Litšisinyeho Tsa Lefatše, Boprofeta ba Bibele le Uena
PELE ho lefu la hae, Jesu o ile a bolela esale pele ka liketsahalo le maemo a neng a tla fana ka bopaki ba hore lefatše lena le fihlile ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho.’ O ile a re nako eo e ne e tla tšoauoa ka lintho tse kang mafu a seoa, khaello ea lijo le lintoa ka tekanyo e khōlō. O ile a boela a bua ka “litšisinyeho tsa lefatše” tse neng li tla etsahala “sebakeng se seng ka mor’a se seng.” (Matheu 24:3, 7; Luka 21:10, 11) Na Jesu o ne a bua ka mehla ea rōna?
Ba bangata ba re che. Ba bolela hore mashomeng a lilemo a sa tsoa feta, litšisinyeho tsa lefatše ha lia eketseha haholo. Ha e le hantle, U.S. National Earthquake Information Center e tlaleha hore litšisinyeho tsa lefatše tse boholo ba 7,0 le tse fetang moo li ’nile tsa “lula li sa fetohe” lekholong la bo20 la lilemo.a
Leha ho le joalo, hlokomela hore phethahatso ea boprofeta ba Jesu ha e hloke hore palo kapa matla a litšisinyeho tsa lefatše li eketsehe. Seo Jesu a se buileng ke hore ho ne ho tla ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng. Ho feta moo, o ile a bolela hore liketsahalo tsena li ne li tla tšoaea “tšimoloho ea bohloko ba mahlomola.” (Matheu 24:8) Mahlomola ha a lekanngoe ka hore na ho etsahetse litšisinyeho tse kae kapa hona hore na sekala sa Richter se bontša boholo bo bokae ba tsona, empa a lekanngoa ka liphello tsa tsona bathong.
Ka sebele, litšisinyeho tsa lefatše li ’nile tsa baka mahlomola a maholo mehleng ea rōna. Ha e le hantle, lekholong la bo20 la lilemo, likoluoa tsena li ’nile tsa bolaea ba limilione kapa tsa ba siea ba se na mahae. Litsebi li re mafu a mangata a bakiloeng ke sena a ka be a ile a thibeloa. Litaba tsa BBC lia tlaleha: “Linaheng tse tsoelang pele, hangata ho hlokomolohuoa melao ea kaho moo ho habiloeng hore ho hahuoe matlo ka theko e tlaase le hona e le ka potlako hore batho ba fumane bolulo litoropong.” Ha a bua ka litlokotsi tse peli tse sa tsoa etsahala, Ben Wisner eo e leng setsebi likoluoeng tsa litoropo o re: “Hase ho sisinyeha ha lefatše ho bolaileng batho bana. Se ba bolaileng ke ho tlōla molao ha batho, boiphapanyo ba bona, bobolu le meharo ea bona.”
E, ka linako tse ling lintho tse etsang hore batho ba shoe haholo ha ho sisinyeha lefatše ke boithati le bohlasoa ba batho. Ho thahasellisang, litšobotsi tse joalo li hlahelletse boprofeteng bo bong ba Bibele bo mabapi le ‘matsatsi a ho qetela’ a tsamaiso ena ea lintho. Bibele e re ka nako eo, batho e ne e tla ba “baithati, barati ba chelete” le “ba hlokang kutloelo-bohloko.” (2 Timothea 3:1-5, The Amplified Bible) Boprofeta bona, hammoho le mantsoe a Jesu ha a ne a bua ka bofelo ba tsamaiso ena ea lintho, li fana ka bopaki bo hlakileng ba hore re atamela nako eo ka eona Molimo a tla imolla moloko oa batho o tsielehileng bohlokong le mahlomoleng ’ohle a kajeno—ho kopanyelletsa le litšisinyehong tse khōlō tsa lefatše.—Pesaleme ea 37:11.
Na u ka rata ho ithuta ho eketsehileng ka tšepiso ee e thehiloeng Bibeleng? Ikopanye le Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno, kapa u ngolle atereseng e loketseng ho tse leqepheng la 5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ba bang ba re litlaleho leha e le life tsa keketseho palong ea litšisinyeho tsa lefatše li bakoa feela ke hobane ho e-na le mekhoa e tsoetseng pele, e khonang ho lemoha liketsahalo tse eketsehileng tsa ho sisinyeha ha lefatše.