Nonyana e ka Ruta Motšoaruoa Eng?
KA MONGOLLI OA TSOHA! AFRIKA BOROA
HO LATELA Sunday Tribune ea Durban, Afrika Boroa, linonyana li phetha karolo e itseng ho nolofatseng lipelo tsa ba koaletsoeng Chankaneng ea Pollsmoor. Hona joale ke batšoaruoa ba 14 ba kenetseng lenaneo lena le akarelletsang ho hlokomela lipapakhaie tse bitsoang li-cockatiel le tse bitsoang li-lovebird, ka liseleng tsa bona.
Lenaneo lee le sebetsa joang? Motšoaruoa e mong le e mong ea kenetseng lenaneo lena o na le mochine o qhotsisang o thusang ka nakoana ka seleng ea hae. Lelinyane le sa tsoa qhotsoa le behoa tlhokomelong ea motšoaruoa, ea jesang ka letsoho sebōpuoa seo se ke keng sa iketsetsa letho hora e ’ngoe le e ’ngoe kapa tse ling le tse ling tse peli, bosiu le motšehare ka libeke tse ka bang hlano. Ka mor’a moo, nonyana e kenngoa ka ntloaneng ea eona, eo le eona e bolokoang hona ka seleng. Ha nonyana e se e hōlile, ea rekisoa. Batšoaruoa ba bang ba se ba rata linonyana tsa bona hoo ba llang ha nako e ke keng ea qojoa ea karohano e fihla.
Esita le linokoane tse thatafetseng lipelo li ’nile tsa bonahala li e-ba bonolo haholoanyane le ho ba mosa ka mor’a hore li bue le linonyana le ho li hlokomela letsatsi le letsatsi. Motšoaruoa e mong o itse: “Ke thapisa linonyana, empa le tsona li nthapisitse.” E mong o ile a re linonyana li mo rutile mamello le boitšoaro. E mong ea fumanoeng a le molato oa bosholu o re ho hlokomela nonyana ho entse hore a hlokomele hore ho ba motsoali “ke boikarabelo bo boima”—ntho eo a e hlokomolohileng ka bana ba hae ha a ne a lokolohile.
Ho hlokomela linonyana tsena ho boetse ho na le molemo o mong ho batšoaruoa. Wikus Gresse ea thehileng lenaneo lena o re: “Ka tsebo eo ba ithutang eona mona, ba ka fumana mosebetsi ho batho ba qhotsisang linonyana le lingakeng tsa liphoofolo ha ba se ba lokolotsoe.”