Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rs leq. 27-leq. 29
  • Antikreste

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Antikreste
  • Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohanyetsi oa Kreste ke Mang?
    Tsoha!—2001
  • Mohanyetsi oa Kreste ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Mohanyetsi oa Kreste o Senotsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Mohanyetsi oa Kreste ke Mang?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Ho Bea Mabaka ka Mangolo
rs leq. 27-leq. 29

Antikreste

Tlhaloso: Antikreste e bolela khahlanong le kapa ho e-na le Kreste. Lentsoe lena le sebetsa ho bohle ba latolang seo Bibele e se buang ka Jesu Kreste, bohle ba hanyetsang ’Muso oa hae le bohle ba tlatlapang balateli ba hae. Hape le akarelletsa batho ka bomong, mekhatlo e hlophisitsoeng le lichaba tseo ka bohata li ipolelang hore li emela Kreste kapa tse iphamolelang karolo ea Messia.

Na Bibele e bua ka antikreste a le mong feela?

1 Joh. 2:18: “Bana, ke nako ea qetello; ’me joale ka ha le utloile hobane antikreste o ea tla, le joale bo-antikreste ba bangata ba se ba hlahile; ke ka hoo re tsebang hobane ke nako ea qetello.”

2 Joh. 7: “Bathetsi ba bangata ba kene lefatšeng, ba sa boleleng Jesu Kreste ea tlileng nameng. Ea joalo ke mothetsi le antikreste.” (Hlokomela hore “bo-antikreste ba bangata” ba 1 Johanne 2:18 mona ba akaretsoa ka hore ke “antikreste.”)

Na ho tla hoa antikreste ho boloketsoe nako eitseng e tlang?

1 Joh. 4:3: “Moea o mong le o mong o sa boleleng Jesu Kreste ea tlileng nameng, hase oa Molimo; ke oona moea oa antikreste, eo le mo utloileng hobane o ea tla, ’me le joale o se a le lefatšeng.” (Hoo ho ngotsoe ho ea qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E.)

1 Joh. 2:18: “Le joale bo-antikreste ba bangata ba se ba hlahile; ke ka hoo re tsebang hobane ke nako ea qetello.” (Ho hlakile hore ka “nako ea qetello” Johanne o ne a bolela qetello ea nako ea baapostola. Baapostola ba bang ba ne ba se ba shoele, ’me Johanne ka boeena a se a tsofetse haholo.)

Ba bang ba tsejoang e le bo-antikreste—

Batho ba latolang hore ka sebele Jesu ke Messia

1 Joh. 2:22: “Ea leshano ke mang, ha e se ea latolang hore Jesu ke Kreste [kapa, Messia, motlotsuoa]? . . . ke eena e leng antikreste.”

Bohle ba latolang hore Jesu ke Mora ea khethehileng oa Molimo

1 Joh. 2:22: “Ea latolang Ntate le Mora ke eena e leng antikreste.”

Bapisa Johanne 10:36; Luka 9:35.

Bakoenehi

1 Joh. 2:18, 19: “Bo-antikreste ba bangata ba se ba hlahile . . . Ba tsoile ho rōna, empa e ne e se ba rōna.”

Ba hanyetsang balateli ba ’nete ba Kreste

Joh. 15:20, 21: “Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lōna; . . . Empa ba tla le etsa tsohle tseo ka baka la lebitso la ka.”

Batho ka bomong le lichaba ba hanyetsang Kreste e le Morena kapa ba ipolelang ka bohata hore ba phetha karolo ea Messia

Pes. 2:2: “Marena a lefatše a phuthehetse’ng, le mahosana a bokanetse’ng ho tsohela Jehova le motlotsuoa [Kreste, kapa Messia] oa hae matla?”

Bona le Tšenolo 17:3, 12-14; 19:11-22.

Matt. 24:24: “Ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baprofeta ba bohata, ’me ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakhethoa, hola ke ntho e ka etsoang.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela