile a re: “Ho na le likotsi tse fokolang ha u etsa khoebo e seng molaong ka batho ho e-na le ho etsa khoebo e seng molaong ka lithethefatsi.”
Bongoana bo Lahlehileng
Fekthering e ’ngoe e nyenyane ea k’hapete, Asia, bana ba banyenyane ba ka bang lilemo li hlano ba sebetsa ho tloha ka hora ea 4 hoseng ho fihlela ka 11 bosiu ba sa lefuoe. Maemong a mangata bana ba sebetsang ka thata joaloka bana ba tobana le maemo a behang bophelo kotsing: mechine e kotsi, lihora tse telele sebakeng se nang le khanya e fokolang le moea o fokolang, ’me ba pepesehela lik’hemik’hale tse kotsi tse sebelisoang tlhahisong ea thepa.a
Ke hobane’ng ha ho hlile ho batloa bana hakaale hore e be bona basebetsi? Hobane ho sebelisa bana ho litšenyehelo li tlaase hape ka tlhaho bana baa laoleha, ba khalemeleha habonolo, ’me ba bile ba tšaba ho tletleba. Bahiri bana ba sa lokang ba bona ’mele ea bona e menyenyane le menoana ea bona e kobehang habonolo e le letlotlo bakeng sa ho etsa mesebetsi ea mefuta e itseng, e kang ea ho loha k’hapete. Hangata bana ba joalo ba fuoa mesebetsi ha batsoali ba bona ba lutse mahae ba hloka mosebetsi.
Ho tlatselletsa mesarelong ea bona, bana ba sebelisoang malapeng ba kotsing e khōloanyane ea ho hlekahlekoa ka likamano tsa botona le botšehali le ho hlekefetsoa ’meleng. Bana ba bangata baa koeteloa, ba koalloa likampong tse hōle, ’me bosiu baa holehoa e le hore ba se ke ba thoba. Motšehare ba ka ’na ba sebelisetsoa ho haha litsela le ho fata majoe.
Tsela e ’ngoe eo ba lahleheloang ke bongoana ka eona ke ka ho nyalloa ho ba makhoba. Mokhatlo oa Machaba oa Toantšo ea Bokhoba o hlalosa boemo bo tloaelehileng: “Ngoanana ea lilemo li 12 o bolelloa hore lelapa labo le hlophisitse hore a nyaloe ke monna-moholo ea lilemo li 60. Kamoo ho bonahalang kateng o na le tokelo ea ho hana, empa kamoo ho etsahalang kateng ha a na monyetla oa ho sebelisa tokelo eo ea hae ebile ha a tsebe le hore a ka e sebelisa.”
Makhoba a Sekoloto
Basebetsi ba likete tse makholo ba holehiloe ke bahiri ba bona le libaka tseo ba sebetsang ho tsona ka lebaka la likalimo tseo bona kapa batsoali ba bona ba li alimiloeng. Hangata, ho holehoa ke mosebetsi ho etsahala haholo libakeng tsa temo, moo basebetsi ba sebetsang e le basebetsi ba etsang ntho e ’ngoe le e ’ngoe kapa e le lihoai. Maemong a mang, likoloto li tloha molokong o mong li fetela ho o mong, e le ho tiisa hore litho tsa lelapa li lula li le kholehong ho isa khale. Maemong a mang, bahiri ba kolotoang chelete ba rekisetsa mohiri e mocha sekoloto seo. Maemong a mang a feteletseng, basebetsi ba holehiloeng ha ba lefuoe letho bakeng sa mosebetsi oohle oo ba o etsang. Kapa ba ka ’na ba holehoa ke chelete e seng kae eo ba e alingoang esale pele moputsong oa bona, eo ba tlamehang ho lula ba e alima, e le hore ba holehoe ke mohiri oa bona.
Bokhoba ba Lineano
Binti, ea tsoang Afrika Bophirimela, o lilemo li 12 ’me ke e mong oa banana ba likete ba sebeletsang e le trocosi, eo ka puo ea Seewe e bolelang “makhoba a melimo.” O qobeletsoe ho phela bophelo ba bokhoba le ba ho koahela tlōlo ea molao e sa etsoang ke eena—ea ho betoa ho felletseng ka hore a tsoaloe! Hona joale mesebetsi ea hae e lekanyelitsoe mesebetsing ea ntlo feela ha moprista oa moo oa lithatho. Hamorao, mesebetsi ea Binti e tla eketseha e akarelletse ho fana ka litšebeletso tsa likamano tsa botona le botšehali ho moprista, eo e leng mong’a hae. Joale ha a le lilemong tse bohareng, Binti o tla nkeloa sebaka ke e mong—moprista o tla fumana banana ba bang ba ipiletsang ba tla mo sebeletsa e le trocosi.
Liphofu tse ngata tsa neano ea bokhoba ho tšoana le Binti li lokolloa ke ba malapa abo tsona hore li sebetse e le makhoba e le ka boiteko ba ho koahela ketso e hlalosoang e le sebe kapa tlōlo ea taelo e halalelang. Likarolong tse ’maloa tsa lefatše, banana kapa basali ba qobelloa ho etsa mesebetsi e itseng ea bolumeli le ho fana ka litšebeletso tsa likamano tsa botona le botšehali ho baprista kapa batho ba bang—ho behoa lebaka-’mōtoana la hore basali bao ba nyetsoe ke melimo. Maemong a mangata basali bao ba etsa le mesebetsi e meng eo ba sa e lefelloeng. Ha ba na bolokolohi ba ho fetola sebaka seo ba lulang ho sona kapa mosebetsi oo ba o etsang ’me hangata ba lula kholehong moo ka lilemo tse ngata.
Tloaelo ea ho Reka le ho Rekisa Makhoba
Le hoja linaha tse ngata li bolela hore li felisitse bokhoba ka molao, libakeng tse ling ho ’nile ha boela ha e-ba le keketseho morao tjena tloaelong ea ho reka le ho rekisa makhoba. Hangata sena se etsahala libakeng tse harasantsoeng ke ntoa ea lehae kapa ntoa ea libetsa. Mokhatlo oa Machaba oa Toantšo ea Bokhoba oa tlaleha: “Libakeng tseo ntoa e kupang ho tsona tsamaiso ea molao e fanyehiloe ka ho feletseng, ’me masole le mabotho a hlometseng a khona ho qobella batho hore ba a sebeletse a sa ba lefe . . . a sa tšabe hore a tla ahloloa; liketso tse joalo li ’nile tsa tlalehoa ka bongata libakeng tse laoloang ke lihlopha tse hlometseng tse sa amoheloeng ka molao ke machaba.” Leha ho le joalo, ho ea ka oona mokhatlo oo, “ho boetse ho bile le litlaleho morao tjena tsa hore masole a ’muso a qobella batho ba seng sesoleng ho sebetsa e le makhoba, ka thōko ho tokisetso leha e le efe ea molao. Ho ’nile ha boela ha tlalehoa hore masole le mabotho a hlometseng a ameha khoebong ea makhoba, a rekisa batho bao a ba hapileng hore ba sebeletse ba bang.”
Ka masoabi, thohako e tlisoang ke bokhoba e ntse e hlokofatsa moloko oa batho ka mefuta e mengata le ka litsela tse ngata tsa boikhakanyo. Ak’u khefutse ’me u nahane hape ka lipalo tse amehang—batho ba limilione ba phelang ka thata e le makhoba lefatšeng ho pota. Ebe u nahana ka lekhoba le le leng kapa a mabeli a kajeno ao u balileng lipale tsa ’ona maqepheng ana—mohlomong Lin-Lin kapa Binti. Na u batla ho bona tlōlo ea molao ea bokhoba ba kajeno e emisa? Na ho felisoa ha bokhoba e tla ke e be ntho ea sebele? Pele sena se etsahala, ho tlameha ho etsahale liphetoho tse khōlō. Ka kōpo bala ka liphetoho tsena sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona lihlooho tse buang ka ho sebelisoa ha bana ka thata tokollong ea Tsoha! ea June 8, 1999.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
HO BATLA THAROLLO
Mekhatlo e sa tšoaneng e molaong, e kang Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana le Mokhatlo oa Machaba oa Basebetsi, e sebetsa ka matla ho rala le ho sebelisa maano a ho felisa bokhoba ba kajeno. Ho phaella moo, mekhatlo e mengata eo e seng ea ’muso, e kang Mokhatlo oa Machaba oa Toantšo ea Bokhoba le oa Tlhokomelo ea Litokelo Tsa Botho, e entse boiteko bo matla ba ho hlokomelisa sechaba ka ho eketsehileng ka bokhoba ba kajeno le ho lokolla ba bokhobeng litlamong tsa bona. E meng ea mekhatlo ena e tsitlallela hore ho sebelisoe mabitso a itseng a khethehileng a tlang ho bontša hore thepa eo ha ea etsoa ke makhoba kapa bana ba sebelisoang ka thata. E le hore batho ba kopanelang likamano tsa botona le botšehali le bana ba qosoe ha ba khutlela linaheng tsa habo bona, mekhatlo e meng e ipiletsa ho tsamaiso ea molao linaheng tseo “maeto a ho hahlaulela likamano tsa botona le botšehali” a qalang ho tsona. Baloaneli ba bang ba litokelo tsa botho ba bile ba lefa barekisi ba makhoba le beng ba ’ona chelete e ngata e le hore ba lokolle makhoba a mangata kamoo ba ka khonang. Sena se bakile phehisano e itseng, kaha mokhoa o joalo o ka hlahisa khoebo e kenyang chelete ea makhoba ’me oa phahamisa theko ea ’ona.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Banana ba bangata ba banyenyane ba qobelloa ho kena lenyalong
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
UNITED NATIONS/J.P. LAFFONT
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Mola o eang lijong oa makhoba a holehiloeng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ricardo Funari
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ka linako tse ling bana ba banyenyane ba qobelloa ho kenela tšebeletso ea sesole
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
UNITED NATIONS/J.P. LAFFONT