Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 3/8 maq. 4-7
  • Re ka Ithuta Eng Liketsahalong Tse Fetileng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re ka Ithuta Eng Liketsahalong Tse Fetileng?
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Histori e ka Tšeptjoa?
  • Histori e Fetotsoeng
  • Na Histori ea Ipheta?
  • Mathata ao ho Seng a Tšoanang le ’Ona
  • Histori—Na re Lokela ho e Tšepa?
    Tsoha!—2001
  • Mebuso e Meholo ea Lefatše ea Histori ea Bibele e Tsamaea ho Leba Pheletsong ea Eona!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Bibele—Na ke Histori e ka Tšeptjoang?
    Tsoha!—2001
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 3/8 maq. 4-7

Re ka Ithuta Eng Liketsahalong Tse Fetileng?

“Ha ho ntho ea bohlokoa ho bo-rahistori ho feta ho hlalosa sesosa le liphello.”—Gerald Schlabach, Motlatsi Oa Moprofesa Oa Histori.

HANGATA bo-rahistori baa botsa, Lintho tse itseng li etsahetse joang, hona hobane’ng? Ka mohlala, histori e re tsebisa hore ’Muso oa Roma o ile oa oa. Empa ke hobane’ng ha o ile oa oa? Na e bile ka lebaka la bobolu kapa ho lelekisa menyaka? Na ho ne ho le thata ho tsamaisa ’muso oo ’me ho hlokahala hore mabotho a oona a sebelise chelete e ngata? Na ebe lira tsa Roma li ne li le ngata li bile li le matla haholo?

Haufinyane tjena, Bokomonisi ba Europe Bochabela, bo kileng ba nkoa e le tšokelo e khōlō ka Bophirimela, bo ile ba oa joalokaha eka ke ka bosiu bo le bong linaheng ka ho latellana. Hobane’ng? Hona re ka ithuta eng moo? Ena ke mefuta ea lipotso tseo bo-rahistori ba lekang ho li araba. Empa leeme la bona le ama kahlolo ea bona ho ea bohōleng bofe ha ba fana ka likarabo?

Na Histori e ka Tšeptjoa?

Bo-rahistori ba batla ba tšoana le mafokisi, eseng bo-rasaense. Ba etsa liphuputso, baa botsa le ho phephetsa litlaleho tsa nako e fetileng. Ba haba ho fumana ’nete, empa hangata taba eo ba e batlisisang ke e sa hlakang. Lebaka le leng ke hore mosebetsi oa bona o sebetsana haholo le batho, ’me bo-rahistori ba ke ke ba tseba se mehopolong ea batho—haholo-holo mehopolo ea ba shoeleng. E ka ’na eaba hape bo-rahistori ba ne ba se ba inahanetse likhopolo tsa bona le ho ahlola pele ba utloa taba. Ka hona, ka linako tse ling histori e feletseng e mpa e le maikutlo a mongoli—ho latela hore na eena o bona litaba joang.

Ke ’nete hore ha rahistori a hlahisa maikutlo a hae, seo ha se bolele hore tlaleho ea hae e fosahetse. Litlaleho tsa Bibele tsa Samuele, Marena le Likronike li na le liketsahalo tse tšoanang tse ngotsoeng ke batho ba bahlano ba fapaneng, empa ha li hanyetsane kapa hona hore li fosahetse. Ho joalo le ka Likosepele tse ’nè. Lingoli tse ngata tsa Bibele li bile tsa tlaleha le mefokolo ea tsona hammoho le liphoso tsa tsona tse booatla—e leng ntho e bonoang seoelo libukeng tsa lefatše.—Numere 20:9-12; Deuteronoma 32:48-52.

Ntle le hore leeme le ka ’na la kenella, ntlha e ’ngoe ea bohlokoa e lokelang ho nahanoa ha ho baloa histori ke sepheo sa mongoli. Bukeng ea A Companion to the Study of History, Michael Stanford o re: “Histori leha e le efe e boletsoeng ke ba sebelisang matla a bona kapa ba lelekisang matla, kapa e boletsoeng ke metsoalle ea bona, e lokela ho belaelloa haholo.” Ha libuka tsa histori li e-na le boipiletso bo poteletseng kapa bo matla ka bochaba le lerato la naha, sepheo sa tsona e ba se belaetsang ka ho totobetseng. Ka masoabi, ka linako tse ling sena se fumanoa libukeng tsa sekolo. Qeto ea ’muso naheng e ’ngoe e ile ea bontša pepenene hore sepheo sa ho ruta histori ke “ho matlafatsa bochaba le lerato la naha lipelong tsa sechaba . . . hobane ho tseba liketsahalo tse fetileng tsa sechaba ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse susumelletsang sechaba ho rata naha.”

Histori e Fetotsoeng

Ka linako tse ling, histori ha e be leeme feela empa ebile ea fetoloa. Ka mohlala, buka ea Truth in History e re seo pele e neng e le Soviet Union se ile sa “hlakola lebitso la Trotsky libukeng e le hore boteng ba hae bo ka nyamela.” Trotsky e ne e le mang? E ne e le moeta-pele oa Phetohelo ea Marussia ea Bolshevik ’me e ne e le letsoho le letona la Lenin. Ka mor’a lefu la Lenin, Trotsky o ile a ba le khohlano le Stalin, a lelekoa Mokheng oa Bokomonisi ’me hamorao a bolaoa. Lebitso la hae le bile la tlosoa le libukeng tsa boitsebiso tsa Soviet Union. Ho khopama ho tšoanang ha histori, esita le ho ea bohōleng ba ho chesa libuka tsa ba sa lumellaneng le maikutlo a bona, e ’nile ea e-ba mokhoa o sebelisoang ke mebuso e mengata ea bohatelli.

Leha ho le joalo, ho fetola histori ke mokhoa oa boholo-holo, bonyane ho tloha mehleng ea Egepeta le Assyria. Ka ho ikhohomosa le ho ikhopola, bo-faro, marena le baemphera ba ne ba etsa bonnete ba hore tlaleho ea bona ea histori e ba rorisa ho tlōla. Ka hona, ba ne ba atisa ho fetelletsa lintho tseo ba atlehileng ho li finyella, le hoja ba ne ba bebofatsa, ba hlakola kapa ba sa tlalehe ntho leha e le efe e soabisang kapa e lihlong, e kang ho hlōloa ntoeng. Ho fapana le hoo, histori ea Iseraele e tlalehiloeng ka Bibeleng e akarelletsa mefokolo le makhabane a marena le bafo ka ho tšoanang.

Bo-rahistori ba hlahloba ho nepahala ha histori ea khale joang? Ba e bapisa le lintho tsa khale tse kang litlaleho tsa lekhetho, litekanyetso tsa melao, lipapatso tsa ho fantisoa ha makhoba, mangolo a khoebo le a botho le litlaleho tse ngotsoeng, mantsoe a fumanoang mesaletseng ea linkho tsa khale tsa letsopa, litlaleho tse feletseng tsa ho sesa ha likepe le lintho tse fumanoeng mabitleng. Lintho tsena tse fapa-fapaneng hangata li fana ka leseli le eketsehileng kapa le fapaneng historing e ngotsoeng. Haeba ho e-na le litlaleho tse sieo kapa ho e-na le lipelaelo tse salang, bo-rahistori ba tšepahalang hangata ba tla bolela hore ho joalo, le hoja ba ka ’na ba fana ka maikutlo a bona ho koala likheo tseo. Leha ho le joalo, babali ba bohlale ba bala libuka tse ngata haeba ba batla tlhaloso e leka-lekaneng ea histori.

Ho sa tsotellehe liphephetso tsohle tseo rahistori a tobanang le tsona, tlaleho ea hae e ka fana ka boitsebiso bo molemo. Buka e ’ngoe ea histori ea hlalosa: “Le hoja ho le thata ho e ngola . . . histori ea lefatše ke ea bohlokoa, ebile e molemo ho rōna.” Ntle le ho re fa boitsebiso ka lintho tse fetileng, histori e ka atolosa kutloisiso ea rōna ka maemo a batho a hona joale. Ka mohlala, ka potlako re fumana hore batho ba boholo-holo ba ne ba e-na le mekhoa e tšoanang le eo batho ba nang le eona kajeno. Mekhoa ena e lulang e ipheta e bile le tšusumetso e khōlō historing, mohlomong ea etsa hore batho ba re histori ea ipheta. Empa na eo ke qeto e utloahalang?

Na Histori ea Ipheta?

Na re ka noha bokamoso ka nepo ka lebaka la se etsahetseng nakong e fetileng? Mefuta e itseng ea liketsahalo ea ipheta. Ka mohlala, Mongoli oa mehleng oa ’Muso oa United States, Henry Kissinger o itse: “Tsoelo-pele e ’ngoe le e ’ngoe e kileng ea e-ba teng e qeteletse e oele.” O tsoetse pele: “Histori ke pale ea boiteko bo hlōlehileng, ea litabatabelo tse sa kang tsa finyelloa. . . . Ka hona, joaloka rahistori, motho o lokela ho amohela liketsahalo tse ke keng tsa qojoa tsa tlokotsi.”

Ha ho mebuso e ileng ea oa ka tsela e tšoanang. Babylona e ile ea oela matsohong a Bamede le Bapersia ka bosiu bo le bong ka 539 B.C.E. Greece e ile ea aroha ho ba mebuso e mengata ka mor’a lefu la Alexandere e Moholo, eaba qetellong e inehela ho Roma. Leha ho le joalo, ho sa ntse ho tsekisanoa hore na ke eng se ileng sa liha Roma. Rahistori Gerald Schlabach oa botsa: “Roma e oele neng? Na ka sebele e hlile ea oa? Ho na le ho itseng ho ileng ha fetoha Europe Bophirimela pakeng tsa 400 CE le 600 CE. Empa ho hongata ho ile ha tsoela pele.”a Ka ho hlakileng, likarolo tse ling tsa histori lia ipheta, le hoja tse ling li sa iphete.

Thuto e ’ngoe ea histori e lulang e ipheta ke ea ho hlōleha ha puso ea motho. Ka mehla eohle, mebuso e molemo e ’nile ea sitisoa ke boithati, ho se bonele lintho pele, meharo, bobolu, leano la hore ’metla-khōla o e lebisa ho oabo, ’me haholo-holo le takatso e feteletseng ea ho fumana matla le ho se lahleheloe ke ’ona. Ka hona, liketsahalo tsa nako e fetileng li tletse tlhōlisano ea libetsa, lilekane tse hlōlehileng, lintoa, merusu le pefo ea sechaba, ho se abe moruo ka toka le ho oa ha moruo.

Ka mohlala, hlokomela seo The Columbia History of the World e se buang ka tšusumetso eo tsoelo-pele ea Bophirimela e bileng le eona lefatšeng lohle: “Ka mor’a hore Columbus le Cortes ba lemose batho ba Europe Bophirimela ka menyetla e teng, takatso ea bona ea ho fumana basokolohi, ho fumana phaello le botumo e ile ea leotseha ka ho feletseng ’me tsoelo-pele ea Bophirimela ea qala ho sebelisoa, boholo e le ka likhoka, hoo e ka bang lefatšeng lohle. Ba e-na le takatso e hlokang mohau ea ho atolosa puso hammoho le ho ba le libetsa tse matlahali, bahlōli ba ile ba etsa linaha tse setseng tsa lefatše karolo ea mebuso e meholo ea Europe . . . Ha e le hantle, batho ba lik’honthinente tsena [Afrika, Asia le Linaha tsa Amerika] e ne e le liphofu tse sa khaotseng tsa ho tlatlapuoa ka sehlōhō.” Mantsoe a fumanoeng Bibeleng ho Moeklesia 8:9 ke ’nete hakaakang: ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi’!

Mohlomong tlaleho ena e soabisang ke eona e entseng hore rafilosofi oa Mojeremane a bolele hore ntho feela e ka ithutoang historing ke hore batho ha ba ithute letho ho eona. Jeremia 10:23 e re: “Tsela ea motho ha e matleng a hae, hape ha ho matleng a motho ho laola mehato ea hae.” (The Jerusalem Bible) Kajeno re lokela ho ameha haholo ka ho sitoa ho laola mehato ea rōna. Hobane’ng? Hobane re angoa ke mathata ao ka palo le ka boholo ho seng a tšoanang le ’ona. Joale re tla sebetsana ka katleho le boemo boo joang?

Mathata ao ho Seng a Tšoanang le ’Ona

Historing eohle ea motho, ha ho mohla lefatše lohle le kileng la hlaseloa joaloka mehleng ena ke boiteko bo kopanetsoeng ba ho senya meru, khoholeho ea mobu, ho fetoha ha naha lehoatata, pheliso e khōlō ea mefuta ea limela le liphoofolo, ho fela ha lera la ozone sepakapakeng, tšilafalo, ho futhumala ha lefatše, maoatle a chang le ho eketseha ha baahi ka sekhahla.

Buka ea A Green History of the World e re: “Phephetso e ’ngoe eo lichaba li kopaneng le eona ke ea liphetoho tse etsahalang ka potlako.” Ed Ayres eo e leng mohlophisi oa makasine ea World Watch, oa ngola: “Re hlaheloa ke ntho e fapaneng ka ho feletseng le e kileng ea e-ba teng hoo re sitoang ho e utloisisa, esita le haeba bopaki bo hlakile. Ho rōna, ‘ntho’ eo ke liphetoho tse etsahalang ka bongata bo tšosang tse amanang le bophelo le lihloliloeng lefatšeng lena leo re phelang ho lona.”

Ka lebaka la sena hammoho le mathata a mang, rahistori Pardon E. Tillinghast o re: “Tsela eo batho ba etsang lintho ka eona e fetohile e rarahaneng haholo, ’me ho ba bangata ba rōna, mathata ke a tšabehang. Ke tataiso efe eo litsebi tsa histori li ka e fang batho ba ferekaneng kajeno? Ho bonahala e se e kaalo.”

Litsebi tsa histori li ka ’na tsa se ke tsa tseba hore na li etse eng kapa li fane ka keletso efe, empa ka sebele ho ke ke ha e-ba joalo ka ’Mōpi oa rōna. Ha e le hantle, o ile a bolela esale pele ka Bibeleng hore matsatsing a bofelo, lefatše le tla hlaheloa ke “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1-5) Empa Molimo o nkile bohato bo eketsehileng ’me a etsa ntho eo bo-rahistori ba se nang matla a ho e etsa—o fane ka tharollo joalokaha re tla bona sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Se boletsoeng ke Schlabach se lumellana le se boletsoeng esale pele ke moprofeta Daniele ha a re ’Muso oa Roma o ne o tla hlahlangoa ke lehlomela la oona. Bona khaolo ea 4 le ea 9 ea buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

“Histori leha e le efe e boletsoeng ke ba sebelisang matla a bona . . . e lokela ho belaelloa haholo.”—RAHISTORI, MICHAEL STANFORD

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Moemphera Nero

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Roma, Musei Capitolini

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Ka mehla eohle ‘motho o busitse motho ho mo ntša kotsi’

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

“The Conquerors,” by Pierre Fritel. Includes (left to right): Ramses II, Attila, Hannibal, Tamerlane, Julius Caesar (center), Napoléon I, Alexander the Great, Nebuchadnezzar, and Charlemagne. From the book The Library of Historic Characters and Famous Events, Vol. III, 1895; planes: USAF photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela