Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 3/8 maq. 3-4
  • Lekunutu le Bolokiloeng ka Thata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lekunutu le Bolokiloeng ka Thata
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Tokoloho ke ea Bohle?
  • Na Molimo o Ile a Iphapanyetsa Khoebo ea Makhoba?
    Tsoha!—2001
  • Na Bibele e Khothalletsa Bokhoba?
    Tsoha!—2011
  • Makhoba ke Bo-mang Kajeno?
    Tsoha!—2000
  • Bokhoba—Seoa se Ntseng se Tsoela Pele
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 3/8 maq. 3-4

Lekunutu le Bolokiloeng ka Thata

“Ha ho ea tlang ho bolokoa bokhobeng kapa kholehong: bokhoba le khoebo ea makhoba li tla thibeloa ka mefuta eohle ea tsona.”—Phatlalatso E Akaretsang Ea Litokelo Tsa Botho.

LEKHETLONG le latelang ha u nōka kofi ea hao ka tsoekere, nahana ka Prevot, Mohaiti ea ileng a tšepisoa mosebetsi o lefang hantle naheng e ’ngoe ea Caribbean. Ho fapana le hoo, o ile a rekisoa R50.

Prevot o tšoana le batho ba bang ba habo ba likete ba entsoeng makhoba ba qobelloang ho kotula ’moba ka likhoeli tse tšeletseng kapa tse supileng ebe ba fuoa chelete e fokolang kapa ba se ke ba fuoa letho. Baholehuoa bana ba holehiloe moo ba petetsaneng le maemong a litšila. Ka mor’a hore lintho tsa bona li nkuoe, ba fuoa lithipa tse khōlō. E le hore ba fumane lijo, ba tlameha ho sebetsa. Haeba ba ka leka ho thoba, ba ka ’na ba otloa.

Nahana ka boemo ba Lin-Lin, e leng ngoanana ea tsoang Asia Boroa-bochabela. O ne a le lilemo li 13 ha a shoeloa ke ’m’ae. Mokhatlo o thusang ho koala likheo tsa mosebetsi o ile oa mo reka ho ntat’ae ka R2 940, o tšepisa ho mo fa mosebetsi o lefang hantle. Chelete eo a ileng a e lefelloa ho ile ha thoe ke “ea moputso oa hae e lefuoang esale pele”—e leng tsela ea ho tiisa hore o hlile o tlamelloa ho beng ba hae ho-ea-ho-ile. Ho fapana le hore a fuoe mosebetsi o hlomphehang, Lin-Lin o ile a isoa ntlong ea matekatse, moo batho ba eang ho eona ho ea sebeletsoa ba lefang mong’a hae R25 ka hora bakeng sa hae. Ha e le hantle, Lin-Lin ke motšoaruoa, kaha a ke ke a tsamaea ho fihlela sekoloto sa hae se lefiloe. Sena se akarelletsa litšenyehelo tseo a li baketseng mong’a ntlo ea matekatse ho phaella ho tsoala le litšenyehelo tse ling. Haeba Lin-Lin a hana ho phetha litakatso tsa bahiri ba hae, a ka ’na a otloa kapa a hlokofatsoa. Ho hobe le ho feta ke hore haeba a ka leka ho thoba, a ka ’na a bolaoa.

Na Tokoloho ke ea Bohle?

Batho ba bangata ba nahana hore bokhoba ha bo sa le eo. Ke ’nete hore ka mor’a hore ho tšoaroe liboka tse ngata, ho etsoe liphatlalatso le litaelo tse ngata, ho ’nile ha phatlalatsoa ka molao hore bo felisitsoe linaheng tse ngata. Hohle ho boleloa ka matla hore bokhoba ke ntho e nyonyehang. Melao e etsoang ke lichaba e thibela bokhoba, ’me ho felisoa ha bona ho nkoa ho halalela litokomaneng tsa machaba tsa molao—haholo-holo Temaneng ea 4 ea Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo Tsa Botho ea 1948, e qotsitsoeng ka holimo.

Leha ho le joalo, bokhoba bo ntse bo tsoela pele ’me boa atleha—le hoja ho ba bang e le lekunutu le bolokiloeng ka thata. Ho tloha Phnom Penh ho ea Paris, ho tloha Mumbai ho ea Brasília, batho-’moho le rōna ba limilione—banna, basali le bana—ba qobelloa ho phela le ho sebetsa e le makhoba kapa maemong a kang a bokhoba. Mokhatlo oa Machaba oa Toantšo ea Bokhoba o London, e leng oa khale ka ho fetisisa lefatšeng o lekolang maemo a batho ba qobelloang ho sebetsa, o hakanya hore palo ea batho ba kholehong ke ba limilione tse makholo. Ha e le hantle, e ka ’na eaba ho na le makhoba a mangata lefatšeng kajeno ho feta leha e le neng pele!

Ke ’nete hore litšoantšo tse tloaelehileng tsa liketane, liphali le lifantisi ha li sa tloaelehile bokhobeng ba kajeno. Ho qobelloa ho sebetsa, ho nyalloa bokhoba, ho holehoa ka sekoloto, ho sebelisoa ha bana ka thata, ’me hangata le botekatse e mpa e le mefuta e meng feela e batlang e tsebahala ea bokhoba. Makhoba e ka ’na ea e-ba makhabunyane, bapalami ba likamele, ba helang ’moba, lilohi tsa lik’hapete kapa lihahi tsa litsela. Ke ’nete hore a mangata a ’ona ha a rekisoe fantising ea sechaba, empa seo ha se hlile hase etse hore a be boemong bo molemonyana ho feta ba a bileng teng pele ho ’ona. Maemong a mang bophelo ba ’ona bo bile bo utloisa bohloko le ho feta.

Ke bo-mang ba fetohang makhoba? Ba fetoha makhoba joang? Ho etsoa eng ho ba thusa? Na ho felisoa ha bokhoba ka ho feletseng ho atametse?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 4]

BOKHOBA BA KAJENO KE ENG?

Ena ke potso eo esita le Machaba a Kopaneng a thatafalloang ke ho e araba ka mor’a ho leka ka lilemo tse ngata. Tlhaloso e ’ngoe ea bokhoba ke e ileng ea qaptjoa ke Seboka sa Bokhoba sa 1926, se ileng sa re: “Bokhoba ke boemo bo khethollang motho kapa boo a phelang ho bona boo ho sebelisoang matla leha e le afe kapa ’ohle a bonghali ho mo laola.” Ho ntse ho le joalo, polelo eo e ntse e ka hlalosoa ka litsela tse fapaneng. Ho ea ka moqolotsi oa litaba Barbara Crossette, “bokhoba ke lebitso le sebelisoang ho basebetsi ba lefuoang moputso o tlaase liindastering tse ngata tsa liphahlo le liaparo tsa libapali linaheng tse ling le lifekthering tse sebelisang basebetsi ba tsona lihora tse ngata empa li ba lefa moputso o tlaase metseng e meholo ea Amerika. Bo sebelisetsoa ho nyatsa khoebo ea likamano tsa botona le botšehali le ho sebelisoa ha batšoaruoa ka thata.”

Mike Dottridge, e leng motsamaisi oa Mokhatlo oa Machaba oa Toantšo ea Bokhoba, o lumela hore “kaha ho bonahala bokhoba bo ntse bo nka libōpeho tse ncha—kapa kaha lentsoe leo le sebelisetsoa maemo a ntseng a eketseha—ho na le kotsi ea hore moelelo oa lona o tla hlapolloa kapa esita le ho felisoa.” O nahana hore “bokhoba bo khetholloa ka ho sebelisa taolo kapa matla holim’a bophelo ba motho e mong.” Bo akarelletsa ho hatella ka likhoka le ho thibela motsamao oa motho e mong—e leng ’nete ea hore “motho e mong ha a na bolokolohi ba ho tsamaea, ba ho fetola mohiri.”

A. M. Rosenthal, ha a ngola ho The New York Times, o re: “Makhoba a phela bophelo ba bokhoba—a sebetsa ka thata tlas’a khatello, aa betoa, aa lapa, aa hlokofatsoa, a theoloa seriti ka ho feletseng.” O ile a tsoela pele: “Lidolara tse 50 [R300] li reka lekhoba, kahoo ha ho hlile ha ho tsotellehe [ho beng ba ’ona] hore na a phela nako e telele hakae pele litopo tsa ’ona li lahleloa ka nōkeng e ’ngoe.”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Ricardo Funari

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela