Ke Hobane’ng ha Batho ba Furalla Malumeli a Tloaelehileng?
MALUMELI A BOLELANG hore a thehile lithuto tsa ’ona ho tsa Jesu Kreste a na le balateli ba ka bang limilione tse likete tse 1,7. Bokreste-’mōtoana bo ’nile ba nkoa e le bolumeli bo boholo ka ho fetisisa lefatšeng, bo bileng bo fetang malumeli a tsebahalang a kang Bobuddha, Bohindu le Boislamo. Leha ho le joalo, litlaleho li bontša hore linaheng tse ngata tse bolelang hore ke tsa Bokreste, Bokreste-’motōana bo lahleheloa ke batho ba bangata.
Batho ba limelo tsohle ba tlohela likereke tsa bona. Ronald F. Inglehart eo e leng mofuputsi Univesithing ea Michigan e bile e le mookameli oa Lipatlisiso Tsa Litekanyetso Tsa Lefatše, o itse bolumeli bo ea bo felloa ke matla linaheng tse tsoetseng pele. Makasine ea Bible Review e mo qotsa moo a reng: “Hase feela hore palo ea ba tlang kerekeng beke le beke e fokotsehile haholo, empa linaha tsa Latin America hona joale li romela baromuoa hore ba pholose bophelo ba batho linaheng tseo e kileng ea e-ba likolone tsa tsona.” O bolela hore “ho oa ha bolumeli” ho hoholo haholo linaheng tse ling tsa Europe e ka leboea. Norway le Denmark, ke baahi ba etsang karolo ea 5 lekholong feela ba eang kerekeng kamehla. Sweden, palo ea ba eang kerekeng e theohetse karolong ea 4 lekholong, ha Russia teng e theohetse karolong ea 2 lekholong.
Litlaleho tse tsoang Jeremane li bontša hore ho tloha ka 1984 ho fihlela ka 1993, palo ea batho ba ngolisitseng e le Mak’hatholike, ba neng ba e-ea kerekeng kamehla e ile ea theoha ho tloha karolong ea 25,3 lekholong ho ea ho 19 lekholong. Ka 1992, e ne e le karolo ea 4 lekholong feela ea Maprostanta e neng e e-ea tšebeletsong ea kereke kamehla ka Sontaha. Ka 1999, Christianity Today e ile ea tlaleha: “Ke Lejeremane le le leng ho a leshome le eang kerekeng beke e ’ngoe le e ’ngoe.”
Ha e bua ka ho fokotseha ha balumeli Brithani, koranta ea The Guardian e re: “Ha ho mohla Bokreste bo kileng ba e-ba boemong bo bobe joaloka hona joale.” Sehlooho seo se bolela hore “ho baprista le ho bapresbitheri, lilemo tse mashome a mahlano ho tloha ka 1950 ho ea ho 2000 e bile tse mpe ka ho fetisisa.” Ha e bua ka tlaleho e khethehileng mabapi le bolumeli United Kingdom, koranta eo e bontša hore hase bacha feela ba felloang ke tumelo malumeling a hlophisitsoeng, empa le batho ba baholo ba felloa ke eona. E re: “Ha batho ba baholo ba ntse ba hōla, ba felloa ke tumelo ho Molimo. Patlisiso e ncha e tiisang hore mokhoa ona o tloaelehile e tla nyarosa likereke tsa Brithani tse seng li ntse li le maqakabetsing, tseo ho fihlela hona joale li ’nileng tsa nka hore batho ba baholo ke bona bao e leng mokokotlo oa liphutheho tsa bona tse ntseng li fokotseha.”
Mokhoa o tšoanang o tloaelehile le linaheng tse ka ntle ho Europe. Ka mohlala, makasine ea Canada, Alberta Report e re Canada, “bolumeli bo hlophisitsoeng boa oa” le hore “palo ea Macanada a khethang ho latela likhopolo tsa ’ona tsa botho ka Molimo ho e-na le ho latela lithuto tsa motheo tsa bolumeli e eketsehile ka makhetlo a mararo.”
Batho ba bangata ha ba ikutloe ba rua ho itseng moeeng kapa ba fumana tsebo ha ba le litšebeletsong tsa kereke. Ho latela makasine ea Canada ea Maclean’s, Bajuda le Mak’hatholike bao ho ileng ha buisanoa le bona Himalaya, lehaeng la moruti oa Mohindu kapa sebakeng se khutsitseng sa thapelo sa bolumeli ba Mahindu ba ile ba ntša maikutlo a bona: “Ha re sa susumetsoa le hona ho angoa ke lineano tse sa nahaneleng maikutlo a batho.” Ka sebele, esita le ka mor’a lilemo tse ngata tseo motho a ileng kerekeng ka tsona ka botšepehi, ba bang baa ipotsa, ‘Hantle-ntle ke ithutile eng kerekeng? Na ho ba teng ho entse hore ke be haufinyane le Molimo?’ Ha ho makatse hore ebe mongoli Gregg Easterbrook o itse, “Bophirimela, ho futsaneha linthong tsa moea ho feta ho futsaneha linthong tse bonahalang mehleng ena ea rōna.”
Ke ’nete hore ho na le linaha tse ngata tseo ho tsona ba bang teng kerekeng ba ntseng ba le bangata. Leha ho le joalo, ho ea kerekeng hase kamehla ho bolelang hore motho o latela lithuto tsa kereke ka botšepehi. Ka mohlala, koranta ea Australia, The Age e re Bophirimela, “palo ea Bakreste ba phelang tumellanong le bolumeli ba bona e fokotseha ka potlako. Linaheng tse ngata tsa Afrika, Asia le Latin America, Bokreste ke setširelo seo ho sona batho ba bangata ba tsoelang pele ka litumelo tsa bona tse sa tloaelehang tsa setso kapa meetlo tseo ho seng moo li amanang teng le thuto e tloaelehileng ea Bokreste, hangata li hanana le eona ebile li kile tsa thibeloa ka molao lilemong tse fetileng.”
Ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale, ba bacha le ba baholo, ba tlohela likereke tsa bona? Ho bonahala bothata bo boholo e le ho se khotsofale.
Histori e Nyahamisang ea Bolumeli
The Guardian e hlokomela se latelang: “Kereke ea Roma e K’hatholike e na le histori e soabisang ea ho etsa ’momori le bofascista ho pholletsa le lekholo la bo20 la lilemo, ho lebohela Molaoli oa Mabotho Franco ka mor’a ntoa ea lehae ea Spain, le boiteko boo e bo entseng morao tjena ba ho emela Molaoli oa Mabotho, Pinochet.” The Guardian e ile ea boela ea hlokomela hore Mopapa Pius XII, e leng mopapa oa nakong ea ntoa, “o ile a thabela ho sebelisana le [Hitler] ’me a qoba mosebetsi o neng o tla mo soabisa o kang ho nyatsa phatlalatsa Polao e Sehlōhō.”
The Age e re: “Liphatlalatso tsa Bokreste e bile tsa bohata maemong a mangata haholo. Bakreste ba hlōtsoe ho boloka khotso le kutloano ka har’a bona. . . . Sena se pakiloe ke lintoa tse ngata tsa khapo le tlhōlō, tse lokafalitsoeng ka ho re morero oa tsona ke ho sokollela batho ho Kreste. Tumelo, tšepo le lerato e ka ba litšobotsi tse hlahelletseng tsa Bakreste, empa bao ho thoeng ba phehella litšobotsi tseo, e ka ba bona ba se nang tšepo le ho feta, ba nyahameng hantle joaloka bao e seng Bakreste, mohlomong e be ba seng ba sa thuse ba hlokang. . . . Naha ea Bokreste ke eona e ileng ea ikarabella bakeng sa Polao e Sehlōhō ’me e ’ngoe eona ea baka masetla-pelo a ntoa ea bomo ea athomo Japane.”
Ba bang ba ka ’na ba pheha khang ea hore Bokreste-’mōtoana ke khale bo buella litšobotsi tse kang temoho, sebete, boitšoaro le toka. Leha ho le joalo, The Age e re: “Ka tloaelo, Bakreste ba Europe, Amerika Leboea le Australia ba sebelisa ka meharo matlotlo a Lefatše ’me ba tsoela pele ho mamella tlatlapo, khatello le tšenyo ea tikoloho linaheng tsa boahelani tse fokolang, e le ho khotsofatsa litakatso tsa bona.”
Ha The Age e bua ka bokamoso ba Bokreste-’mōtoana, e tsoela pele: “Ntle le hore ho be le moralo o tsitsitseng, o hlophisitsoeng hantle, Bokreste bo ke ke ba hlola bo tšepa hore bo tla boela bo laole batho joalokaha bo ile ba etsa makholong a fetileng a lilemo. Sena se ka ba setle kapa sa e-ba sebe, ho ea ka maikutlo a motho ka mong. Empa ke ’nete e tjametseng Bokreste lilemong tse tlang.”
Ka lebaka la tšenyeho e joalo malumeling a hlophisitsoeng, ba bangata ba tlohela likereke tse tloaelehileng. Empa na seo ba se khethang sebakeng sa tsona se hlile se ba fumantša seo ba se hlokang? Na ke eona tharollo?
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Mekete ea semetletsa e siea ba bangata ba ntse ba sa khotsofala moeeng
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ba bangata ba furaletse malumeli a tloaelehileng ka lebaka la ho tšehetsa ha ’ona lintoa le mebuso ea bohatelli ea lipolotiki
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
foto: age fotostock