Histori—Na re Lokela ho e Tšepa?
“Ho tseba histori ho etsa hore . . . re ikutloe re le karolo ea mokhatlo oa batho o ’nileng oa e-ba teng ho tloha khale koana pele re hlaha oo hape o tla tsoela pele le ha rōna re se re shoele.”—A Companion To The Study Of History, Ea Michael Stanford.
HAEBA re sa tsebe se etsahetseng nakong e fetileng, re haelloa ke ho itseng habohlokoa bophelong. Ntle le histori, uena, lelapa la hao, leloko la heno kapa sona sechaba sa heno, le ne le ka bonahala le se na tšimoloho, le se na nako e fetileng. Mehla ena e ne e tla bonahala e se na tšimoloho ’me e e-na le moelelo o fokolang haeba o le teng.
Histori e ka ba pokello e khōlō ea lintho tse rutang bophelong. E ka re thusa hore re qobe ho pheta-pheta liphoso tse tšoanang le tsa nako e fetileng. Joalokaha rafilosofi e mong a ile a bolela, batho ba lebalang lintho tse fetileng ba kotsing ea ho li pheta hape. Ho tseba histori ho ka re thusa hore re utloisise tsoelo-pele ea nako e fetileng, lintho tse hlollang tse ileng tsa sibolloa, batho ba thahasellisang le litsela tse fapaneng tsa ho talima lintho.
Empa kaha histori e sebetsana le batho le liketsahalo tsa khale, re tseba joang hore e ka tšeptjoa? Haeba re tla ithuta lintho tsa bohlokoa historing, joale ho hlakile hore e lokela hore e be e thehiloe ’neteng. ’Me ha re sibolla ’nete, re lokela ho e amohela, esita le hoja ka linako tse ling e tla ba e babang. Liketsahalo tsa nako e fetileng li ka tšoana le serapa sa lirosa—se na le botle ba sona le meutloa ea sona; e ka ba se hlasimollang ’me hape e ka ba se hlabang.
Lihloohong tse latelang, re tla tšohla likarolo tse itseng tsa histori tse ka re thusang ho hlahloba bonnete ba seo re se balang. Re tla boela re tšohle hore na histori e tšepahalang e ka thusa ’mali ea nang le temoho joang.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Mofumahali Nefertiti
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Ke thuto efe e ka fumanoang historing?
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 3]
Nefertiti: Ägyptisches Museum der Staatlichen Museen Preußischer Kulturbesitz, Berlin
Border: Photograph taken by courtesy of the British Museum