Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 4/8 maq. 16-19
  • El Niño ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • El Niño ke Eng?
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E Qala ka ho Futhumala ha Metsi
  • E Bakoa ke Moea le Metsi
  • E Tšoana le Lefika le Har’a Molapo
  • Na e ka Tsejoa Esale Pele?
  • Na ho na le ho Hong ho Phoso ka Boemo ba Leholimo?
    Tsoha!—2003
  • Ho Etsahala’ng ka Boemo ba Leholimo?
    Tsoha!—2003
  • Na Lefatše le Kotsing?
    Tsoha!—2008
  • Ho Bua ka Boemo ba Leholimo
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 4/8 maq. 16-19

El Niño ke Eng?

Ha Nōka ea Apurímac e lulang e pshele e haufi le Lima, Peru, e hohola hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Carmen a neng a e-na le eona, o ile a tletleba: “Re bangata ba boemong bo kang bona, re bangata haholo. Hase ’na feela.” Ho elella ka leboea, ka nakoana lipula tsa likhohola li ile tsa fetola sebaka se omeletseng se iphaphathileng ka Lehoatata la Sechura hore e be letša la bobeli le leholo ka ho fetisisa Peru, le nkang sebaka sa lisekoere-k’hilomithara tse 5 000. Libakeng tse ling tsa lefatše, likhohola tse matla, maholiotsoana le likomello tse e-s’o ka li bonoa li bakile tlala ea boja-likata, mafu a seoa, ho cha ha hlaha le ho senya lijalo, thepa le tikoloho. See sohle se bakoa ke eng? Ba bangata ba re ke El Niño, e ileng ea qala sebakeng se chesang se mongobo kapa se tikolohong ea equator, Leoatleng la Pacific ho elella qetellong ea 1997 ’me ea tšoarella ka likhoeli tse ka bang robeli.

Hantle-ntle El Niño ke eng? E qala joang? Ke hobane’ng ha liphello tsa eona e e-ba tse pharaletseng hakaale? Na ho tla ha e latelang ho ka boleloa esale pele ka nepo, mohlomong ha fokotsa tahlehelo ea bophelo le ea thepa tse tlisoang ke eona?

E Qala ka ho Futhumala ha Metsi

Makasine ea Newsweek e re: “Ha e le hantle, El Niño ke maqhubu a metsi a futhumetseng a bang haufi le lebōpo la leoatle, Peru, ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse peli ho isa ho tse supileng.” Ka lilemo tse fetang lekholo, basesisi ba likepe ba sesisetsang lebōpong la Peru ba ’nile ba hlokomela ho futhumala hoo. Kaha maqhubu ana a futhumetseng a atisa ho ba teng nakong ea Keresemese, a ile a rehoa El Niño, e leng lentsoe la Sepanishe le bolelang Jesu oa lesea.

Ho futhumala ha metsi a lebōpong la leoatle la Peru ho bolela ho na ha pula e ngata sebakeng seo. Pula e melisa lipalesa mahoatateng le ho atlehisa mehlape. Ha lipula li le matla haholo li boetse li tlisa meroallo sebakeng seo. Ho feta moo, metsi a ka holimo a leoatle a futhumetseng a thibela metsi a ka tlaase a tletseng phepo hore a bilohe. Ka hona, libōpuoa tse ngata tse phelang metsing esita le linonyana tse ling lia falla ho ea batla lijo. Ka hona liphello tsa El Niño li utluoa le ke libaka tse ling tse hōle le lebōpo la leoatle la Peru.a

E Bakoa ke Moea le Metsi

Ke’ng se bakang ho futhumala ho sa tloaelehang ha leoatle haufi le lebōpo la Peru? Hore re utloisise sena, nahana pele ka potoloho e khōlō, e tsejoang e le Potoloho ea Walker, e potolohang sepakapakeng pakeng tsa sebaka se chesang se mongobo se ka bochabela le se ka bophirimela ho Pacific.b Ha letsatsi le futhumatsa metsi a ka holimo a leoatle le ka bophirimela, haufi le Indonesia le Australia, moea o chesang le o mongobo o nyolohela sepakapakeng, o etsa hore metsi a ka holimo a be bobebe. Moea o nyolohang oa bata ’me o lahla mongobo oa oona, o tlisa pula sebakeng seo. Moea o ommeng o lebisoa bochabela ke meea e teng ho elella holimo sepakapakeng. Ha o ntse o leba bochabela, moea oo o ntse o bata le ho ba boima haholoanyane ’me o qala ho theohela tlaase ha o fihla Peru le Ecuador. Sena se etsa hore moea o ka holim’a leoatle o be boima. ’Me ha o le sebakeng se tlaase, moea o tsejoang ka hore ke moea o fokelang equator o khutlela bophirimela o leba Indonesia, kahoo o phetha potoloho.

Moea o fokelang equator o ama mocheso le mohatsela oa sebaka se chesang se mongolo sa Pacific joang? Newsweek e re: “Ka tloaelo moea ona o sebetsa joaloka moea o fokang hasesaane letangoaneng, o phahamisa metsi a futhumetseng a leoatleng la Pacific le ka bophirimela ka litsoe tse peli [lisenthimithara tse 60] le ho eketsa mofuthu oa ’ona ka likhato tse 15 tsa Fahrenheit [8°C], Ecuador, e le mohlala.” Ka bochabela ho Pacific, metsi a ka tlaase a batlang a bata a tletseng phepo aa biloha, e leng ho atlehisang lintho tse phelang leoatleng. Kahoo, nakong ea boemo bo tloaelehileng, kapa ea ha El Niño e le sieo, metsi a leoatle a ka bochabela a batla a bata ho feta a ka bophirimela.

Ke liphetoho life tse bang teng sepakapakeng tse bakang El Niño? National Geographic e re: “Ka mabaka ao litsebi tsa saense li ntseng li e-s’o a utloisise, ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse seng kae meea e fokelang equator ea kokobela kapa ea nyamela.” Ha meea ena e kokobela, metsi a futhumetseng a bokellaneng haufi le Indonesia a khutlela bochabela, a nyolla mocheso oa metsi a leoatle Peru le libakeng tse ling tse ka bochabela. Ka lehlakoreng le leng, sena se ba le phello e itseng boemong ba sepakapaka. Buka e ’ngoe ea litšupiso e re: “Ho futhumala ha Leoatle la Pacific sebakeng se chesang se mongolo ho fokolisa Potoloho ea Walker ’me ho etsa hore maru a pula e matla a lebe bochabela, a tloha bophirimela a leba bohareng le ka bochabela ho Pacific e sebakeng se chesang se mongobo.” Ka hona, boemo ba leholimo libakeng tsohle tse pel’a Pacific e equator lia ameha.

E Tšoana le Lefika le Har’a Molapo

El Niño e ka boela ea fetola boemo ba leholimo libakeng tse hōle le maqhubu a metsi a Pacific sebakeng se chesang se mongobo. Joang? Ka ho sebelisa potoloho ea sepakapaka e le kofuto. Liphello tse fihlang hōle tsa ho ba le tšitiso e itseng potolohong ea sepakapaka li ka bapisoa le maqhubu ao lefika le har’a molapo le ka a bakang ho theosa le molapo oohle. Maru a teteaneng a thehang holim’a metsi a futhumetseng a leoatle le sebakeng se chesang se mongobo a tšoana le lefika le lutseng har’a sepakapaka, e leng ho amang boemo ba leholimo lik’hilomithara tse likete hōle le ’ona.

Libakeng tse phahameng, El Niño e ipha matla ’me e nka sebaka sa maqhubu a moea o fokang ka lebelo, a lebang bochabela a tsejoang e le li-jet stream. Li-jet stream li laola tsela eo lifefo tse ngata li fokang ka eona bophahamong bona. Ho ipha matla le ho foka ha li-jet stream ho ka boela ha totisa kapa ha kokobetsa boemo ba leholimo linakong tsa selemo. Ka mohlala, mariha a El Niño e atisa ho ba a futhumetseng ho feta a libakeng tse ling tsa United States tse ka leboea, ha ka lehlakoreng le leng a le mongobo a bile a bata haholoanyane linaheng tse ling tse ka boroa.

Na e ka Tsejoa Esale Pele?

Liphello tsa sefefo ka seng li ka tsejoa matsatsi a ’maloa feela esale pele. Na ho joalo le ka boiteko ba ho tseba El Niño esale pele? Che. Ho e-na le hore ho amane le boemo ba leholimo ba nakoana, ho bonela El Niño pele ho akarelletsa boemo ba leholimo bo sa tloaelehang libakeng tse ngata le hona e le ka likhoeli tse ngata ka nako e itseng. ’Me bafuputsi ba boemo ba leholimo ba ’nile ba e-ba le katleho e itseng ponelo-peleng ea El Niño.

Ka mohlala, El Niño ea 1997-98 e ile ea boneloa pele ka May 1997—hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng pele e etsahala. Hona joale ho phatlalla le Pacific e sebakeng se chesang se mongobo ho tlameletsoe lintho tse 70 tse phaphametseng ka holim’a metsi tse lekanyetsang moea o fokang metsing a ka holimo a leoatle le mocheso oa metsi a leoatle ho isa botebong ba limithara tse 500. Ha boitsebiso bona bo kenngoa mechineng ea k’homphieutha e sebetsanang le boemo ba leholimo, bo hlahisa boemo bo ka lebelloang ba leholimo.

Ke ’nete hore ho lemosoa ka El Niño esale pele ho ka thusa batho hore ba itokisetse liphetoho tse lebeletsoeng. Ka mohlala, ho tloha ka 1983 ho boneloa pele ha El Niño Peru ho ile ha khothalletsa lihoai tse ngata ho rua likhomo le ho lema lijalo tse loketseng maemo a mongobo, ha batšoasi ba litlhapi ba ile ba tlohela ho tšoasa litlhapi ba fetohela ho kotuleng li-shrimp tse tlang le metsi a futhumetseng. E, ponelo-pele e nepahetseng hammoho le ho itokisa esale pele ho ka fokotsa tahlehelo eo El Niño e e bakang bathong le moruong.

Phuputso ea bo-rasaense ea maemo a laolang boemo ba leholimo lefatšeng la rōna e paka ho nepahala ha mantsoe a bululetsoeng a ileng a tlalehoa ke Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng. O ile a ngola: “Moea oona o fokela ’nģa boroa, o ntoo rapamela ’nģa leboea; moea o ikela o pota-pota, o boele o ee ka lipotoloho tsa oona.” (Moeklesia 1:6) Batho ba mehleng ea kajeno ba ithutile ho hongata ka boemo ba leholimo ka ho ela hloko maqhubu a moea o fokang le maqhubu a leoatle. E se eka re ka rua molemo tsebong eo ka ho ela hloko litemoso tse fanoang mabapi le liketsahalo tse joalo ka tsa El Niño.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka ho fapaneng, La Niña (e bolelang “ngoanana e monyenyane” ka Sepanishe) ke metsi a batang a bang teng nako le nako lebōpong la leoatle le ka bophirimela ho Amerika Boroa. La Niña le eona e na le liphello tse fihlang hōle boemong ba leholimo.

b Potoloho eo e reheletsoe ka Sir Gilbert Walker, e leng setsebi sa saense sa Brithani se ileng sa ithutela potoloho eo lilemong tsa bo-1920.

[Lebokose le leqepheng la 19]

MOHOULA OA TŠENYO E BAKILOENG KE EL NIÑO

■ 1525: Tlaleho ea khale ka ho fetisisa ea ketsahalo ea El Niño Peru.

■ 1789-93: El Niño e ile ea bolaea batho ba fetang 600 000 India ’me ea baka tlala ea boja-likata Afrika e ka boroa.

■ 1982-83: Ketsahalo ena e ile ea bolaea batho ba fetang 2 000 ’me ea senya thepa e jang liranta tse ka holimo ho limilione tse likete tse 80, haholo-holo libakeng tse chesang tse mongobo.

■ 1990-95: Liketsahalo tse tharo tse latellanang tse ileng tsa kopana ho etsa ketsahalo e telele ka ho fetisisa ea El Niño e kileng ea tlalehoa.

■ 1997-98: Ho sa tsotellehe katleho ea pele e khōlō ka ho fetisisa ea ho bonela pele likhohola le komello tse tla bakoa ke El Niño, batho ba ka bang 2 100 ba ile ba lahleheloa ke bophelo, ’me litšenyehelo ea e-ba liranta tse limilione tse likete tse 202 lefatšeng ka bophara.

[Litšoantšo Tse Qanollang/Limapa tse leqepheng la 16, 17]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

KA TLOAELO

Motsamao oa Potoloho ea Walker

Meea e matla e fokelang “equator”

Metsi a futhumetseng a leoatle

Metsi a batang a leoatle

EL NIÑO

Litsela tsa li-“jet stream” tse fetohang

Meea e fokolang e fokelang “equator”

Metsi a futhumetseng a leba bochabela

Ho batla ho futhumetse kapa ho omeletse ho feta ka tsela e tloaelehileng

Ho batla ho bata kapa ho le mongobo ho feta ka tsela e tloaelehileng

[Litšoantšo Tse Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 18]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

EL NIÑO

’Mala o mofubelu setšoantšong se ka holimo sa lefatše o emela metsi a futhumetseng ho feta a tloaelehileng

KA TLOAELO

Metsi a futhumetseng a leba Pacific e ka bophirimela, e leng ho lumellang metsi a batang a tletseng phepo ho nyolohela bochabela

EL NIÑO

Meea e fokolang e fokelang “equator” e lumella metsi a futhumetseng ho khutlela bochabela, e leng ho thibelang metsi a batang hore a tle ka holimo

[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

PERU

Lehoatata la Sechura le koahetsoeng ke metsi

MEXICO

Leholiotsoana Linda

CALIFORNIA

Seretse se ritsang

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Pages 16-17 left to right: Fotografía por Beatrice Velarde; Image produced by Laboratory for Atmospheres, NASA Goddard Space Flight Center; FEMA photo by Dave Gatley

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela