Ha Linonyana li Thula Mehaho
LE HOJA e ne e le motšehare, nonyana e bitsoang mohetle e ile ea tla e fofa ea fihla ea thula mohaho o molelele ea ntan’o ratlana fatše. Nonyana eo e ne e sa bone hore ho na le khalase moo. Motho e mong ea mosa ea iphetelang ka tsela o ile a fumana nonyana eo e tšohileng ’me a e hlokomela, a tšepile hore e tla hlaphoheloa. Ka mor’a nakoana, seo a neng a se lebeletse se ile sa phethahala ha nonyana eo e lla, e ema, e itlhohlora ’me ea ntan’o fofa.a
Ka masoabi, linonyana tse ling lia shoa ka mor’a hore li thule mehaho joalo. Ha e le hantle, hoo e ka bang halofo ea linonyana tse thulang matlo lia shoa. Mokhatlo oa Audubon o re liphuputso li bontša hore United States feela, linonyana tse fetang limilione tse 100 lia shoa selemo le selemo ka mor’a hore li thule mehaho. Bafuputsi ba bang ba lumela hore e ka ’na eaba palo eo e fihla ho limilione tse sekete! Empa ke hobane’ng ha linonyana li thula mehaho? Na ho na le se ka etsoang ho li thusa hore li sireletsehe ha li fofa?
Li Bolaoa ke Khalase le Leseli
Khalase e kotsi linonyaneng. Ha lifensetere li hloekisitsoe, hangata linonyana li bona lintho tse ka lehlakoreng le leng, tse ka ’nang tsa akarelletsa limela tse tala le maru. Ka lebaka leo, linonyana tse sa boneng hore ho na le lifensetere li fihla li thula khalase, li fofa ka lebelo le holimo. Hape, li ka ’na tsa bona limela tse khabisitseng libakeng tsa kamohelo ea baeti kapa ka matlung ’me tsa leka ho ea ho tsona.
Khalase e pentiloeng, e kang seipone le eona e ka baka bothata. Maemong a mang, linonyana li ka ’na tsa se ke tsa bona khalase empa tsa bona sebaka se ka thōko kapa tsa bona maru, ’me sena le sona se ka etsa hore li lemale. Linonyana li ’nile tsa bolaoa ke likhalase tse litsing tsa baeti le tse libakeng tseo batho ba shebang linonyana ba le ho tsona le libakeng tseo ho sireletsoang liphoofolo tse hlaha ho tsona! Dr. Daniel Klem, Jr., eo e leng setsebi sa linonyana le moprofesa oa baeloji, o lumela hore linonyana tse bolaoang ke ho thula lifensetere li ngata ho feta tse bolaoang ke lintho tse ling tseo batho ba li etsang, empa mohlomong eseng ho feta tse bolaoang ke ho senngoa ha libaka tseo li phelang ho tsona.
Linonyana tse ling li kotsing ea ho thula mehaho ho feta tse ling. Ka mohlala linonyana tse ngata tse fallang, li falla bosiu ’me har’a tse ling li tataisoa ke linaleli hore li fihle moo li eang teng. Ka lebaka leo, li ka ’na tsa ferekanngoa ke mabone a mehahong e melelele. Ha e le hantle, linonyana tse ling li ferekana hoo li qetellang li fofa ’nģa e le ’ngoe li sa tsebe moo li eang teng ’me qetellong li oe ke mokhathala. Ntho e ’ngoe e bang kotsi ke ha pula e na bosiu kapa maru a koahetse. Ha seo se etsahala, linonyana li atisa ho fofela tlaase, e leng se etsang hore li be kotsing e khōlō ea ho thula mehaho e melelele.
Kamoo Seo se Amang Palo ea Linonyana Kateng
Ho ea ka tlaleho e ’ngoe, mohaho o mong o molelele o Chicago, Illinois, United States of Amerika, o ile oa bolaea linonyana tse ka bang 1 480 tseo ho tsejoang ka tsona, ka nako e le ’ngoe tse neng li falla. Kahoo, lilemong tse fetang 14, mohaho oo o ile oa bolaea linonyana tse ka bang 20 700. Ho hlakile hore palo ea linonyana tsohle tse thulang mehaho e holimo ho feta moo. Ho phaella moo, Michael Mesure, eo e leng motsamaisi oa Mokhatlo o Hlokomelisang ka Kotsi ea Khanya oa Toronto, Canada, o re linonyana tsena “hase maeba, matata kapa likhantši,” empa “ke linonyana tse kotsing ea ho fela.”
Ka mohlala, Australia, selemong se seng se sa tsoa feta, likhalase li ile tsa bolaea lipapakhaie tse 30, tseo ho setseng tse 2 000 feela mofuteng oa tsona. United States, ntlong e ’ngoe e khantšetsang basesisi ba likepe, Florida, ho ile ha bokelloa linonyana tse ngata tse shoeleng tsa mofuta oa Bachman’s warbler, oo e ka ’nang eaba o se o le sieo, ’me tsa isoa musiamong.
Linonyana tse ngata tse sa shoeng ha li ile tsa thula mehaho lia lemala kapa lia fokola. Sena se ka ba kotsi le ho feta linonyaneng tse fallang. Haeba li lemala ’me li oela har’a mehaho e mengata, li ka ’na tsa bolaoa ke tlala kapa tsa jeoa ke liphoofolo tse ling, tse tsebang hore ka linako tse ling li ka fumana lijo ka tsela ena.
Na Linonyana li ka Thibeloa ho Thula Mehaho?
E le hore linonyana li se ke tsa thula khalase, li lokela ho e bona ’me li elelloe hore ke ntho e thata. E le ho finyella seo, beng ba matlo a mang ba ile ba tela monyetla oa hore ba bohe botle bo ka ntle, ba manamisa litšoantšo, listikara, kapa lintho tse ling tse bonahalang lifensetereng tseo linonyana li atisang ho li thula. Ho ea ka Klem, habohlokoa hase litšoantšo ka botsona kapa listikara, empa ke hore na ho na le sebaka se sekae pakeng tsa tsona. Phuputsong eo a e entseng, o khothalletsa hore litšoantšo tseo li se ke tsa arohana ka lisenthimithara tse hlano ho tšekalla le ka lisenthimithara tse leshome ho ea tlaase.
Ho ka etsoa’ng ho thusa linonyana tse fallang, tse fofang bosiu? Lesley J. Evans Ogden, eo e leng setsebi se fuputsang lintho tse phelang le tikoloho ea tsona, o re: “Ntho e ka thusang haholo ho thibela linonyana hore li se ke tsa thula mehaho bosiu . . . ke hore ho tingoe mabone.” Hona joale, metseng e meng ho etsoa hore mabone a khabisang mehaho e melelele a be lerootho kapa a hle a tingoe bosiu ka nako e itseng, haholo-holo nakong eo linonyana li fallang. Libakeng tse ling, ho behoa linete lifensetereng tsa mehaho e melelele e le hore linonyana li se ke tsa nahana hore li bona maru.
Mehato eo e ka ’na ea fokotsa palo ea linonyana tse shoang ka hoo e ka bang ka karolo ea 80 lekholong, ’me selemo le selemo ha baballoa tse limilione. Empa bothata bo ka sehloohong bo ka ’na ba se ke ba fela, kaha batho ba rata mabone le lintho tsa khalase. Kahoo, mekhatlo e sebetsanang le ho sireletsa linonyana, e kang Mokhatlo oa Audubon, e leka ho khothalletsa litsebi tsa meralo le lihahi hore li nahanele lintho tsa tlhaho.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ka ba kotsi ho tšoara linonyana tse lemetseng, kaha ha li tsebe hore u leka ho li thusa. Hape linonyana tse ling li na le maloetse ao li ka a tšoaetsang batho. Kahoo haeba u batla ho thusa nonyana e lemetseng, roala litlelafo ’me u hlape matsoho ha u qetile ho e thusa. Haeba u nahana hore nonyana eo e ka ’na ea u tšoaetsa maloetse a itseng kapa ea u hlahisa kotsi, u se ke ua e atamela. ’Me haeba ho hlokahala, u ka letsetsa litsebi, u kōpe thuso.
[Lebokose le leqepheng la 10]
HO ETSAHETSE’NG KA LINONYANA?
Khakanyetso ea linonyana tse shoang selemo le selemo United States ka lebaka la lintho tseo batho ba li etsang
◼ Litora tsa khaso li bolaea tse limilione tse 40
◼ Chefo ea likokoanyana e bolaea tse limilione tse 74
◼ Likatse tse ruiloeng le tse hlaha li bolaea tse limilione tse 365
◼ Lifensetere tse entsoeng ka khalase li bolaea tse limilione tse 100 ho isa ho tse limilione tse sekete
◼ Ha ho tsejoe palo ea tse bolaoang ke ho senngoa ha bolulo ba tsona, empa e ka ’na eaba ke hona ho ka sehloohong
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Selemo ka seng ho shoa bonyane linonyana tse limilione tse 100, United States feela, ka mor’a hore li thule lifensetere
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Reimar Gaertner/age fotostock