Sebōpeho sa Ntoa ea Kajeno
KAMPO ea baphaphathehi e ile ea hlongoa ka lepotlapotla hore ho hlokomeloe baphaphathehi ba 1 548 ba neng ba fihlile ka tšohanyetso ba e-tsoa naheng e ’ngoe ea boahelani Afrika. Litente tse nang le ’mala o moputsoa le o bosootho bo bosehla li ne li hlonngoe sebakeng se khothiloeng se seretse ka har’a moru oa lifate tsa palema. Ho ne ho se na motlakase kapa mealo, ’me ho ne ho se na lipompo tsa metsi kapa matloana. Pula e ne e e-na. Baphaphathehi ba ne ba sebelisa lithupa ho cheka liforo tse nyenyane ho khelosa metsi hore a se ke a tlala ka litenteng. Mekhatlo e ’meli ea machaba ea liphallelo e ile ea sebetsa ka lehlaphahlapha ho ntlafatsa maemo a moo a bophelo.
Pejana, baphaphathehi ba ne ba ile ba sebelisa monyetla oa ho palama mosoahla oa sekepe e le hore ba pholohe ntoa ea lehae e neng e harasoantse naha ea habo bona ka lilemo. Ntoa eo e ne e sa loanoe ka litanka tsa ntoa tse entseng mokoloko kapa ka lifofane tse matla tse lihang libomo. E ile ea qala ha masole a 150 a hlometseng ka lithunya tsa ntoa a ne a kena naheng eo ka moea oa hore ha ho poho-peli haese ’ona feela. Lilemong tse latelang, masole ao a ile a hapa metse ka ho latellana, a batla sethabathaba ho baahi, a thaotha masole a eketsehileng le ho bolaea mang le mang ea khahlanong le ’ona. Qetellong a ile a hapa naha eohle.
E mong oa baphaphathehi kampong moo e ne e le mosali e mocha ea bitsoang Esther. O itse: “Ntho e bohloko ka ho fetisisa eo ke bileng le eona bophelong ke ho shoeloa ke monna ntoeng ena. Ba ile ba mo thunya. Re lula re tšohile ka linako tsohle. Ha u utloa motho a hooa, u nahana hore ho na le motho ea tlil’o u bolaea. Ha u bona motho a tšoere sethunya, u nahana hore u tlil’o u bolaea. Ho ne ho se mohla ke phutholohileng. Ke mona feela moo ke khonang ho robala bosiu. Hae koana ke ne ke sitoa ho robala. Mona ke robala joaloka lesea.”
Mongoli oa Tsoha! o ile a botsa: “U bolela le hona moo litenteng tse mongobo?”
Esther o ile a tšeha. “Esita le haeba ke ne ke tlameha ho robala seretseng sena, ke ne ke ntse ke tla robala hamonate ho feta moo ke tsoang teng.”
Ambrose ea lilemo li leshome, o qetile boholo ba bophelo ba hae a baleha libakeng tsa ntoa le lelapa labo. O itse: “Ke lakatsa hore ho be le khotso ’me ke khutlele sekolong. Etsoe kea hōla joale.”
Kpana ea lilemo li robong o na le mahlo a matle a masoothoana. Ha a botsoa hore na ke ntho efe eo a e hopolang pele, o ile a arabela a sa qeaqee: “Ke ntoa! Ho loana!”
Mofuta oa ntoa eo batho bana ba e balehang o tloaelehile lilemong tsa morao tjena. Ho latela mohloli o mong, lintoeng tse 49 tse ’nileng tsa loanoa ho tloha ka 1990, tse 46 tsa tsona li ’nile tsa loanoa ka ho khetheha ka libetsa tse bobebe. Ho fapana le sabole kapa lerumo, tse hlokang hore motho a be le tsebo le matla a ho li sebelisa hantle ntoeng, libetsa tse nyenyane li entse hore ho loana ntoeng ho be bonolo ka ho tšoanang ho ba se nang phihlelo le ho ba nang le tsebo.a Hangata ho thaothoa bacha le bana ’me ba qobelloa ho tlatlapa thepa, ho holofatsa le ho bolaea.
Bongata ba lintoa tsena li kupa ka har’a naha, eseng lipakeng tsa linaha. Ha li loanoe ke masole a koetliselitsoeng ntoa, empa boholo ba tsona li loanoa ke baahi metseng e meholo, litoropong le metsaneng. Kaha boholo ba ntoa e loanoa ke batho ba se nang koetliso ea sesole, ho na le lipelaelo tse seng kae tsa hore ho tlōloa melao e tloaelehileng ea ntoa. Ka lebaka leo, ho tloaelehile ho hlasela banna, basali le bana ba sa hlomelang ka mabifi. Ho lumeloa hore lintoeng tsa mehleng ena, karolo ea 90 lekholong ea ba bolaoang ke baahi. Lintoeng tse joalo, libetsa tse nyenyane le tse bobebe ke tsona tse sebelisoang haholo.
Ke ’nete hore lithunya ha li bake ntoa ka botsona—khale batho ba loana le pele ho qaptjoa mosili o kenngoang lithunyeng. Leha ho le joalo, pokello ea lithunya e ka ’na ea khothalletsa ntoa ho e-na le ho rarolla mathata ka lipuisano. Libetsa li ka ’na tsa lelefatsa nako ea ntoa ’me tsa eketsa polao e sehlōhō.
Le hoja libetsa tse sebelisoang lintoeng tsa kajeno li le bobebe, li tlisitse liphello tse tšabehang. Lilemong tsa bo-1990, libetsa tse joalo li ile tsa bolaea batho ba fetang limilione tse ’nè. Ba bang ba fetang limilione tse 40 e bile baphaphathehi kapa ba lahlehetse libakeng tse ling. Libetsa tse nyenyane li holofalitse lichaba tse harasoantsoeng ke ntoa lipolotiking, maemong a bophelo, moruong le tikolohong. Litšenyehelo tsa mekhatlo ea machaba litabeng tsa liphallelo, ho hlokomela baphaphathehi, ho boloka khotso le ho namola masole li ’nile tsa e-ja liranta tse limilione tse likete.
Ke hobane’ng ha libetsa tse nyenyane li sebetsa haholo hakaale lintoeng tsa mehla ee? Li tsoa hokae? Ho ka etsoa eng ho fokotsa kapa ho felisa liphello tsa tsona? Re tla tšohla lipotso tsena lihloohong tse latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Poleloana “libetsa tse nyenyane” e bolela lithunya tse jaroang lehetleng le tse nyenyane tsa letsoho—libetsa tse ka tšoaroang ke motho a le mong; poleloana “libetsa tse bobebe” e kopanyelletsa lithunya tsa merathatha, likanono, le mechine ea ho tsoibila liqhomane eo ka linako tse ling e hlokang ho tšoaroa ke batho ba babeli.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 11]
UN PHOTO 186797/J. Isaac\