Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Bana ba Sekolo Nigeria ba Hlohonolofalletsoa Botšepehi
MOAPOSTOLA Pauluse o ngotse: “Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle.” (Ba-Roma 12:18) Bana ba sekolo ba Lipaki tsa Jehova Nigeria ba sebelisa keletso ena, esita le ha ba hlorisoa. Phello ke hore Jehova oa ba hlohonolofatsa.
◻ Tichere e ’ngoe e ne e hloile Lipaki tsa Jehova haholo. Sebokeng se seng sa hoseng, e ile ea bitsa Lipaki tsohle ho tla ka pele ’me ea li laela ho bina pina ea sechaba. Li ile tsa hana, tsa bolela hore li batla ho neha Molimo boinehelo bo khethehileng. Tichere e ile ea li isa ka ntle kaofela ’me ea li bolella hore li kute joang. Nakong eo, liithuti tse ling li ne li tsoela pele le lithuto tsa tsona.
Paki e seng e hōlile e ile ea isetsa tichere bukana e lekanang le makasine ea Sekolo le Lipaki tsa Jehova ’me ea e neha eona, ea hlalosa boemo ba Lipaki tsa Jehova ba ho se nke lehlakore. Leha ho le joalo, tichere e ile ea hana ho buisana ka taba eo kapa ho amohela bukana e lekanang le makasine. Ha e le hantle, hang-hang e ile ea tiisa letsoho kotlong ea bana.
Lipaki tse nyenyane li ile tsa tsoela pele ho mamella kotlo ’me li ile tsa ’na tsa kuta joang esita leha tichere e le sieo. Letsatsing le leng tichere e ile ea ipata ’me ea li sheba li sa hlokomele ha li ntse li tsoela pele ho sebetsa ebile li bina lipina tsa ’Muso. E ne e khahliloe haholo hoo e ileng ea li romela klaseng, e bontša ho makalla boikutlo ba tsona. Phello e bile efe? Joale Tichere eo e ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova.
Ka sebele bana bana ba ile ba hlohonolofalletsoa botšepehi ba bona ho Jehova le melao-motheo ea hae.—Liproverbia 10:22.
◻ Ruth le metsoalle ea hae le bona ba ile ba hlohonolofalletsoa botšepehi ba bona tlhokahalong ea Jehova ea ho se be “karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16, NW) Ruth, ea lilemo li 18, o qalile bopula-maliboho a le lilemo li 12. Eena le Lipaki tse ling ba ne ba fumana khanyetso e tsoang ho litho tsa basebeletsi ba sekolo hobane ba hana ho bina pina ea sechaba. Tichere e ile ea kōpa ho bona batsoali ba banana bao. Ka mor’a hore ba e hlalosetse, ba sebelisa bukana e lekanang le makasine ea Sekolo, tichere e ne e khotsofetse ’me ha ea ka ea hlola e neha liithuti khathatso.
Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng tichere e tsoang India e ile ea rohaka le ho shapa e mong oa banana pel’a bana ba bang ha ngoanana eo a sa bine pina ea sechaba. Ngoanana eo o ile a sireletsa tumelo ea hae a sa tšabe ’me tichere e ile ea mo isa ho mookameli oa sekolo. Ha ba fihla moo, Paki e nyenyane e ile ea fumana le motlatsi oa mookameli a le teng. Tichere e ne e maketse haholo ha mookameli le motlatsi oa hae ba qala ho tšeha. Mookameli ha a bua le tichere o ile a re: “Mofumahali, u se ke ua ikhathatsa ka banana bana. Esita le haeba u ka ba bolaea, ba ka mpa ba shoa ho e-na le ho bina pina. Na ha u e-s’o utloe ka bona?” Eaba mookameli le motlatsi oa hae ba bua ka tumelo le sebete sa Lipaki tsa Jehova. A bua le ngoanana, mookameli o ile a re o masoabi ka ho hlabisoa lihlong hoo a ho baketsoeng. ’Me o ile a eketsa: “Tsoela pele liketsong tsa hao tsa tumelo. Ke tsota bolumeli ba hao le boemo ba hao bo sebete mona sekolong le ka ntle.” Hamorao, tichere ena e neng e hanyetsa e ile ea kōpa tšoarelo ho Paki, e bolela hore joale e utloisisa boemo ba Lipaki ba ho se nke lehlakore.
Bana bana ba latetse mohlala oa Baheberu ba bararo ba neng ba sa batle ho lahla botšepehi ba bona ho Molimo ka ho khumamela setšoantšo, hape le oa Daniele, ea ileng a hana ho khaotsa ho rapela Jehova. Banna bana ba ile ba hlohonolofatsoa ke Jehova ka baka la hore ba ne ba tšepahala melaong e lokileng ea Molimo.—Daniele, likhaolo 3 le 6.