Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 6/8 maq. 4-9
  • Bongaka ba Kajeno—Bo ka Finyella ho Hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bongaka ba Kajeno—Bo ka Finyella ho Hokae?
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Rala Motheo
  • Ho Tlohela ho ba ba Kutang Moriri ho ba Lingaka Tse Buoang
  • Ho Hlōla Maloetse
  • Bongaka ba Lekholong la Bo20 la Lilemo
  • Na ke Pakane e ke Keng ea Finyelloa?
  • Na Tharollo e ka ba ho Phekola ka Liphatsa Tsa Lefutso?
  • Ntoa Khahlanong le ho Kula le Lefu—Na ea Hlōloa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Bibele e Loantšitse Mafu Pele ho Saense
    Tsoha!—1991
  • Na Saense e Tla Phekola ho Kula Lefatšeng?
    Tsoha!—2007
  • Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 6/8 maq. 4-9

Bongaka ba Kajeno—Bo ka Finyella ho Hokae?

BANA ba bangata ba ithuta ba sa le banyenyane: E le hore ba khe tholoana eo ba sa e fihleleng sefateng, ba lokela ho hloella mahetleng a ba bang. Ho etsahetse ntho e tšoanang lefapheng la bongaka. Bafuputsi ba tsa bongaka ba fihlile boemong bo holimo ba katleho ka ho ema holim’a mahetla a baphekoli ba hlahelletseng ba mehleng ea khale.

Har’a baphekoli bao ba khale e ne e le banna ba tsebahalang ba kang Hippocrates le Pasteur, hammoho le banna ba kang Vesalius le William Morton—mabitso a sa tloaelehang ho ba bangata. Bongaka ba kajeno bo ruile molemo joang ho bona?

Mehleng ea boholo-holo, hangata mekhoa ea ho phekola e ne e se ea saense, empa e ne e sebelisa litumela-khoela le lineano tsa bolumeli. Buka ea The Epic of Medicine, e hlophisitsoeng ke Dr. Felix Marti-Ibañez, e re: “Ha ba loantša boloetse bo itseng . . . batho ba Mesopotamia ba ne ba sebelisana le baphekoli ba bolumeli kaha ba ne ba lumela hore boloetse boo ke kotlo ea bona e tsoang ho melimo.” Meriana ea Egepeta e ileng ea latela ka potlako le eona e ne e hlaha bolumeling. Ka hona, ho tloha qalong, mophekoli o ne a fuoa tlhompho ea bolumeli.

Bukeng ea hae ea The Clay Pedestal, Dr. Thomas A. Preston o re: “Litumelo tse ngata tsa batho ba boholo-holo li siile tšusumetso e itseng mokhoeng oa ho phekola o teng ho fihlela joale. Tumelo e ’ngoe ea mofuta oo e ne e le ea hore boloetse ke ntho e ke keng ea laoloa ke mokuli, le hore tšepo ea hore o tla fola e ne e e-ba teng feela ka matla a ngaka a bonohe.”

Ho Rala Motheo

Leha ho le joalo, hamorao mekhoa ea ho phekola e ile ea kena haholoanyane ho tsa saense. Mophekoli ea ka sehloohong baphekoling ba boholo-holo ba saense e bile Hippocrates. O tsoetsoe hoo e ka bang ka 460 B.C.E. sehlekehlekeng sa Greece sa Kos ’me ba bangata ba mo nka e le ntate oa bongaka ba linaha tsa ka Bophirimela. Hippocrates o ile a rala motheo oa ho nahana ka tsela e utloahalang ka mokhoa oa ho phekola. O ile a hana khopolo ea hore boloetse ke kotlo e tsoang ho melimo, a beha lebaka la hore bo bakoa ke lintho tsa tlhaho. Ka mohlala, e ne e le khale sethoathoa se bitsoa boloetse bo halalelang ka lebaka la tumelo ea hore se ne se ka folisoa feela ke melimo. Empa Hippocrates o ile a ngola: “Malebana le boloetse boo ho thoeng boa Halalela: ’na ha ke bone e le boloetse bo amanang le melimo kapa bona bo halalelang ho fapana le maloetse a mang, bo bakoa ke lintho tsa tlhaho.” Hippocrates e ne e boetse e le mophekoli oa pele ea tsejoang oa ho lemoha matšoao a maloetse a fapa-fapaneng le ho a ngola hore e tle e be mohloli oa boitsebiso bakeng sa nako e tlang.

Makholo a lilemo hamorao, Galen, ngaka ea Mogerike e hlahileng ka 129 C.E., le eena o ile a qalisa mokhoa o mocha oa lipatlisiso tsa saense. A itšetlehile ka mokhoa oa tlhahlobisiso ea litho tsa ’mele ea batho le liphoofolo, Galen o ile a ngola buka ka kaheho ea batho le liphoofolo e ileng ea sebelisoa ke lingaka ka makholo a lilemo! Andreas Vesalius ea hlahetseng Brussels ka 1514, o ile a ngola buka On the Structure of the Human Body. E ile ea hanyetsoa kahobane e ne e hanana le liqeto tse ngata tsa Galen, empa e ne e ralile motheo oa thuto ea kaheho ea kajeno ea ’mele oa motho le oa phoofolo. Ho latela buka ea Die Grossen (Ba Hlahelletseng), Vesalius e ile ea e-ba “e mong oa babatlisisi ba bohlokoa ka ho fetisisa ba kileng ba e-ba teng.”

Ka ho tšoanang, qetellong likhopolo tsa Galen ka pelo le ho potoloha ha mali li ile tsa qheleloa thōko.a William Harvey, ngaka ea Lenyesemane, o ile a qeta lilemo tse ngata a hlahlobisisa litho tsa liphoofolo le linonyana. O ile a lemoha ho sebetsa ha methapo ea pelo, a lekanya bongata ba mali a ka karolong ka ’ngoe ea pelo ’me a hakanya hore na mali a mangata hakae ’meleng. Harvey o ile a phatlalatsa lintho tseo a li sibolotseng ka 1628 bukeng e bitsoang On the Motion of the Heart and Blood in Animals. O ile a tšoauoa liphoso, a hanyetsoa, a hlaseloa le hona ho nyelisoa. Empa mosebetsi oo oa hae o ile oa baka phetoho e khōlō lekaleng la bongaka—ho ne ho sibolotsoe mokhoa oa ho potoloha ha mali ’meleng!

Ho Tlohela ho ba ba Kutang Moriri ho ba Lingaka Tse Buoang

Ho ne ho boetse ho hateloa pele haholo tsebong ea ho buoa. Mehleng e Bohareng, hangata ho buoa e ne e le mosebetsi oa batho ba kutang moriri. Ha ho makatse hore ba bang ba re mothehi oa ho buoa ha kajeno e bile monna oa Mofora oa lekholong la bo16 la lilemo, Ambroise Paré—ngaka ea pele e buoang e neng e sebeletsa marena a mane a Fora. Paré o ile a qapa le lisebelisoa tse ngata tsa ho buoa.

Bothata bo bong bo boholo bo neng bo ntse bo tobane le ngaka e buoang lekholong la bo19 la lilemo e ne e le ho sitoa ho thethefatsa bohloko ba ho buuoa. Empa ka 1846, ngaka ea meno e bitsoang William Morton e ile ea e-ba ea pele ea ho sebelisa moriana o thethefatsang bohloko o seng o sebelisoa hohle.b

Ka 1895, ha setsebi sa fisiks sa Lejeremane, Wilhelm Röntgen, a ntse a etsa liteko ka motlakase, o ile a bona mahlaseli a phunyeletsang nameng, eseng lesapong. O ne a sa tsebe mohloli oa mahlaseli ao, ka hona, o ile a a bitsa X rays (mahlaseli ao ho sa tsejoeng palo ea ’ona), e leng lebitso le ntseng le sebelisoa le hona joale Senyesemaneng. (Majeremane a a tseba ka la Röntgenstrahlen.) Ho latela buka ea Die Großen Deutschen (Majeremane a Hlahelletseng), Röntgen o ile a re ho mosali oa hae: “Batho ba tla re: ‘Röntgen o kopane hlooho.’” Ba bang ba ile ba fela ba cho joalo. Empa seo a se sibolotseng se ile sa tlisa phetoho e feletseng bongakeng ba ho buoa. Joale lingaka tse buoang li ne li ka nyakurela ’mele ntle le ho o seha.

Ho Hlōla Maloetse

Ho pholletsa le lilemo, ka makhetlo a mangata mafu a tšoaetsanoang a kang sekholopane a ’nile a hlaha e le seoa, a baka tšabo le lefu. Ar-Rāzī, Mopersia oa lekholong la borobong la lilemo eo ba bang ba neng ba mo nka e le ngaka e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng la Boislamo ka nako eo, o ile a ngola tlhaloso ea pele e nepahetseng ka sekholopane. Empa ke makholo a lilemo hamorao moo ngaka ea Brithani e bitsoang Edward Jenner e ileng ea fumana tsela ea ho se phekola. Jenner o ile a hlokomela hore hang ha motho a tšoaelitsoe sekholopane sa likhomo—boloetse bo seng kotsi—o ne a sa tšoaroe ke sekholopane. A itšetlehile ka sena seo a se lemohileng, Jenner o ile a sebelisa seo a se fumanang maqebeng a sekholopane sa likhomo ho etsa ente e thibelang sekholopane. Seo se etsahetse ka 1796. Joaloka ba bang ba ileng ba hlaha ka ntho e ncha pele ho eena, Jenner o ile a nyatsoa le ho hanyetsoa. Empa ho sibolla ha hae mokhoa oa ho etsa ente qetellong ho ile ha lebisa ho feliseng boloetse boo le ho feng lefapha la bongaka sesebelisoa se secha se matla.

Louis Pasteur oa Mofora o ile a sebelisa ente ho thibela lefu la rabies le koatsi. O ile a boela a paka hore likokoana-hloko li phetha karolo e khōlō ho bakeng mafu. Ka 1882, Robert Koch o ile a khetholla kokoana-hloko e bakang lefuba, leo rahistori e mong a ileng a le hlalosa e le “lefu le bolaeang ka ho fetisisa la lekholong la leshome le metso e robong la lilemo.” Hoo e ka bang selemo hamorao, Koch o ile a khetholla kokoana-hloko e bakang k’holera. Makasine ea Life e re: “Mosebetsi o entsoeng ke Pasteur le Koch o ile oa hlahisa saense e amanang le lintho tse phelang tse nyenyane haholo ’me oa lebisa tsoelo-peleng ea thuto ea matla a ’mele a ho itoanela maloetseng, makhetheng le bohloeking ba ’mele, e leng tsona tse lelefalitseng bophelo ba batho ho feta tsoelo-pele leha e le efe e ’ngoe ea saense lilemong tse 1 000 tse fetileng.”

Bongaka ba Lekholong la Bo20 la Lilemo

Qalong ea lekholo la bo20 la lilemo, lefapha la bongaka le ile la iphumana le eme mahetleng a batho bana hammoho le baphekoli ba bang ba bohlale. Ho tloha ka nako eo, khatelo-pele ea bongaka e ’nile ea e-ba e potlakileng haholo—insulin bakeng sa lefu la tsoekere, phekolo e etsoang ka lik’hemik’hale bakeng sa mofetše, phekolo e etsoang ka li-hormone bakeng sa ho se sebetse hantle ha litšoelesa, meriana e thibelang likokoana-hloko bakeng sa lefuba, chloroquine bakeng sa mefuta e itseng ea malaria, mochine o hloekisang mali bakeng sa mafu a liphio, ho buoa pelo hammoho le ho fetisetsa setho se seng sa ’mele ho motho e mong, ha re fana ka mehlala e ’maloa.

Empa kaha hona joale re mathoasong a lekholo la bo21 la lilemo, lefapha la bongaka le haufi hakae le pakane ea lona ea ho tiisa hore ho ba le “boemo bo amohelehang ba bophelo bo botle ba ’mele bakeng sa batho bohle lefatšeng”?

Na ke Pakane e ke Keng ea Finyelloa?

Bana ba ithuta hore ho hloella mahetleng a ba bang ha ho etse hore ba finyelle tholoana e ’ngoe le e ’ngoe e sefateng. Tse ling tsa litholoana tse rothisang mathe li holimo-limo sefateng, moo ba ke keng ba fihlela teng. Ka tsela e tšoanang, lefapha la bongaka le ’nile la finyella katleho e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe, le ntse le e-ea holimo. Empa pakane ea bohlokoa ka ho fetisisa—bophelo bo botle ba ’mele bakeng sa motho e mong le e mong—e ntse e le holimo-limo sefateng.

Ka hona, le hoja ka 1998 Komisi ea Europe e ile ea tlaleha hore “batho ba Europe ba thabela bophelo bo bolelele le bo botle ho feta leha e le neng pele,” tlaleho eo e ile ea phaella ka ho re: “Motho a le mong ho ba bang le ba bang ba bahlano o tla shoa pele ho nako a e-s’o be lilemo li 65. Karolo e ka etsang 40% ea mafu ana e tla bakoa ke mofetše, ’me karolo e ’ngoe ea 30% e be e bakoang ke mafu a pelo le methapo . . . Ho lokela ho fanoe ka tšireletso e molemo bakeng sa mafu a macha a sokelang bophelo.”

Makasine ea Jeremane ea bophelo bo botle ba ’mele, Gesundheit, e ile ea tlaleha ka November 1998 hore mafu a tšoaetsanoang a kang k’holera le lefuba a tsoela pele ho sokela bophelo. Hobane’ng? Meriana e thibelang likokoana-hloko “e lahleheloa ke matla a eona. Libaktheria tse eketsehileng li loantša bonyane moriana o le mong o tloaelehileng; ha e le hantle, tse ngata li loantšana le meriana e mengata.” Hase feela hore mafu a khale a boea sekoele, empa ho boetse ho hlahile mafu a macha a kang AIDS. Khatiso ea tsa meriana ea Jeremane, Statistics ’97 ea re hopotsa: “Ho fihlela joale ha ho e-s’o be le tsela ea ho felisa sesosa sa maloetse ’ohle a tsebahalang a etsang karolo ea bobeli ho tse tharo—e leng maloetse a ka bang 20 000.”

Na Tharollo e ka ba ho Phekola ka Liphatsa Tsa Lefutso?

Ke ’nete hore liphekolo tse ncha li ntse li hlaha ho tsoela pele. Ka mohlala, ba bangata ba nahana hore ho fetola liphatsa tsa lefutso e ka ’na ea e-ba tharollo bakeng sa bophelo bo botle ba ’mele. Ka mor’a phuputso e ileng ea etsoa United States lilemong tsa bo-1990 ke lingaka tse kang Dr. W. French Anderson, phekolo e etsoang ka liphatsa tsa lefutso e ile ea hlalosoa e le “mofuta o mocha oa phuputso ea bongaka o thahasellisang ka ho fetisisa.” Buka ea Heilen mit Genen (Ho Phekola ka Liphatsa Tsa Lefutso) e bolela hore phekolong ena eo ho eona ho sebelisoang liphatsa tsa lefutso, “e ka ’na eaba botsebi ba saense ea tsa meriana bo lintšing tsa tsoelo-pele e ncha. Ho joalo ka ho khetheha phekolong ea maloetse ao ho fihlela joale a e-song ho ka a phekoleha.”

Bo-rasaense ba lebeletse hore ka nako e tlang ba tla khona ho phekola maloetse a tlhaho a liphatsa tsa lefutso ka ho enta bakuli ka liphatsa tsa lefutso tse lokisang tseo. Esita le lisele tse kotsi tse kang lisele tsa mofetše, mohlomong ho tla etsoa hore li itimetse. Ho hlahloba liphatsa tsa lefutso e le ho bona hore na motho o na le monyetla oa ho tšoaroa ke mafu a itseng ho se ho khoneha. Ba bang ba re ho fetola phekolo hore e lumellane le moetso oa liphatsa tsa lefutso tsa mokuli e tla ba tsoelo-pele e latelang. Mofuputsi e mong ea hlahelletseng o bolela hore ka letsatsi le leng lingaka li tla khona ho “bona hore na bakuli ba tsona ba tšoeroe ke eng ’me li ba fe likarolo tse loketseng tsa molek’hule oa liphatsa tsa lefutso ho ba phekola.”

Leha ho le joalo, hase motho e mong le e mong ea kholisehileng hore phekolo e etsoang ka liphatsa tsa lefutso ke “qhala-boloetse” ea ka moso. Ka sebele, ho latela lipatlisiso, batho ba ka ’na ba se rate ho hlahlojoa hore na ba na le mofuta ofe oa liphatsa tsa lefutso. Ba bangata ba boetse ba tšaba hore phekolo e etsoang ka liphatsa tsa lefutso e ka ’na ea kena-kenana le tlhaho ka tsela e kotsi.

Ha nako e ntse e feta ke hona ho tla bonahala hore na ho fetola liphatsa tsa lefutso kapa liphekolo leha e le life tse ling tsa theknoloji e phahameng li tla phethahatsa litšepiso tsa tsona tse khōlō kapa che. Leha ho le joalo, ho na le lebaka la ho qoba ho ba le tšepo e feteletseng. Buka The Clay Pedestal, e hlalosa lebili le tloaelehileng la liketsahalo: “Ho fumanoa mokhoa oa phekolo o mocha, o thoholetsoe libokeng tsa bongaka le likoranteng tsa litsebi. Ba hlahileng ka oona baa tuma lekaleng la bongaka, ’me mecha ea litaba e thoholetsa tsoelo-pele eo. Ka mor’a nyakallo le mangolo a bopaki a tšehetsang mokhoa oo oa phekolo o babatsehang, ho qaleha pherekano butle-butle, e qetang likhoeli tse ’maloa ho isa lilemong tse mashome a seng makae. Joale ho sibolloa pheko e ncha, ’me hang-hang e nkela ea khale sebaka, eo ka nako eo e nkoang e se e se na thuso.” Ha e le hantle, boholo ba lipheko tseo lingaka tse ngata li seng li sa li sebelise e kile ea e-ba tse sebelisoang haholo nakoaneng e fetileng.

Le hoja kajeno lingaka li se li sa fuoe tlhompho ea bolumeli e neng e fuoa baphekoli ba mehleng ea boholo-holo, batho ba bang ba na le tšekamelo ea ho nahana hore lingaka li na le matla a kang a molimo, ’me ba nahana hore joang kapa joang saense e tla fumana pheko bakeng sa maloetse ’ohle a batho. Empa ka masoabi ha ho be joalo. Bukeng ea hae ea How and Why We Age, Dr. Leonard Hayflick o re: “Ka 1900, karolo ea 75 lekholong ea batho ba United States e ile ea shoa pele e fihla lilemong tse mashome a tšeletseng a metso e mehlano. Kajeno palo ena e fetohile: hoo e ka bang karolo ea 70 lekholong ea batho e shoa ka mor’a hore e be le lilemo tse mashome a tšeletseng a metso e mehlano.” Ke eng e lelefalitseng bophelo ka ho babatsehang tjee? Hayflick o hlalosa hore e bile “haholo-holo ka lebaka la ho shoa ho fokotsehileng ha bana ba qetang ho hlaha.” Joale, ha re nke hore saense ea bongaka e ne e ka felisa lisosa tse ka sehloohong tse bakang lefu ho batho ba seng ba hōlile—lefu la pelo, mofetše le stroke. Na hoo ho ne ho tla bolela hore batho ba ke ke ba shoa? Le hanyenyane. Dr. Hayflick o hlokomela hore le haeba ho ne ho ka ba joalo, “batho ba bangata ba ne ba tla phela ho fihlela ba e-ba lilemo tse lekholo.” Oa phaella: “Batho bana ba fihlileng lilemong tse lekholo ba ne ba ntse ba tla shoa. Empa ba ne ba tla bolaoa ke eng? Ba ne ba tla fokola ho fihlela ba e-shoa.”

Ho sa tsotellehe boiteko bo feletseng ba saense ea bongaka, ho felisa lefu ho sa ntse ho palla ba lipatlisiso tsa bongaka. Hobane’ng? Hona na pakane ea hore batho bohle ba be le bophelo bo botle ba ’mele e mpa e le toro e ke keng ea etsahala?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho latela The World Book Encyclopedia, Galen o ne a nahana hore sebete se fetola lijo tse sitsoeng mali, ebe ’ona a phalla ’meleng kaofela ’me a monngoe.

b Bona sehlooho “Ho Fela ha Mehla ea ho Utloa Bohloko le ho Qaleha ha Mehla ea Meriana e Thethefatsang Bohloko,” tokollong ea Tsoha! (ea Senyesemane) ea November 22, 2000.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

“Litumelo tse ngata tsa batho ba boholo-holo li siile tšusumetso e itseng mokhoeng oa ho phekola o teng ho fihlela joale.”—The Clay Pedestal

[Litšoantšo tse leqepheng la 4, 5]

Hippocrates, Galen le Vesalius ba ile ba rala motheo oa bongaka ba kajeno

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Kos Island, Greece

Courtesy National Library of Medicine

Woodcut by Jan Steven von Kalkar of A. Vesalius, taken from Meyer’s Encyclopedic Lexicon

[Litšoantšo tse leqepheng la 6]

Ambroise Paré e bile ngaka ea pele e buoang e neng e sebeletsa marena a mane a Fora

Ngaka ea Mopersia, Ar-Rāzī (ka ho le letšehali), le ngaka ea Brithani, Edward Jenner (ka ho le letona)

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Paré and Ar-Rāzī: Courtesy National Library of Medicine

From the book Great Men and Famous Women

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Louis Pasteur oa Mofora o ile a fana ka bopaki ba hore likokoana-hloko li baka maloetse

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Institut Pasteur

[Litšoantšo tse leqepheng la 8]

Esita le haeba lisosa tse ka sehloohong tsa lefu li ne li ka felisoa, botsofali bo ne bo ntse bo tla fella ka lefu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela