Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb20 July leq. 7
  • Jehova o Sireletsa Batho ba hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Sireletsa Batho ba hae
  • Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tumelo e Phelang Har’a Tlokotsi
    Tsoha!—2000
  • “Matlotlo a Naha e Halalelang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Mosebetsi oa Kaho o Ntse o Tsoela Pele Joang Warwick?
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
  • Seo Bibele e se Buang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
Bala Tse Ling
Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
mwb20 July leq. 7

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Jehova o Sireletsa Batho ba hae

Ntate le mora ba fafatsa likosene tsa mamati ka mali.

Paseka ea pele e ne e le ea bohlokoa ka ho fetisisa. Bosiung boo, ka mor’a hore Faro a hlokomele hore mora oa hae oa letsibolo o shoele, o ile a re ho Moshe: “Tsohang, le tsoe har’a sechaba sa ka, lona le bara ba bang ba Iseraele, ’me le tsamaee, le sebeletse Jehova, feela joalokaha le boletse.” (Ex 12:​31) Jehova o ile a bontša hore o hlokomela batho ba hae.

Le mehleng ena ha re sheba histori ea batho ba Molimo, rea hlokomela hore Jehova o tsoela pele ho tataisa le ho sireletsa batho ba hae. Bopaki ba taba ena bo bonahala musiamong o ntlo-kholo o bitsoang “Batho Bakeng sa Lebitso la Jehova.”

SHEBELLANG VIDEO EA MAETO A HO BOHA MUSIAMO O WARWICK: “BATHO BAKENG SA LEBITSO LA JEHOVA” EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Setšoantšo se bontšang litšoantšo tsa video ea ‘Photo-Drama of Creation.’

    Qalong ea 1914 Liithuti Tsa Bibele li ile tsa sebelisa thulusi efe e le ho matlafatsa tumelo ea bona?

  • Litšoantšo tsa bara babo rona ba neng ba tšoeroe ka 1918.

    Ke liteko life tse ileng tsa ba teng ka 1916 le ka 1918, hona ke bopaki bofe bo neng bo le teng ba hore Jehova o ne a tataisa mokhatlo oa hae?

  • Musiamo o nang le litšoantšo tsa batho ba bangata ba ileng ba tšoaroa ka lebaka la tumelo ea bona. Lemati le butsoeng le nang le setšoantšo sa paradeise.

    Batho ba Jehova ba ile ba lula ba tiile tumelong joang le hoja ba ne ba hlorisoa?

  • Musiamo o nang le litšoantšo tsa mekhoa ea ho paka e fapaneng e neng e sebelisoa lilemong tsa bo 1930 le 1940.

    Ke thuto efe eo batho ba Molimo ba ileng ba e fumana ka 1935, hona e ile ea ba tsoela molemo joang?

  • Haeba u se u kile oa boha musiamo ona, ke lintho life tseo u ileng oa li bona tse ileng tsa u kholisa hore Jehova o sireletsa le ho tataisa batho ba hae?

E le hore u tsebe hore na u ka etsa’ng hore u etele musiamo ona, kena ho jw.org/st ebe u penya “Mabapi le Rona”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela