Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 5/8 leq. 30
  • Matšeliso ho ba Siameng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matšeliso ho ba Siameng
  • Tsoha!—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng?
    Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng
  • Ho Etsahala Eng ka Baratuoa ba Rōna ba Shoeleng?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Bafu ba Hokae?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • “Lefu le Metsitsoe ka ho sa Feleng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 5/8 leq. 30

Matšeliso ho ba Siameng

LITLHASELO tsa likhukhuni tse bileng teng New York City le Washington, D.C., ka la 11 September 2001 li tšositse batho lefatšeng lohle. Ka letsatsi le le leng, ho ile ha shoa batho ba likete, ho akarelletsa le bahale ba makholo bao e neng e le bo-ralitima mollo, mapolesa le ba fanang ka thuso ea bongaka maemong a tšohanyetso.

Ka mor’a ketsahalo eo, Lipaki tsa Jehova li momahane boitekong ba tsona ba ho tšelisa ba lahlehetsoeng ke baratuoa ba bona koluoeng eo. Li entse sena e le ho ‘tlamisa ba robehileng lipelo’ le ho “tšelisa bohle ba siameng.”—Esaia 61:1, 2.

Ka lilemo, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa fumana hore ba shoetsoeng ke baratuoa ba bona ba atisa ho nahana ka lipotso tse latelang. Bibele e na le likarabo. Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe Mangolo a latelang Bibeleng ea hao?

Na ho shoa ha motho ho hlotsoe?

Ho Moeklesia 9:11, Bibele e re “nako le ketsahalo e sa lebelloang” (‘monyetla,’ Bibele—Phetolelo e Ncha) li hlahela batho bohle. Haeba e le ’nete hore lefu le hlotsoe, joale ke hobane’ng ha Bibele e re khothalletsa hore re itlhokomele?—Ka mohlala, bona Deuteronoma 22:8.

Ke hobane’ng ha re e-shoa?

Banyalani ba pele, Adama le Eva, ba ile ba behoa paradeiseng lefatšeng. Hoja ba ile ba lula ba mamela, ba ka be ba sa shoa. Lefu le ne le tla ba teng hafeela batho ba sa mamele Molimo. (Genese 1:28; 2:15-17) Ka masoabi, Adama le Eva ha baa ka ba mamela ’Mōpi oa bona. Ka lebaka leo, ba ile ba shoa. Kaha batho bohle ba tsoa ho Adama le Eva, kaofela ha bona ba futsitse sebe le lefu. Bibele ea hlalosa: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama] le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle.”—Baroma 5:12.

Boemo ba bafu ke bofe?

Ka mor’a hore Adama ebe mofetoheli, Molimo o ile a re: “U [tla] khutlela mobung, kaha u ntšitsoe ho oona. Etsoe u lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Kahoo, lefu ke boemo ba ho se ikutloe ka ho feletseng—ha e le hantle, ke boemo ba ho se be teng. Bibele e re: “Etsoe ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) Bibele e boetse e re ha motho a e-shoa, “o khutlela lerōleng la hae; ka letsatsi leo menahano ea hae ea timela.”—Pesaleme ea 146:3, 4.

Na re na le moea o sa shoeng?

Bibele e ruta ka ho hlaka hore moea oa hao ke uena, hase ntho e itseng e sa bonahaleng e tla pholoha ha u e-shoa. (Genese 2:7; Liproverbia 2:10; Jeremia 2:34) Ka lebaka leo, re ka re ha motho a e-shoa, moea o shoele. Bibele e re ka ho hlaka: “Moea [e leng motho] o etsang sebe . . . o tla shoa.”—Ezekiele 18:4.

Ho na le tšepo efe ka ba shoeleng?

Bibele e senola hore morero oa Molimo ke ho khutlisetsa bafu bophelong ka ho ba tsosetsa paradeiseng lefatšeng, moo ho kula le lefu li tla beng li se li le sieo. Jesu o itse: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.”—Johanne 5:28, 29; Tšenolo 21:1-4.

Ha a bua ka motsoalle oa hae Lazaro, Jesu o ile a bapisa lefu le boroko. (Johanne 11:11-13) Ho feta moo, ka mor’a hore Jesu a mo tsose, Lazaro ha aa ka a re o ne a le sebakeng sa tlhokofatso kapa sebakeng sa thabo e fetisisang nakong eo e khutšoanyane ea ha a ne a shoele. (Johanne 11:37-44) Sena sea utloahala kaha bafu ha ba ikutloe. Ha ba utloe bohloko empa ba emetse “hora” eo ka eona ba tla tsosoa. Ka sebele, taba ea hore Jesu o ile a tsosa Lazaro bafung e bontša hore bafu ba ka phela hape. Ka mohlolo ona, ruri Jesu o bontšitse ka tekanyo e nyenyane hore na ho tla etsahala’ng lefatšeng tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo. (Liketso 24:15) Ke matšeliso a makaakang bakeng sa ba shoetsoeng ke baratuoa ba bona nakong ee ea matšoenyeho!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela