Ntoa e Nkile Sebōpeho se Seng
HAESALE ntoa e ntse e le sehlōhō. Haesale e ntse e sohloka bophelo ba masole ’me kamehla e ’nile ea tlisetsa baahi mahlomola. Empa lilemong tsa morao tjena, ntoa e nkile sebōpeho se seng. Ka tsela efe?
Boholo ba lintoa tsa kajeno ke lintoa tsa lehae—e leng lintoa pakeng tsa lihlopha tse hanyetsanang tsa baahi ba naha e le ’ngoe. Hangata lintoa tsa lehae li nka nako e telele haholoanyane, li siea baahi ba ferekane maikutlo haholoanyane, ’me li ripitla linaha ka ho feletseng haholoanyane ho feta lintoa pakeng tsa lichaba. Rahistori oa Lesepanishe, Julián Casanova, o re: “Lintoa tsa lehae li sehlōhō, li baka tšollo ea mali e fellang ka lefu la ba likete, ho hlekefetsoa ka ho kopanela liphate, ho qobelloa ho tloha mahae, ’me maemong a feteletseng, li fella ka boiteko ba ho timetsa morabe ka ho feletseng.” Ha e le hantle, ha baahelani ba etsetsana sehlōhō, bohloko ba sena bo ka ’na ba nka lilemo tse makholo pele bo kokobela.
Ho tloha ha Ntoa ea Mantsoe e fela, ho loannoe lintoa tse batlang li fokola ka palo pakeng tsa mabotho a lichaba tse fapaneng. Stockholm International Peace Research Institute (SIPRI) ea tlaleha e re: “Lintoa tsohle tse khōlō tse ngolisitsoeng ka 1990-2000 e ne e le tsa lehae, ntle ho tse tharo feela.”
Ke ’nete hore lintoa tsa lehae li ka ’na tsa bonahala li sa tšose hakaalo ’me ho ka etsahala hore boholo ba tsona bo se ke ba tlalehoa mecheng ea litaba ea machaba, empa bohloko le tšenyo e bakoang ke bora bo joalo e ntse e le tse sithabetsang. Batho ba limilione ba shoele lintoeng tsa lehae. Ha e le hantle, lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng, hoo e ka bang batho ba limilione tse hlano ba ile ba bolaoa linaheng tse tharo feela tse harasantsoeng ke ntoa—e leng Afghanistan, Democratic Republic of Congo le Sudan. Linaheng Tsa Balkan, ntoa e mahlo-mafubelu e ile ea bolaea batho ba ka bang 250 000, ’me ntoa e sa eeng moriting ea likhukhuni Colombia e bolaile batho ba 100 000.
Hore ntoa ea lehae e sehlōhō ho totobala haholo liphellong tseo e li tlisetsang bana. Ho latela Lenģosa le Phahameng la Machaba a Kopaneng Bakeng sa Baphaphathehi, lilemong tse leshome tse fetileng, bana ba fetang limilione tse peli ba ile ba bolaoa lintoeng tsa lehae. Ba bang ba limilione tse tšeletseng ba ile ba tsoa likotsi. Bana bao palo ea bona e ntseng e eketseha ba fetotsoe masole. Ngoana e mong oa lesole o re: “Ba ile ba nkoetlisa. Ba ile ba mpha sethunya. Ke ne ke sebelisa lithethefatsi. Ke ile ka bolaea baahi. Ka bolaea ba bangata. E ne e mpa e le ntoa . . . Ke ne ke mpa ke phetha litaelo. Ke ne ke tseba hore ho fosahetse. E ne e se takatso ea ka.”
Bana ba bangata linaheng tseo ho tsona ntoa ea lehae e tloaelehileng ba hōla ba sa tsebe hore na ha ho e-na le khotso ke ha ho le joang. Ba phela lefatšeng leo ho lona likolo li sentsoeng le moo mahlakore a loantšanang a buisanang ka lithunya. Dunja ea lilemo li 14 o re: “Ho shoele batho ba bangata haholo . . . Ha u sa hlola u utloa linonyana ha li bina, u utloa feela mantsoe a bana ba llelang ’mè, ntate, kapa banab’abo bona ba bolailoeng.”
Lisosa Tsa Eona ke Life?
Ke eng se rotetsang mollo oa lintoa tsa lehae tse sehlōhō hakaale? Lehloeo la merabe le la meloko, ho se tšoane ha bolumeli, leeme le merusu lipolotiking, kaofela ke mabaka a ka sehloohong. Sesosa se seng se seholo ke meharo—meharo ea matla le meharo ea chelete. Baeta-pele ba lipolotiki, hangata e le ha ba susumetsoa ke meharo, ba butsoela lehloeo le hlohlelletsang ntoa. Tlaleho e hatisitsoeng ke SIPRI e bolela hore ba bangata ba kopanelang lintoeng tsa lihlomo “ba habile mejo.” Tlaleho eo e phaella ka ho re: “Meharo e bontšoa ka mekhoa e mengata, ho tloha khoebong e khōlō ea litaemane e etsoang ke masole le baeta-pele ba lipolotiki ho ea ho utsoeng ha bacha metseng ka lithunya.”
Ho fumaneha habonolo ha libetsa tse theko e tlaase empa e le tse kotsi ho etsa hore ho bolaoe batho ba bangata ka sehlōhō. Batho ba ka bang 500 000 ba shoang ka selemo—boholo e le basali le bana—ba bolaoa ka libetsa tsena tseo ho thoeng ke tse nyenyane. Naheng e ’ngoe ea Afrika, sethunya sa AK-47 se ka rekoa ka chelete e lekanang le e rekang khoho. Ka masoabi, libakeng tse ling lithunya li batla li le ngata joaloka tsona likhoho. Hona joale lefatšeng lohle ho hakanngoa hore ho na le libetsa tse nyenyane tse limilione tse 500—e leng sebetsa se le seng bakeng sa batho ba bang le ba bang ba 12 ba phelang.
Na lintoa tse mabifi tsa lehae e tla ba letšoao la lekholo la bo21 la lilemo? Na lintoa tsa lehae li ka laoloa? Na ho na le mohla batho ba tla khaotsa ho bolaea ba bang? Sehlooho se latelang se tla tšohla lipotso tsena.
[Lebokose le leqepheng la 4]
Phello e Sisimosang ea Lintoa Tsa Lehae
Lintoeng tsa lehae tseo ho tsona ho sa sebelisoeng libetsa tse tsoetseng pele haholo le hoja li ntse li le sehlōhō, karolo ea 90 lekholong ea mahlatsipa hase ba loanang, ho e-na le hoo, ke baahi. Graça Machel, Setsebi sa Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng Mabapi le Liphello Tsa Lintoa Tsa Lihlomo Baneng, o re: “Ho hlakile hore maemong a ntseng a eketseha, bana ke bahlaseluoa, hase hore ba ntšoa likotsi e se ka morero lintoeng tsa lihlomo.”
Peto e fetohile mokhoa o mong o sebelisoang ke masole. Libakeng tse ling tse harasantsoeng ke ntoa, marabele a beta hoo e ka bang ngoanana e mong le e mong ea lilemong tsa bocha eo a mo fumanang metseng eo a e hapang. Pakane ea babeti bao ke ho jala tšabo kapa ho senya likamano tsa lelapa.
Ha ntoa e lala ho sala tlala ea boja-likata le maloetse. Ntoa ea lehae e bolela hore ho tla lengoa ho be ho kotuloe lijo tse seng kae feela, ho tla ba le litšebeletso tse seng kae feela tsa bongaka haeba li le teng, ’me ke thuso e fokolang ea machaba e tla fihla ho ba hlileng ba e hlokang. Phuputso e ’ngoe ea ntoa ea lehae ea Afrika e ile ea bontša hore mahlatsipa a etsang karolo ea 20 lekholong a ile a bolaoa ke maloetse ’me a etsang karolo ea 78 lekholong a bolaoa ke tlala. Ke a etsang karolo ea 2 lekholong feela a ileng a shoa e le phello e tobileng ea ntoa.
Ka karolelano, metsotsong e meng le e meng e 22 motho o khaoha leoto kapa letsoho kapa o bolaoa ke ho hata seqhomane sa fatše. Ho hakanngoa hore ho na le liqhomane tsa fatše tse limilione tse 60 ho ea ho tse 70 tse jetsoeng linaheng tse fetang 60.
Batho ba qobelloa hore ba balehe malapeng a bona. Lefatšeng lohle, hona joale ho na le baphaphathehi le batho ba ileng ba tlameha ho tloha mahaeng a bona ba limilione tse 50—halofo ea bona ke bana.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
COVER: Boy: Photo by Chris Hondros/Getty Images
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Photo by Chris Hondros/Getty Images