Na ho na le ho Hong ho Phoso ka Boemo ba Leholimo?
“HA BANNA ba babeli ba Manyesemane ba kopana, ntho ea pele eo ba buang ka eona ke boemo ba leholimo.” Ke tsela eo mongoli ea tummeng Samuel Johnson a neng a soasoa ka eona. Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena, boemo ba leholimo ha e eaba feela ntho eo batho ba qalang moqoqo ka eona. E fetohile ntho eo batho ba amehileng haholo ka eona lefatšeng lohle. Hobane’ng? Hobane boemo ba leholimo—boo kamehla bo ’nileng ba feto-fetoha—ho bonahala e ntse e e-ba bo sa tsitsang ka ho eketsehileng.
Ka mohlala, lehlabuleng la 2002, Europe e ile ea otloa ke likhohola tse matla ka tsela e sa tloaelehang. Ha e le hantle, li ile tsa lebisa ho se ileng sa hlalosoa e le “likhohola tsa Europe e bohareng tse mpe ka ho fetisisa lilemong tse fetang lekholo.” Hlokomela litlaleho tse latelang tsa litaba:
AUSTRIA: “Profinse ea Salzburg, Carinthia le ea Tirol ka ho khetheha li ile tsa angoa haholo ke lifefo tse matla. Literata tse ngata li ne li tletse liqubu-qubu tsa seretse le mahoholi a ka bang bophahamo ba limithara tse 15 [maoto a 50]. Seteisheneng sa Südbahnhof sa Vienna, sefefo se ile sa baka kotsi ea terene e ileng ea lematsa batho ba ’maloa.”
CZECH REPUBLIC: “E bile phihlelo e tšosang Prague. Empa tlokotsi e bile mpe haholo liprofinseng tse ling. Batho ba ka bang 200 000 ba ile ba ntšoa matlong a bona. Metse eohle e ne e koahetsoe ke meroallo.”
FORA: “Ho shoele batho ba 23, ha nyamela ba 9, ’me ba bangata ba amehile habohloko . . . Batho ba bararo ba bolailoe ke letōlo lifefong tse bileng teng ka Mantaha. . . . Monna e mong oa setima-mollo o ile a shoa ka mor’a ho pholosa banyalani ba neng ba le tsietsing; banyalani bana ba ne ba hohotsoe ke metsi ba le ka koloing ea bona.”
JEREMANE: “Paleng eohle ea Rephabliki ena e Kopaneng, ha ho e-s’o ka ho ntšoa batho litoropong le metseng joaloka hona joale nakong ea ‘likhohola tsena tseo ho seng tse kileng tsa tšoana le tsona lilemong tse 100.’ Baahi ba likete-kete ba balehile metseng ea habo bona. Ba bangata ba entse joalo e le ho nka mehato ea ho itšireletsa. Ba bang ba ile ba pholosoa meroallong eo motsotsong oa ho qetela ka liketsoana kapa liroala-nkhoana.”
ROMANIA: “Batho ba ka bang 12 ba lahlehetsoe ke bophelo ho tloha bohareng ba July ka lebaka la lifefo.”
RUSSIA: “Bonyane batho ba 58 ba shoeletse mabōpong a Leoatle le Letšo . . . likoloi tse ka bang 30 le libese li ntse li le botebong ba leoatle, ha ho tšepo ea hore li tla ea batloa ka lebaka la temoso e ntšitsoeng ea sefefo se secha.”
Ha Lia Fella Europe Feela
Ka August 2002 koranta ea letsatsi le letsatsi ea Jeremane, Süddeutsche Zeitung, e ile ea tlaleha: “Nako ea lipula tsa litloebelele le lifefo e bakile tšenyo e tšabehang Asia, Europe le Amerika Boroa. Ka Laboraro, bonyane ho shoele batho ba 50 ha ho ritsa thaba Nepal. Leholiotsoana le bolaile batho ba robeli ka boroa ho Chaena ’me la nesa lipula tsa litloebelele bohareng ba Chaena. Meroallo ea Chaena e ile ea etsa hore ka mor’a lilemo tse 30, Nōka ea Mekong e tlōle mabōpo, e koahele matlo a fetang 100 ka leboea-bochabela ho Thailand. . . . Argentina bonyane batho ba ka bang bahlano ba ile ba khangoa ke metsi ka mor’a lipula tse matla. . . . Ho se ho timetse batho ba fetang sekete ka lebaka la lifefo tsa lehlabula Chaena.”
Le hoja metsi a ne a hlasetse likarolo tse ngata tsa lefatše, United States e ne e le tlas’a komello e tšabehang. Ho ile ha tlalehoa: “Naheng ka bophara batho ba amehile ka ho haella ha metsi le liliba tse pshang, melatsoana e mengata e nang le metsi a fokolang a phallang le ho cha ha hlaha ho tloaelehileng ho imenneng ka makhetlo a fetang a mabeli nakong ena ea selemo. Ka lebaka la lijalo le makhulo a senyehang, khaello ea metsi a nooang, ho cha ha hlaha le litsokotsane tsa lerole, litsebi li noha hore komello ea 2002 e tla baka tahlehelo moruong e balloang lidolareng tse libilione.”
Likarolo tse ling tse ka leboea ho Afrika li ’nile tsa e-ba komellong e tšabehang ho tloha ka bo-1960. Ho ea ka litlaleho, “ho na ha pula ho ne ho fokotsehile ka karolo ea mashome a mabeli ho ea ho mashome a mane a metso e robong lekholong ho feta kamoo e neng e e-na ka teng karolong e qalang ea lekholo la bo20 la lilemo, e leng ho bakileng ho ata ha tlala le lefu.”
Sebōpeho sa boemo ba leholimo sa El Niño—se bakiloeng ke ho futhumala ha metsi a leoatle le ka bochabela la Pacific—nako le nako se baka meroallo le ho ferekana ha maemo a mang a leholimo ka Leboea le ka Boroa ho Amerika.a Mokhatlo oa litaba oa CNN o tlaleha hore El Niño ea 1983/84 e ne e “fete ka bophelo ba batho ba fetang 1 000, ea baka likoluoa tse amanang le boemo ba leholimo hoo e ka bang k’honthinenteng e ’ngoe le e ’ngoe ’me tšenyo ea thepa le ea mehlape ea e-ba lidolara tse libilione tse 10 [liranta tse limilione tse likete li 80].” Boemo bona bo ’nile ba khutla khafetsa (hoo e ka bang ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse ’nè) ho tloha ha bo qala ho tsejoa lekholong la bo19 la lilemo. Empa litsebi tse ling li lumela hore “El Niño e ekelitse makhetlo ao e etsahalang ka ’ona” le hore e tla “hlaha hangata haholoanyane” nakong e tlang.
Sehlooho se phatlalalitsoeng ke U.S. National Aeronautics and Space Administration se fana ka tiiso ena: “Boholo ba boemo boo ba leholimo ‘bo sa tloaelehang’ boo re ’nileng ra ba le bona—e leng nako ea selemo e futhumetseng ka tsela e sa tloaelehang kapa mariha a nang le pula e ngata ka tsela e sa tloaelehang—bo bakoa ke liphetoho tse tloaelehileng, le tse eang ka libaka boemong ba leholimo.” Leha ho le joalo, ho na le lipontšo tsa hore e ka ’na eaba ho na le bothata bo tebileng. Mokhatlo oa Greenpeace oa batho ba buellang paballo ea tikoloho o bolela esale pele: “Boemo bo kotsi ba leholimo bo akarelletsang maholiotsoana a matla le ho feta le lipula tse matla bo tla tsoela pele ho baka tšenyo polaneteng eohle. Komello le likhohola tse matla li tla hle li fetole ponahalo ea Lefatše, e leng se tla lebisa ho lahleheloeng ke libaka tse lebōpong la leoatle le ho fela ha meru.” Na ho na le bopaki lipolelong tseo? Haeba ho joalo, “boemo boo bo kotsi ba leholimo” bo bakoa ke eng?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho se reng “El Niño ke Eng” tokollong ea Tsoha! ea April 8, 2000.
[Litšoantšo tse leqepheng la 2, 3]
Meroallo Jeremane (ka holimo) le Czech Republic (ka ho le letšehali)