Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 6/8 leq. 18
  • Likokoanyana Tseo e Leng Litsebi Tsa ho Lahla Litšila

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likokoanyana Tseo e Leng Litsebi Tsa ho Lahla Litšila
  • Tsoha!—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-ea ho Bohloa
    Tsoha!—1990
  • Likokoanyana li Tsamaea Joang ka Tsela e Hlophisehileng?
    Na e Entsoe?
  • Lebotho le Machang!
    Tsoha!—2003
  • Likokoanyana Tsa Lero le Monate Limomonyane Tsa Lehoatateng
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 6/8 leq. 18

Likokoanyana Tseo e Leng Litsebi Tsa ho Lahla Litšila

LILEMONG tse ka bang 150 tse fetileng, batho ba ile ba qala ho qapa mekhoa e rarahaneng ea ho lahla litšila le likhoerekhoere. Leha ho le joalo, ho ne ho se ho ntse ho e-na le setsebi sa ho lahla litšila—bohloa bo bonyenyane bo fumanoang likarolong tse chesang le tse mongobo tsa Amerika.

Ho na le bohloa bo ka bang milione bo pomang makhasi bo phelang ka har’a lirobe tse khōlō ka tlas’a lefatše. Lihlopha tse sa tšoaneng tsa bohloa bona li etsa mesebetsi e sa tšoaneng. Bohloa bo bong bo bokella likotoana tsa makhasi, ’me sehlopha se seng sona sea a hlafuna ho fihlela a le bonolo haholo. Bohloa bo sebetsang serapeng bo sebelisa makhasi ao a nolofalitsoeng bakeng sa ho lema fungus e ka jeoang ka har’a lirobe ka liphaposing tse ling. Hape bo tlosa lintho tsohle tse ka bakang tšoaetso ka har’a serobe, tse kang fungus e hlasetsoeng ke boloetse, bohloa bo shoeleng kapa bo tla tloha bo e-shoa le lintho tse bolileng. Empa bohloa boo bo lahla litšila tsee joang?

Koranta ea The Independent e bolela hore bo-rasaense ba Brithani Univesithing ea Sheffield ba fumane karabo. Haufi le liphaposi tsa bohloa bo sebetsang serapeng ho na le liphaposi tse khōlō tseo ho bokelloang litšila tsena ho tsona. Bohloa bo sebetsanang le litšila tsena bo lula moo bophelo bohle ba bona, bo ntse bo phethola litšila tsena ho etsa hore li bole kapele ’me seo se bolaea libaktheria tse bakang maloetse. Bohloa bo sebetsang serapeng ha ho mohla bo kenang ka har’a liphaposi tsena tsa litšila. Bo kenya litšila tseo ka har’a foro, ’me bohloa bo sebetsanang le litšila boa li lata. Tsamaiso ena e sebetsang ea ho lahla litšila e fokotsa menyetla leha e le efe e ka bang teng ea tšilafalo le ho sireletsa bophelo ba bohloa bona.

Jehova Molimo ha aa ka a bōpa likokoanyana li le bohlale ka tsela ea tlhaho feela empa lilemong tse fetang 3 500 tse fetileng o ile a boela a fa Baiseraele melao ea bophelo bo botle e sebetsang. Ho sebelisa ha bona melao ena ho ne ho tla thibela ho silafatsa phepelo ea lijo le metsi, ho thibele ho ata ha mafu a tšoaetsanoang le ho tiisa hore tsamaiso ea likhoerekhoere e lula e sireletsehile. Ho latela melao-motheo eo ho ne ho tla thibela mahlomola le mafu a mangata hakaakang!—Levitike 11:32-38; Numere 19:11, 12; Deuteronoma 23:9-14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela