Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 1/8 leq. 3
  • Ho Tšoaseha Lenyalong le se Nang Lerato

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tšoaseha Lenyalong le se Nang Lerato
  • Tsoha!—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ata ha Tlhalo
    Tsoha!—1992
  • Tlhalo E Hlile e na le Bao e ba Hlaselang
    Tsoha!—1991
  • Tlhalo—Litholoana tsa Eona tse Babang
    Tsoha!—1992
  • Na Tlhalo e Lokela ho Lumelloa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 1/8 leq. 3

Ho Tšoaseha Lenyalong le se Nang Lerato

“Sechabeng seo ho sona tlhalo e etsahalang haholo, hase feela hore manyalo a eketsehileng a sa thabang a ka ’na a fella ka tlhalo, empa ho phaella moo, ho ka etsahala hore manyalo a eketsehileng e be a sa thabang.”—Council on Families in America.

HO ’NILE ha boleloa hore boholo ba monyaka oa bophelo le boholo ba masisa-pelo a bona bo hlaha mohloling o le mong—lenyalong la motho. Ka sebele, ke lintho tse fokolang bophelong tse ka khonang ho fana ka thabo e ngata—kapa mahlomola a mangata. Joalokaha lebokose le tsamaeang le sehlooho sena le bontša, banyalani ba bangata ba mahlomoleng a tšabehang.

Leha ho le joalo, lipalo-palo tsa ba hlalanang li senola karolo e itseng feela ea bothata. Bakeng sa lenyalo le leng le le leng le tebang, ho na le a mangata a salang a phaphametse empa a ntse a le ka har’a metsi a emeng tsi! Mosali e mong ea nyetsoeng lilemo tse fetang 30 o ile a phetla sefuba sa hae: “Re kile ra ba lelapa le thabileng, empa lilemo tse ka bang 12 tse fetileng e bile tsa masetla-libete. Monna oa ka ha a nahanele maikutlo a ka. Ho bua ’nete, ke sera se seholo sa maikutlo a ka.” Ka ho tšoanang, monna ea nyetseng lilemo tse ka bang 25 o ile a belaela: “Mosali oa ka o mpolelletse hore ha a sa nthata. O re bonyane haeba re ka phela feela joaloka batho ba arolelanang kamore ’me ea re ha ho tluoa tabeng ea boikhathollo e mong le e mong a tsoa ka lesoba la hae, a ka khona ho mamella boemo.”

Ho hlakile hore ba bang ba maemong a bohloko joalo ba khaola manyalo a bona. Leha ho le joalo, ho ba bangata ho hlala ke chaba se hōle. Hobane’ng? Ho ea ka Dr. Karen Kayser, lintho tse kang bana, sekhobo se bang teng sechabeng, maemo a lichelete, metsoalle, beng ka motho le tumelo ea bolumeli li ka ’na tsa etsa hore banyalani ba lule hammoho le hoja lerato le se le le sieo. O re: “Ba thatafalloa ke ho hlala ka molao, batho bana ba khetha ho lula le balekane ba bona bao ha e le hantle ba ba hlalileng maikutlong.”

Na banyalani bao kamano ea bona e seng e se mofuthu ba lokela ho inehella bophelo bo sa khotsofatseng? Na ho lula lenyalong le se nang lerato ke sona feela se ka etsoang haeba ho sa hlaloe? Phihlelo e bontša hore manyalo a mangata a maqakabetsing a ka pholosoa—eseng feela bohlokong ba ho qhalana empa hape le mahlomoleng a tlisoang ke ho ba sieo ha lerato.

[Lebokose le leqepheng la 3]

TLHALO LEFATŠENG KA BOPHARA

• Australia: Lenane la ba hlalang le se le batla le imenne hane ho tloha mathoasong a bo-1960.

• Brithani: Ho latela likhakanyo, manyalo a mang le a mang a 4 ho a 10 a tla fella ka tlhalo.

• Canada le Japane: Tlhalo e ama karolo ea boraro ea manyalo.

• United States: Ho tloha ka 1970, batho ba nyalanang ba na le monyetla oa karolo ea 50 lekholong oa hore ba lule hammoho kapa ba arohane.

• Zimbabwe: Manyalo a ka bang 2 ho a mang le a mang a 5 a qetoa ke tlhalo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela