Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng?
Khale monna ea bitsoang Jobo o ile a botsa: “Haeba motho a e-shoa, na o tla phela hape?” (Jobo 14:14, King James Version) Mohlomong le uena, u kile ua ipotsa taba ena. U ne u tla ikutloa joang hoja u ne u tseba hore ho ka khoneha hore u kopane hape le baratuoa ba hao hona mona lefatšeng tlas’a maemo a molemohali?
Bibele e tšepisitse: “Bafu ba hao a ba ke ba boele ba utloe; . . . [ba] tsosoe!” Hape Bibele e re: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Esaia 26:19; Pesaleme 37:29.
Hore re be le tšepo ea sebele litšepisong tse joalo, re lokela ho arabela lipotso tse ling tsa motheo: Ke hobane’ng ha batho ba e-shoa? Bafu bakae? ’Me re ka kholiseha joang hore ba tla phela hape?
Lefu, le se Etsahalang ha re E-shoa
Bibele e hlakisa taba ea hore tšimolohong Molimo o ne o sa rera hore batho ba shoe. O bōpile batho ba pele ba babeli Adama le Eva, oa ba bea paradeiseng ea lefatšeng tšimong ea Edene, ’me oa ba laela ho ba le bana le ho atolosa lehae la bona la Paradeise lefatšeng lohle. Ba ne ba tla shoa ha feela ba sa mamele litaelo tsa oona.—Genese 1:28; 2:15-17.
Ka ho haelloa ke kananelo bakeng sa mohau oa Molimo, Adama le Eva ha ba ka ba mamela ’me ba ile ba tlameha ho lefa kotlo e beiloeng. Molimo oa bolella Adama “[U tla khutlela] mobung oo u ntšitsoeng ho oona; hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Pele Adama a bopjoa o ne a le sieo; e ne e le lerōle. ’Me ka baka la ho se utloe ha hae, kapa sebe, Adama o ile a ahloleloa kotlo ea ho khutlela lerōleng, boemong ba ho ba sieo.
Ka baka leo, lefu ke ho se phele. Bibele e etsa phapang: “Moputso oa sebe ke lefu; empa neo ea mohau oa Molimo ke bophelo bo sa feleng.” (Ba-Roma 6:23) Ha Bibele e bontša hore lefu ke boemo ba ho se ikutloe ho feletseng e re: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” (Moeklesia 9:5) Ha motho a e-shoa, Bibele e’a hlalosa: “Phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.”—Pesaleme ea 146:3, 4.
Leha ho le joalo, kaha ke Adama le Eva feela ba sa kang ba mamela taelo eane ea Edene, ke hobane’ng ha rōna kaofela re e-shoa? Ke kahobane kaofela ha rōna re tsoetsoe kamor’a ketso ea ho se mamele ha Adama, ’me ka baka leo re futsitse sebe le lefu ho eena. Bibele ea hlalosa: “Joale ka ha sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, [Adama] ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle.”—Ba-Roma 5:12; Jobo 14:4.
Empa e mong a ka ’na a botsa: ‘Na batho ba na le moea o sa shoeng o lulang o ntse o phela kamor’a lefu?’ Ba bangata ba ’nile ba ruta sena, esita le ho bolela hore lefu ke monyako o isang bophelong. Empa khopolo eo ha e tsoe Bibeleng, hobane Lentsoe la Molimo le ruta hore uena u moea, le hore moea oa hao e hlile ke uena hammoho le litšobotsi tsohle tsa hao tsa ’mele le tsa kelello. (Genese 2:7; Jeremia 2:34; Liproverbia 2:10) Hape, Bibele e re: “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4) Ha ho moo Bibele e rutang hore motho o na le moea o sa shoeng o lulang o ntse o phela ha setopo se se se shoele.
Kamoo Batho ba ka Phelang Hape
Hoba sebe le lefu li kene lefatšeng, Molimo oa senola hore e ne e le morero oa oona hore bafu ba khutlisetsoe bophelong ka tsoho. Bibele ea hlalosa: “Abrahama, . . . [o ne a tseba] hoba Molimo o ka tseba ho tsosa mora oa hae [Isaaka] bafung.” (Ba-Heberu 11:17-19) Tšepo ea Abrahama e ne e sa fosahala, hobane Bibele e re ka Ea Matla ’ohle: “Molimo ha se Molimo oa bafu, ke oa ba phelang; hobane ho oona batho kaofela ke ba phelang.”—Luka 20:37, 38.
E, Molimo Ea Matla ’ohle ha o na matla feela empa hape o na le takatso ea ho tsosa batho bao o ba khethang. Jesu Kreste ka boeena o itse: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho oona.”—Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15.
Nakoana hoba Jesu a bue mantsoe ana, a teana le mokoloko oa phupu o e-tsoa motseng oa Baiseraele oa Naine. Mohlankana ea shoeleng e ne e le mora a ’notši oa mohlolohali. Ha Jesu a bona masoabi a maholo a mohlolohali enoa, a mo utloela bohloko. Kahoo ha a bua le setopo, a laela: “Mohlankana, ke re ho uena: Tsoha!” Eaba mofu oa lula ’me Jesu a mo nea ’m’ae.—Luka 7:11-17.
Joaloka tabeng ea mohlolohali eo, ho ile ha ba le thabo e khōlō ha Jesu a etela ha Jariuse, ’musisi oa synagoge ea Bajode. Morali oa hae ea lilemo li 12 o ne a shoele. Empa ha Jesu a fihla ha Jariuse, a ea ho ngoana ea shoeleng ’me a re: “Ngoanana, tsoha.” ’Me o ile a tsoha!—Luka 8:40-56.
Hamorao, motsoalle oa Jesu Lazaro a shoa. Ha Jesu a fihla ha hae, Lazaro o ne a se a e-na le matsatsi a mane a shoele. Le hoja khaitseli ea hae Maretha a utloile bohloko haholo, o ile a bontša tšepo, a re: “Kea tseba hobane o tla tsoha mohla tsoho, letsatsing la bofelo.” Empa Jesu a ea lebitleng, a laela hore lejoe le tlosoe, ’me a hoa: “Lazaro, tsoa moo!” A fela a tsoa!—Johanne 11:11-44.
Joale ak’u nahane ka sena: Boemo ba Lazaro e ne e le bofe matsatsing ao a mane a shoele? Lazaro ha a ka a bua letho ka hore o ne a le leholimong kapa liheleng tsa tlhokofatso, e leng seo a ka beng a se buile hoja a ne a le moo. Che, Lazaro o ne a sa ikutloe ho hang ha a shoele ’me a ka be a lutse a le boemong boo ho fihlela “mohla tsoho letsatsing la bofelo” hoja Jesu a sa ka a mo tsosa.
Ke ’nete hore mehlolo ena ea Jesu e ne e le ea molemo oa nakoana feela, hobane batho bao a ileng a ba tsosa ba ile ba e-shoa hape. Leha ho le joalo, lilemong tse 1 900 tse fetileng o ile a fana ka bopaki ba hore, ka matla a Molimo, bafu ba tla phela hape! Ka baka leo Jesu ka mehlolo ea hae o bontšitse ka tekanyo e nyenyane se tla etsahala lefatšeng tlas’a ’Muso oa Molimo.
Ha Moratuoa a E-shoa
Ha sera lefu se otla, masoabi a hao a ka ba maholo, esita le hoja u e-na le tšepo ea tsoho. Abrahama o ne a e-na le tumelo ea hore mosali oa hae o tla phela hape, empa leha ho le joalo re bala hore ‘Abrahama a llela Sara.’ (Genese 23:2, New World Translation) ’Me ho thoe’ng ka Jesu? Ha Lazaro a ne a shoele, o ile “a hlabeha moeeng, a sisimoha,” ’me nakoana kamor’a moo ‘a lla.’ (Johanne 11:33, 35) Ka baka leo, ha moratuoa oa hao a e-shoa, ho lla ha ho bontše hore ua fokola.
Ha ngoana a e-shoa, haholo-holo ke ’mè ea utloang bohloko. Kahoo Bibele e bua ka masoabi a bohloko ao ’mè a ka a utloang. (2 Marena 4:27) Koana, le ho ntate ea shoetsoeng ho ntse ho le bohloko. Morena Davida o ile a lla ha mora oa hae Absalome a e-shoa, a re, “Hojane ho shoele ’na bakeng sa hao.”—2 Samuele 18:33.
Leha ho le joalo, hobane u e-na le tšepo tsohong, masoabi a hao a ke ke a tsoela pele a sa fele. Joaloka ha Bibele e re: “Le se ke la hlomoha joale ka ba bang ba se nang tšepo.” (1 Ba-Thessalonika 4:13) Ho e-na le hoo, u tla atamela haufi le Molimo ka thapelo, ’me Bibele e tšepisa hore “O tla u tšehetsa.”—Pesaleme 55:22.
Ntle leha ho bontšitsoe ka hosele, litšupiso tsohle tsa Bibele li hlaha Bibeleng ea Sesotho.