Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 4/8 leq. 17
  • Ho Fana ka Tšepo Maemong a Nyahamisang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fana ka Tšepo Maemong a Nyahamisang
  • Tsoha!—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litšisinyeho Tsa Lefatše, Boprofeta ba Bibele le Uena
    Tsoha!—2002
  • Boprofeta ba 1. Litšisinyeho Tsa Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Litšisinyeho tsa Lefatše—Tlokotsi e Ntseng e Hloellana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ho Sebetsana ka Katleho le Liphello
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 4/8 leq. 17

Ho Fana ka Tšepo Maemong a Nyahamisang

“MEHAHO EOHLE E MPOTA-POTILENG E NE E SISINYEHA ’ME HO NE HO LAIMA MALAKABE. HA KE NTSE KE MATHA, BATHO KA MAHLAKORENG ’OHLE BA NE BA LLA, BA RAPELA LE HO KŌPA THUSO. KE ILE KA NAHANA HORE E SE E LE BOFELO BA LEFATŠE.”—G. R., MOPHONYOHI OA TŠISINYEHO EA LEFATŠE.

SELEMO le selemo, litšisinyeho tsa lefatše tse limilione li kirietsa ho pholletsa le bokantle ba polanete ea rōna e lulang e tsamaea. Ke ’nete hore boholo ba tsona ha li utloahale.a Leha ho le joalo, ka karolelano ke litšisinyeho tsa lefatše tse ka bang 140 ka selemo tseo e leng tse tebileng hoo ho thoeng ke tse “matla,” “tse khōlō,” kapa tse “khōlōhali.” Ho theosa le histori, litšisinyeho tsena li ’nile tsa bolaea ba limilione le ho senya thepa e ke keng ea lekanngoa.

Litšisinyeho tsa lefatše li boetse li hlokofatsa baphonyohi ka ho tebileng maikutlong. Ka mohlala, ka mor’a hore litšisinyeho tse peli tsa lefatše li reketlise El Salvador mathoasong a 2001, mohokahanyi oa komiti ea boeletsi ba bophelo bo botle ba kelello lefapheng la naha eo la bophelo o ile a re: “Batho ba qala ho ba le mathata a kelello a bonahalang ka ho hlonama, ho nyahama le ho ba bohale.” Ha ho makatse hore ebe basebetsi ba lefapha la bophelo El Salvador ba tlalehile keketseho ea karolo ea 73 lekholong palong ea bakuli ba tepeletseng maikutlo le ba tšoenyehileng. Ha e le hantle, liphuputso li fumane hore har’a litlhoko tsa batho ba likampong tsa nakoana, phekolo ea lefu la kelello ke eona e hlahlamang tlhoko ea pele, e leng ea metsi.

Empa taba ea litšisinyeho tsa lefatše ha ea fella feela ka lefu, tšenyo le ho nyahama. Maemong a mangata, likoluoa tsena li ile tsa susumelletsa batho hore ba bontše moea o sa tloaelehang oa ho thusa le oa boitelo. Ka sebele, ba bang ba ’nile ba sebetsa ba sa khathale ho lokisa mehaho e senyehileng le ho tsosolosa batho ba neng ba se ba shoele maikutlong. Liketso tse joalo li ’nile tsa fana ka tšepo le har’a maemo a nyahamisang, joalokaha re tla bona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tsena li akarelletsa litšisinyeho tsa lefatše tse nyenyane, tseo tse likete tsa tsona li etsahalang letsatsi le leng le le leng.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Athene, Greece, ntate o thaba ka ho fetisisa ha a fumana hore morali oa hae ea lilemo li hlano o pholositsoe

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

AP Photos/Dimitri Messinis

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela