Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 4/8 leq. 15
  • Tumelo e Phelang Har’a Tlokotsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tumelo e Phelang Har’a Tlokotsi
  • Tsoha!—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Sireletsa Batho ba hae
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Lipaki Tsa Jehova le Bajuda ba Ileng ba Bolaoa ka Sehloho Ntoeng ea II ea Lefatše—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • Na Polao e Sehlōhō e ka Etsahala Hape?
    Tsoha!—2001
  • Ke Hobane’ng ha Bajuda ba Ile ba Bolaoa ka Sehlōhō Ntoeng ea II ea Lefatše? Ke Hobane’ng ha Molimo a sa ka a Thibela Seo?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 4/8 leq. 15

Tumelo e Phelang Har’a Tlokotsi

LILEMONG tse ka bang 60 tse fetileng, Mina Esch o ile a fumana poskarete e tsoang ho monna oa hae, Peter. Molaetsa o neng o ngotsoe ka letsoho o ne o le mokhutšoanyane o bile o sa hlaka. Leha ho le joalo, o ile a thaba a ba a utloa ho re kokololo! ha a e fumana. Monna oa Mina e ne e le motšoaruoa kampong ea mahloriso ea Buchenwald, a isitsoe moo ke ’muso oa Bonazi ka lebaka la ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka morao ho poskarete ho ne ho ngotsoe polelo ena e tobileng: “Motšoaruoa e ntse e le Seithuti sa Bibele [e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsebahala kateng nakong eo] se manganga . . . Ka lebaka lona lena feela, o amohiloe tokelo ea ngollano eo ntle le mona a neng a tla lumelloa ho ba le eona.” Molaetsa ona o ile oa bolella Mina hore Peter o ntse a tiile tumelong ea hae.

Poskarete ena, eo hona joale e seng e tsofetse e bile e thuntse, e alimiloe Musiamo oa Jewish Heritage—A Living Memorial to the Holocaust, o leng Battery Park, New York City. Poskarete eo, hammoho le setšoantšo sa Peter Esch, li fana ka tlhasenyana ea tlokotsi e tšabehang ea batho—Polao e Sehlōhō—eo ho eona ho ileng ha e-shoa Bajuda ba limilione tse tšeletseng. Pontšo ea motheo ea musiamo e na le litšoantšo tse fetang 2 000 le lintho tse entsoeng ka mosebetsi oa matsoho tsa histori le tsa setso tse fetang 800 tse bontšang liphihlelo tsa sechaba sa Bajuda ho tloha lilemong tsa bo-1880 ho tla fihlela hona joale, ho akarelletsa le Polao e Sehlōhō. Ke hobane’ng ha Musiamo oa Jewish Heritage e le o loketseng bakeng sa ho maneha lengolo la Peter Esch?

Rahistori oa musiamo Dr. Jud Newborn o ile a hlalosa: “Musiamo o filoe taelo ea hore o bontše histori ea Bajuda. Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlorisetsoa seo li neng li le sona. Lipaki li ile tsa hlorisoa ka ho feletseng ka lebaka la litumelo tsa tsona tsa bolumeli le hobane li ne li sa lumele ho khetholla merabe e meng, ho hlapanyetsa ho tšepahala ho ’musi oa lefatše oa mohatelli, ea khopo. Hape li ile tsa hana ho loana ntoeng ea hae. . . . Bajuda ba ne ba loanela ho sireletsa litekanyetso tsa bona tsa boitšoaro le tumelo ea bona khahlanong le khanyetso e tšabehang. Musiamo o thoholetsa ho hanyetsa ho joalo ha moea. Ka lona lebaka lena, setsi sena se ela hloko se bile se thoholetsa tumelo ea Lipaki tsa Jehova nakong ea puso ea Bonazi.”

Lehaeng la lona la nakoana Musiamong oa Jewish Heritage, lengolo leo le lekhutšoaane le bontša ntoa e loannoeng ke monna e mong eo botšepehi ba hae bo sa sekisetseng ho Jehova bo ileng ba behoa tekong. Peter Esch o ile a tsoa tekong ea hae e bohloko kampong ea Bonazi, tumelo ea hae e ntse e tiile.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Musiamo oa Jewish Heritage, o leng New York City

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Esch, e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a kenngoa teronkong ho tloha ka 1938 ho fihlela ka 1945 ka lebaka la ho hana ho latola litumelo tsa hae

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela