Pono ea Bibele
Na Bakreste ba Lokela ho ba Teng Libokeng Tsa Phutheho?
“NKILE ka kena kereke, empa hona joale ha ke sa e kena.” “Ke nahana hore u ntse u ka rapela Molimo kae le kae, eseng kerekeng feela.” “Ke lumela ho Molimo ’me ke lumela le Bibele, empa ha ke bone ho hlokahala hore ke ee kerekeng.” Na u se u kile ua utloa batho ba bua mantsoe a tšoanang le aa? Batho ba bangata kajeno ba tloaetse ho bua joalo, haholo-holo linaheng tsa Bophirimela. Batho ba kileng ba kena kereke ha ba sa ho nka e le habohlokoa ho e kena. Bibele e re’ng ka ho ea kerekeng?
Mantsoe ana “kereke” le “likereke” a hlaha ka makhetlo a fetang 110 ho King James Version. Liphetolelo tse ling le tsona li sebelisa mantsoe ana. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “kereke” le bolela “pitso,” kapa ka mantsoe a mang, ho bokana ha batho. Ka mohlala, Liketso 7:38 ho King James Version e bua ka Moshe a le “kerekeng lefelleng,” ke hore, a le har’a sechaba sa Iseraele se bokaneng. Ketsahalong e ’ngoe Mangolo a bolela hore “mahloriso a maholo a ile a hlasela kereke,” e le ha a bua ka sechaba sa Bakreste ba Jerusalema. (Liketso 8:1, The Jerusalem Bible) Lengolong le leng la hae, Pauluse o lumelisa “kereke e ka tlung [ea Filemone],” e leng phutheho e neng e kopanela moo.—Filemone 2, Bibele e tloaelehileng ea Sesotho.
Ka ho hlakileng, lentsoe “kereke” le bolela sehlopha sa barapeli eseng sebaka seo ho rapeloang ho sona, ho ea kamoo le sebelisitsoeng kateng ka Bibeleng. A lumela sena, Clement oa Alexandria, mosuoe oa bolumeli oa lekholong la bobeli la lilemo o ngotse: “Ke bitsa phutheho e khethiloeng Kereke, eseng sebaka.” Ho ntse ho le joalo, na Bakreste ba lokela ho ba teng sebakeng se itseng kapa mohahong o itseng e le hore borapeli ba bona bo amohelehe ho Molimo?
Borapeli Sechabeng sa Iseraele
Molao oa Moshe o ne o hloka hore banna bohle ba Bajuda ba be teng sebakeng se itseng bakeng sa mekete e meraro ea selemo le selemo. Basali ba bangata le bana le bona ba ne ba e-ba teng. (Deuteronoma 16:16; Luka 2:41-44) Liketsahalong tse itseng, baprista le Balevi ba ne ba ruta bongata bo phuthehileng, ba bala Molao oa Molimo. Ba ne ba o ‘qaqisa, ba o kenya moelelo le ho etsa hore ’malo o utloisisoe.’ (Nehemia 8:8) Ka lilemo tsa Sabatha, tataiso ea Molimo e ne e re: “Phutha sechaba, banna le basali le bana ba banyenyane le mojaki oa hao ea ka har’a liheke tsa hao, e le hore ba mamele le hore ba ithute, kaha ba lokela ho tšaba Jehova Molimo oa lōna ’me ba ele hloko hore ba phethe mantsoe ’ohle a molao ona.”—Deuteronoma 31:12.
Ke tempeleng e Jerusalema feela moo motho a neng a ka etsa sehlabelo ho Molimo le ho fumana taeo ea baprista. (Deuteronoma 12:5-7; 2 Likronike 7:12) Ka mor’a nako e itseng, ho ile ha hahoa mehaho e meng ea borapeli Iseraele—lisynagoge. Tsena e ne e le libaka tsa ho bala Mangolo le ho rapela. Leha ho le joalo, tempele e Jerusalema e ne e le sebaka se ka sehloohong sa borapeli. Sena se hlakisoa ke seo mongoli oa Bibele, Luka, a se tlalehang. O bua ka mosali ea hōlileng, ea bitsoang Anna, “eo le ka mohla a neng a sa hlokoe tempeleng, a etsa tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare ka ho itima lijo le lithapeli.” (Luka 2:36, 37) Ho ba borapeling ba ’nete le ba bang e ne e le ntho e ka sehloohong bophelong ba Anna. Bajuda ba bang ba tšabang Molimo ba ile ba latela tsela e tšoanang.
Borapeli ba ’Nete ka Mor’a Lefu la Kreste
Ka mor’a lefu la Jesu, balateli ba hae ba ne ba se ba se tlas’a Molao oa Moshe ’me ba ne ba se ba sa tlangoe ke molao ho ea rapela tempeleng. (Bagalata 3:23-25) Leha ho le joalo, ba ile ba tsoela pele ho kopana hammoho bakeng sa ho rapela le ho ithuta Lentsoe la Molimo. Ba ne ba se na mehaho e majabajaba, ho e-na le hoo, ba ne ba sebelisa mahae a batho le libaka tsa sechaba. (Liketso 2:1, 2; 12:12; 19:9; Baroma 16:4, 5) Li se na lineano le lipontšo tse khanyang, liboka tseo tsa Bokreste tsa lekholong la pele la lilemo li ne li itekanetse ka tsela e khathollang.
Melao-motheo ea Bibele e neng e rutoa libokeng tseo e ne e phatsima joaloka litaemane har’a lefifi la boitšoaro le neng le le ’Musong oa Roma. Ba bang ba sa lumelang ba neng ba e-ea teng ka lekhetlo la pele ba ne ba ka khotsa feela: “Ka sebele Molimo o har’a lōna.” (1 Bakorinthe 14:24, 25) E, Molimo o ne a fela a le har’a bona. “Ka hona, ka sebele, liphutheho [“likereke,” RS, JB] li ile tsa tsoela pele ho tiisoa tumelong le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.”—Liketso 16:5.
Na ka nako eo Molimo o ne a ka amohela Mokreste ea neng a rapela litempeleng tsa bohetene kapa a le mong? Bibele e fana ka tataiso e hlakileng tabeng ena: Barapeli ba amohelehang ba ne ba lokela ho ba karolo ea kereke e le ’ngoe ea ’nete, kapa phutheho, “’mele o le mong” oa barapeli ba ’nete. Bana e ne e le barutuoa ba Jesu, ba neng ba tsejoa e le Bakreste.—Baefese 4:4, 5; Liketso 11:26.
Ho Thoe’ng Kajeno?
Ho e-na le ho re khothalletsa hore re rapele kerekeng, Bibele e re khothalletsa hore re rapele le kereke, “phutheho ea Molimo ea phelang,” batho ba ‘rapelang ka moea le ka ’nete.’ (1 Timothea 3:15; Johanne 4:24) Liboka tsa bolumeli tse amoheloang ke Molimo li lokela ho ruta batho ‘liketso tsa boinehelo ba bomolimo.’ (2 Petrose 3:11) Li lokela ho thusa ba teng hore e be Bakreste ba hōlileng tsebong, ba ka ‘khethollang se nepahetseng le se fosahetseng.’—Baheberu 5:14.
Lipaki tsa Jehova li leka ka matla ho latela mohlala oa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Liphutheho tse fetang 91 400 lefatšeng ka bophara li kopana kamehla Liholong tsa ’Muso, malapeng a batho le libakeng tse ling ho ithuta Bibele le ho khothatsana. Sena se tumellanong le mantsoe a moapostola Pauluse: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna.”—Baheberu 10:24, 25.