Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 11/8 maq. 11-12
  • Phekolo eo U e Khethang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phekolo eo U e Khethang
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehato ea Bohlokoa e ka Nkoang
  • Ho Fumanoa se Ntseng se Batloa
  • Bophelo bo Botle ba ’Mele—Leseli le Lecha?
    Tsoha!—2000
  • Mefuta e Meng ea Phekolo—Lebaka Leo ba Bangata ba e Sebelisang ka Lona
    Tsoha!—2000
  • Ho Hlahloba Mefuta e Meng ea Phekolo
    Tsoha!—2000
  • Na Khetho ea Hao ka Phekolo ea Meriana ea Tsotelleha?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 11/8 maq. 11-12

Phekolo eo U e Khethang

BUKENG ea hae e buang ka mefuta e meng ea phekolo, Dr. Isadore Rosenfeld o ile a hatisa ntlha ena: “Phekolo leha e le efe e fuoang sehlopha se khethiloeng ho sa itšetlehoa ka letho se kholisitsoeng hore e tla ‘sebetsa’ e ka ’na ea atleha maemong a etsang karolo ea 50 lekholong.”

Sena se bitsoa ho thoba feela, e leng se bolelang hore esita le pilisi ea tsoekere e ka atleha haeba motho a lumela hore e tla atleha. Ho thoba feela ho ka folisa maloetse a tsoang maikutlong, ho kopanyelletsa mahlaba, ho nyekoa ke pelo, mokhathala, molikoalikoane, ho tšoenyeha le ho tepella maikutlo. See se senola eng?

Har’a tse ling, se bontša hore ho ba le tšepo phekolong eo motho a e fumanang ho sa tsotellehe hore na ke efe, hangata ke habohlokoa tabeng ea hore motho a fole. Ka nako e tšoanang, e ka ’na ea e-ba bohlale ho fumana hore na ebe mokhoa oa phekolo o sebetsana le motso oa bothata kapa o sebetsana le matšoao feela. Sena se ka etsoa ka ho lekanyetsa liphello tsa phekolo ka lintho tsa sebele joaloka liteko tsa laboratori le X ray.

Leha ho le joalo, ho na le ho eketsehileng hoo motho a ka ho etsang ha a khetha phekolo.

Mehato ea Bohlokoa e ka Nkoang

Ke bohlale ho etsa lipatlisiso pele u etsa qeto. Botsa lipotso. Ho ka lebelloa liphello life? Melemo e tla ba efe, likotsi, ho lebelletsoe hore phekolo e bitse bokae, ’me e tla ba telele hakae? Buisana le batho ba sebelisitseng phekolo eo u nahanang ka eona. Ba botse hore na e ile ea ba thusa. Leha ho le joalo, hopola hore bopaki feela bo itšetlehileng ka phihlelo ea batho bo ka thetsa.

Ho ke ke ha khothalletsoa mofuta o sa tloaelehang oa phekolo haeba o etsa hore motho a tlohele phekolo e nang le tlaleho ea hore ea atleha, le hoja katleho ea phekolo eo e tloaelehileng e lekanyelitsoe. Bopaki ba kotsi e ka bang teng ka lebaka la seo bo ile ba hlaha tlalehong e ho The New England Journal of Medicine. Makasine ena e ile ea hlalosa ho tōta ha kankere ho bakuli ba babeli ba banyenyane ba ileng ba hana liphekolo tse tloaelehileng ha ba ntse ba sebelisa mefuta e meng ea phekolo. E mong oa bakuli bana o ile a shoa.

Batho ba tšoeroeng ke maloetse a sa foleng kapa a sokelang bophelo, ka bohlale ba falimehela ’nete ea hore ba ka ’na ba fetoha bahlaseluoa ba lingaka-’mōtoana tse buellang liphekolo tse qhekellang. E-ba seli ka moriana oo ho thoeng ke makhona-tsohle. Mohlala oa morao-rao o ne o ama vithamine e ncha eo ho neng ho boleloa hore e “felisitse ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho tloha mathateng a ho phefumoloha le ho hloka matla, ho isa maloetseng a sokelang bophelo.” Ha “vithamine” ena e hlahlojoa ho ile ha fumanoa hore ke metsi feela a nang le letsoai.

Ntle ho pelaelo mefuta e meng ea phekolo e ka ba molemo bakeng sa bophelo bo botle. Leha ho le joalo, e-ba le litebello tse bontšang hore u talima lintho ka tsela ea sebele. Ke bohlale ho ameha ka ho ja lijo tse nang le phepo, ho robala nako e lekaneng, ho ikoetlisa ka ho lekaneng le ho ba seli ha u khetha phekolo.

Ho Fumanoa se Ntseng se Batloa

Ka ho hlakileng, ha ho phekolo ea batho e ka felisang maloetse ’ohle esita le lefu le tlang ho latela. Ke kahobane lintho tsena li futsitsoe ho motsoali oa rōna oa pele, motho oa pele, Adama. (Jobo 14:4; Pesaleme ea 51:5; Baroma 5:12) Liphekolo tse ngata—tsa mofuta leha e le ofe—mohlomong li ka ’na tsa bonahala li le molemo, leha ho le joalo ke mehato ea nakoana feela e ka lelefatsang bophelo ’me ea etsa hore bo be monate ka nako e lekanyelitsoeng. Leha ho le joalo, ho na le phekolo ea sebele bothateng ba bophelo bo seng botle, ’me ba limilione ba se ba e fumane.

Phekolo eo e fanoe ke ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, Ngaka e Khōlō. Ka ho bontša tumelo ho eena le ho sebelisa hamolemo liphello tsa ho tlosa sebe ha sehlabelo sa thekollo sa Mora oa hae, Jesu Kreste, u tla khona ho thabela bophelo bo phethahetseng ba ’mele le bophelo bo sa feleng lefatšeng le se nang maloetse! (Matheu 20:28) Bibele e tšepisa hore lefatšeng le lecha, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24, NW.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

Ba limilione ba fumane tšepo eo e leng eona feela ea ’nete bakeng sa bophelo bo phethahetseng ba ’mele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela