Pono ea Bibele
Mohanyetsi oa Kreste ke Mang?
“LE UTLOILE HORE MOHANYETSI OA KRESTE OA TLA.”—1 JOHANNE 2:18.
HAEBA u ne u lemositsoe hore senokoane se kotsi se bonoe se lebile motseng oa heno, u ne u tla etsa’ng? Mohlomong u ne u tla batla boitsebiso bo nepahetseng ka ponahalo le mekhoa ea sona. U ne u tla lula u falimehile.
Le kajeno ho na le boemo bo tšoanang. Re lemositsoe ka mantsoe a moapostola Johanne a reng: “Polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng e sa boleleng Jesu ha e simolohe ho Molimo. Ho feta moo, ena ke polelo e bululetsoeng ea mohanyetsi oa Kreste eo le utloileng hore ea tla, ’me joale e se e le lefatšeng.” (1 Johanne 4:3) Na ho na le mohanyetsi oa Kreste ea joalo, sera sa Molimo le mothetsi oa batho, ea seng a sokela boiketlo ba moloko oohle oa batho?
Johanne o ile a sebelisa lentsoe “mohanyetsi oa Kreste” ka makhetlo a mahlano ho tse peli tsa liepistole tsa hae. Le bolela ntho e hanyetsang lithuto tse rutoang ke Bibele mabapi le Jesu Kreste ebile le akarelletsa baikhakanyi ba itlhahisang joaloka Kreste kapa joalokaha eka ba ronngoe ke eena. Bibele e fana ka boitsebiso bo nepahetseng mabapi le mohanyetsi oa Kreste. Empa joalokaha ka linako tse ling ho etsahala ka batlōli ba molao, ho ile ha lebisoa tlhokomelo e khōloanyane litlalehong tse se nang motheo tse mabapi le ntho ena eo e leng sephiri ho e-na le ho lebisa tlhokomelo ’neteng.
Ho mo Tsebahatsa ho Fosahetseng
Ho tloha mehleng ea moapostola Johanne, batho ba ile ba bolela hore mantsoe a Johanne mabapi le mohanyetsi oa Kreste a supa motho a le mong ka ho khetheha. Batho ba ile ba bua ka batho ba sa tšoaneng bao ba nahanang hore ke bahanyetsi ba Kreste. Makholong a lilemo a fetileng batho ba bangata ba ne ba nahana hore Moemphera oa Roma Nero e ne e le mohanyetsi oa Kreste. Hamorao, lehloeo le tšabo e khōlō tseo Adolf Hitler a ileng a li susumetsa li ile tsa kholisa ba bangata hore e ne e le mohanyetsi oa Kreste. Rafilosofi oa Lejeremane Friedrich Nietzsche le eena o ile a bitsoa ka lebitso leo. Leha ho le joalo, ba bang ba lumela hore mohanyetsi oa Kreste o sa ntse a tla tla le hore o tla hlaha e le ralipolotiki ea hlekefetsang, ea sa utloeleng bohloko ea ikemiselitseng ho busa lefatše. Ba lumela hore sebata se ho Tšenolo khaolo ea 13 ke sona seo e leng mohanyetsi oa Kreste eo Johanne a ileng a bua ka eena. Ba hlalosa hore letšoao la sona la 666 le tla khetholla ’mampoli enoa oa nako e tlang ea khopo e le mohanyetsi oa Kreste.
Batho ba buellang mehopolo ena ba bolela hore Johanne o ne a bua ka mohanyetsi a le mong feela oa Kreste. Empa mantsoe a hae a bontša eng? Ak’u hlahlobe 1 Johanne 2:18, a reng: “Feela joalokaha le utloile hore mohanyetsi oa Kreste oa tla, esita le hona joale ho se ho e-na le bahanyetsi ba Kreste ba bangata.” E, “bahanyetsi ba Kreste ba bangata,” eseng a le mong, ba ne ba ikarabella bakeng sa boemo bo neng bo sithabetsa ba moea morao koana lekholong la pele la lilemo. Kajeno mohanyetsi oa Kreste ha a mong, empa ke batho ba bangata ba etsang sehlopha sa bahanyetsi ba Kreste. E le sehlopha, ba baketse moloko oa batho tšenyo e khōlō moeeng. (2 Timothea 3:1-5, 13) Bahanyetsi ba Kreste ke bo-mang?
A re shebeng sebata sena sa Tšenolo khaolo ea 13 e le se seng seo e ka ’nang ea e-ba eena: Moapotola Johanne o ile a ngola, a re: “Sebata seo ke se boneng se ne se le joaloka lengau, empa maoto a sona a ne a le joaloka a bere, ’me molomo oa sona o le joaloka molomo oa tau.” (Tšenolo 13:2) Ke eng se hlalosoang ke litšobotsi tsee?
Litsebi tsa Bibele li hlokometse hore ho na le ho tšoana ho teng lipakeng tsa Tšenolo khaolo ea 13 le Daniele khaolo ea 7. Molimo o ile a fa Daniele pono ea libata tsa tšoantšetso, tse akarelletsang lengau, bere le tau. (Daniele 7:2-6) Moprofeta oa Molimo o ile a li hlalosa ka tsela efe? O ile a ngola hore libata tseo li tšoantšetsa marena a lefatše, kapa mebuso. (Daniele 7:17) Kahoo ke ho utloahalang ho fihlela qeto ea hore sebata sa Tšenolo se emela mebuso ea batho. Kaha mebuso ena e hanyetsa ’Muso oa Molimo, e bōpa karolo ea mohanyetsi oa Kreste.
Ke Mang e Mong ea Etsang Mohanyetsi oa Kreste?
Ha Kreste, Mor’a Molimo, a sa le lefatšeng, o ne a e-na le lira tse ngata. Le hoja hona joale a le moo a ke keng a finyelloa, o na le bahanyetsi ba kajeno. Hlokomela hore bahanyetsi bana ba akarelletsa bo-mang.
Moapostola Johanne o ile a hlalosa: “Ke mang ea leshano haeba e se ea latolang hore Jesu ke Kreste? Enoa ke mohanyetsi oa Kreste, ea latolang Ntate le Mora.” (1 Johanne 2:22) Bakoenehi le baeta-pele ba borapeli ba bohata ba sotha lithuto tse hlakileng tsa Jesu le ho li etsa malepa a rarahaneng a thetso ea bolumeli. Batho ba joalo ba hana ’nete ea Bibele ’me ba phatlalatsa mashano ka lebitso la Molimo le Kreste. Ba latola botsoalle ba ’nete ba Ntate le Mora ka thuto ea bona e poteletseng ea Boraro-bo-bong. Ka lebaka leo, le bona ke karolo ea mohanyetsi oa Kreste.
Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae esale pele ho Luka 21:12 ha a re: “Batho ba tla le tšoara ba le hlorise, ba nehelane ka lōna lisynagogeng le lichankaneng . . . ka lebaka la lebitso la ka.” Ho tloha lekholong la pele la lilemo, Bakreste ba ’nete ba mameletse mahloriso a sehlōhō. (2 Timothea 3:12) Bahlohlelletsi ba mesebetsi e joalo ba khahlanong le Kreste. Le bona ka ho tšoanang ke karolo ea mohanyetsi oa Kreste.
“Ea seng ka lehlakoreng la ka o khahlanong le ’na, ’me ea sa bokelleng le ’na oa hasanya.” (Luka 11:23) Mona Jesu o bolela hore kaofela ba khahlanong le eena le merero ea bomolimo eo a e tšehetsang ba ka lehlakoreng le le leng le mohanyetsi oa Kreste. Qetello ea bona ke efe?
Ho Tla Etsahala’ng ka Bahanyetsi ba Kreste?
Pesaleme ea 5:6 e re: “[Molimo o] tla timetsa ba buang leshano. Jehova o hloile motho ea tšollang mali le ea thetsang.” Na see sea sebetsa ho bahanyetsi ba Kreste? E. Moapostola Johanne o ile a ngola: “Etsoe bathetsi ba bangata ba kene lefatšeng, batho ba sa boleleng Jesu Kreste e le ea tlang ka nama. Enoa ke mothetsi le mohanyetsi oa Kreste.” (2 Johanne 7) Ka lebaka la leshano le thetso ea bona, Molimo ea Matla ’Ohle o tla felisa bahanyetsi ba Kreste.
Joalokaha nako ea ho liha kahlolo eo e ntse e atamela, Bakreste ba ’nete ha baa lokela ho lumella thetso le khatello ea batho bao e seng Bakreste, haholo-holo ea bakoenehi, hore e fokolise tumelo ea bona. Temoso ea Johanne e potlakile: “Itlhokomeleng, hore le se ke la lahleheloa ke lintho tseo re sebelelitseng ho li hlahisa, empa hore le ka fumana moputso o tletseng.”—2 Johanne 8.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 30]
Nero on pages 2 and 30: Courtesy of the Visitors of the Ashmolean Museum, Oxford