Metse e Meholo e na le Bokamoso Bofe?
“HA RE sheba metse ea rōna e meholo, re bona bokamoso ba rōna.” Sena ke se boletsoeng ke Ismail Serageldin oa Banka ea Lefatše. Empa ho latela seo re se boneng ho tla fihlela joale, bokamoso boo ha bo bonahale bo khanya.
Ka ho babatsehang, ho etsoa boiteko bo matla ba ho ntlafatsa bophelo libakeng tse ngata tsa metse e meholo. New York City e sa tsoa qeta ho nchafatsa Times Square e Manhattan. Nakong e fetileng, sebaka seo se ne se tumme hampe ka khoebo ea litšoantšo tsa bootsoa, tloaelo ea ho sebelisa lithethefatsi le tlōlo ea molao. Hona joale limmaraka tsa eona tse ncha le mabala a liketsahalo ke tsona tse kolokileng sebakeng seo, li hohela baeti ba likete. Ho latela makasine ea National Geographic, Naples, Italy, “motse o moholo o khanyang, o tsoetseng pele oo ka nako e ’ngoe o kileng oa ba maemong a tšoanang le a London le Paris,” o ile oa senyeha nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Naples e ile ea fetoha seo ho ka thoeng ke sebaka sa botlokotsebe le pherekano. Leha ho le joalo, ha ho ne ho khethoa motse oo hore ho tšoareloe seboka sa lipolotiki ho oona ka 1994, ho ile ha tsosolosoa le lintho tse sa reng letho ha setsi se seholo sa motse oo o moholo se lokisoa.
Ho hlakile hore ho sebetsoa ka thata hore ho be le metse e meholo e sireletsehileng le e hloekileng haholoanyane. Tšireletseho e eketsehileng hangata e bolela hore ho tlameha ho be le mapolesa a eketsehileng. Bothata bo bong e ka ba boinotši. Libaka tse ling tsa sechaba li tlas’a leihlo le nchocho la lik’hamera tsa TV le mapolesa a sa aparang junifomo. Ha u tsamaea sebakeng sa boikhathollo ’me u feta libaka tse tšikhunyang metsi, tse nang le litšoantšo tse betliloeng, kapa lirapa tsa lipalesa, e ka ’na eaba u feta libakeng tseo ho tsona u behiloeng leihlo feela u sa tsebe.
Ka linako tse ling lintlafatso li boetse li ba teng ka tšenyehelo e khōlō ho mafutsana. Nahana ka se etsahalang boemong ba ha malapa a nang le hona a fallela libakeng tsa mafutsana. Ho falla hoo ha ’ona ho fetola moruo—“ho tloheloa mesebetsi ea ho hlahisa lintho, le ho itšetleha ka litsebo tse itseng tse itekanetseng ’me ho sebelisoa mechine e etsang mosebetsi ka boeona e sa hloke matla a motho.” (Gentrification of the City, ea Neil Smith le Peter Williams) Ha mesebetsi ea matsoho e ntse e fela ’me ho se ho hlokahala basebetsi ba litsebi le ba theknoloji, ho boetse ho eketseha tlhokahalo ea bolulo ba batho ba itekanetseng. Ho e-na le hore litsebi li lule li e-ea mosebetsing le ho khutlela metsaneng eo li lulang ho eona e motseng o moholo, tse ngata tse lefuoang chelete e ngata li khetha ho nchafatsa matlo a libakeng tse sohlokehileng.
Ha ho pelaelo hore sena se etsa hore sebaka se ntlafale haholo. Empa ha libaka tse joalo li ntlafala, litheko le tsona lia phahama. Hangata mafutsana a qetella a iphumana a thatafalloa ke ho phela sebakeng seo a ’nileng a sebetsa le ho phela ho sona ka lilemo tse ngata!
Na ke ho Fela ha Metse e Meholo?
E ka ’na eaba metse e meholo e qalile ho utloa matla a phetoho e bakoang ke theknoloji. Ha Internet e ntse e tloaeleha ka ho eketsehileng e le tsela ea ho reka le ea ho tsamaisa khoebo, sena se ka ba le phello e matla. Theknoloji e ncha e se e bile e nolofalelitse bo-rakhoebo ba bang hore ba fallele metseng e meholo e ka thōko—ba tsamaea le basebetsi ba bangata.
Ha ho reka le ho sebetsa ka mehala ho ata, batho ba ka ’na ba tsoafa ho ea libakeng tse phetheselang tsa khoebo. Buka ea Cities in Civilization e re: “Re ka ’na ra bona esale pele ho ba teng ha basebetsi ba tsitsitseng, haholo-holo ba nakoana, ba sebeletsa mahaeng a bona ka ho feletseng kapa libakeng tse haufi tsa mosebetsi, . . . ka hona ba fokotsa tšubuhlellano ea sephethephethe.” Ka ho tšoanang, setsebi sa meralo ea ho haha, Moshe Safdie o na le maikutlo ana: “Tikolohong ena e ncha, re ka ’na ra ba le metse e limilione e hasaneng hohle, e fang batho boiketlo ba ho phela toropong e nyenyane le katleho e bakoang ke mahlale a elektronike metseng e meholo e tummeng.”
Metse e Meholo e na le Bokamoso Bofe?
Batho ba bangata ba lumela hore le kantle ho theknoloji, metse e meholo e fana ka litšebeletso le melemo e tla tsoela pele ho khahla batho. Ho sa tsotellehe hore na bokamoso bo fupere eng, hona joale metse e meholo ea kajeno e maqakabetsing! ’Me ha ho bonahale ho e-na le tharollo bakeng sa mathata a mangata a bolulo le bohloeki a tjametseng mafutsana a limilione tse eketsehang a lulang metseng e meholo. Hape ha ho motho leha e le ofe ea seng a kile a ba haufi le ho fumana mokhoa oa ho felisa tlōlo ea molao, ho senyeha ha tikoloho kapa tšilafalo ea metse e meholo.
Ba bang ba tla ntša ntlha ea hore se hlokahalang ke hore feela mebuso e fane ka chelete e eketsehileng metseng ea eona e meholo. Empa ha re nahana ka tlaleho ea lintho tse finyeletsoeng ke mebuso e mengata ka ho laola lichelete tsa eona, na hoa utloahala ho nahana hore ho rarolla mathata a metse e meholo ho bonolo feela joaloka ho saena cheke? Lilemong tse mashome tse fetileng, buka ea The Death and Life of Great American Cities e ile ea re: “Ho na le khopolo e fosahetseng eo ba bangata ba nang le eona ea hore haeba re ne re e-na le chelete e lekaneng lintho tseo re li hlokang . . . , re ne re ka felisa libaka tsohle tsa rōna tsa litakana. . . . Empa bona seo re se hlahisitseng ka chelete e likete tsa limilione e seng e sebelisitsoe: Mesebetsi e lefang chelete e nyenyane e fetohang litsi tse kotsi tsa botlokotsebe, ho senya thepa le ho hloka tšepo ha sechaba ka kakaretso tse mpe ho feta litakana tseo li neng li lokela hore ebe li li tlositse.” Ho bonahala mantsoe ana e le ’nete le kajeno.
Empa tharollo ke eng haeba chelete hase eona tharollo? Re lokela ho hopola hore metse e meholo e entsoe ka batho, eseng ka mehaho le literata feela. Ka hona, ha e le hantle batho ke bona ba lokelang ho fetoha hore bophelo ba metseng e meholo bo ntlafale. Lewis Mumford bukeng ea The City in History o re: “Moruo oa bohlokoahali oa motse o moholo ke tlhokomelo le ntlafatso e etsoang ke batho.” ’Me haeba ho lokela ho felisoa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, botekatse, tšilafalo, tšenyeho ea tikoloho, ho se lekane maemong a bophelo sechabeng, ho senngoa ha thepa, mengolo kapa litšoantšo tse ngoloang maboteng a mehaho ea sechaba, le tse ling tse tšoanang le tsena, ho hlokahala ho eketsehileng ho feta ho ba le mapolesa a mangata kapa ho penta mehaho bocha. Ho hlokahala hore batho ba thusoe hore ba etse liphetoho tse khōlō menahanong ea bona le boitšoarong ba bona.
Phetoho Botsamaising
Ho hlakile hore ho ke ke ha khoneha hore batho ba tlise liphetoho tse khōlō joalo. Ka hona, boiteko ba ho rarolla mathata a metse e meholo ea kajeno—ho sa tsotellehe hore na ke ka boikemisetso bo botle hakae—qetellong bo tla hlōleha. Leha ho le joalo, liithuti tsa Bibele ha li felloe ke tšepo hobane li bona mathata ana a metse e meholo ea kajeno e le o mong oa mehlala ea hore batho ha ba khone ho laola polanete ea rōna ka nepo. Ho ata ha metse ea kajeno e ferekaneng ho mpa feela ho tlatsa mantsoe a Bibele a ho Jeremia 10:23: “Tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” Boiteko ba motho ba hore a ipuse bo feletse ka masisa-pelo a mangata—mathata a bonahalang metseng e meholo ea rōna.
Ka hona, baahi ba metse e meholo lefatšeng ka bophara ba ka tšelisoa ke tšepiso ea Bibele e tlalehiloeng ho Tšenolo 11:18, ea hore Molimo o tla “felisa ba senyang lefatše.” Ho e-na le ho ba e fosahetseng, ntlha ena e bua ka bokamoso bo botle bakeng sa moloko oa batho. E tšepisa hore Molimo o tla nka boikarabelo ba ho tsamaisa polanete ena ea rōna ka puso, kapa ’Muso. (Daniele 2:44) Ha ho sa tla ba le batho ba limilione ba phelang bofutsaneng bo sa hlaloseheng, ba se nang matlo a matle le lintho tsa motheo tsa bohloeki, ba tlosoang seriti kapa ba hlokang tšepo. Tlas’a puso ea ’muso oa Molimo, batho ba tla thabela katleho ea lintho tse bonahalang, bophelo bo botle ba ’mele le bolulo bo botle.—Esaia 33:24; 65:21-23.
Lefatše lena le lecha ke eona feela tharollo ea sebele ea mathata a metse e meholo ea kajeno.
[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
Ho etsoa boiteko bo matla ba ho ntlafatsa bophelo libakeng tse ngata tsa mahaeng
Naples, Italy
New York City, U.S.A.
Sydney, Australia
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
SuperStock
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Lefatše le lecha la Molimo le fana ka tharollo ea mathata a tjametseng baahi ba metseng ea litoropo ea kajeno