Lebotho le Machang!
“Re lula motseng oa Belize o ntseng o hahuoa, o pota-potiloeng ke limela tse ngata. Hoseng ha letsatsi le leng, hoo e ka bang ka hora ea borobong, ho ile ha e-ba le lebotho le hlaselang lehae la rōna. Ho ile ha kena bohloa bo bongata haholo tlas’a lemati le mapatsong ’ohle, bo batla seo bo ka se jang. Ho ne ho se seo re ka se etsang haese ho tsoa lehaeng la rōna hora kapa tse peli ha bohloa bo sa ntse bo hapile ntlo. Ha re khutla, bohloa bo ne bo tsoile empa bo hlekile likokoanyana tsohle tse teng ka tlung.”
HO BATHO BA BANGATA ba phelang linaheng tsa litropike joaloka Belize, ena e se e le ntho e tloaelehileng ’me e bile ea amoheleha. Ke tsela ea ho hleka lintho tse tšoenyang ka tlung tse kang maphele le likokoanyana tse ling tse lomang. ’Me ho hang ha li siee bohlasoa.
Ho thahasellisang ke hore bohloa boo ho buuoang ka bona mona bo bitsoa hore ke lebotho la bohloa ka lebaka la ho etsa lintho le ho sebetsa ka tsela e kang ea masole.a Ho e-na le ho haha seolo, lebotho lena le sa luleng ’ng’a e le ’ngoe, le baloang ka makholo a likete, le haha matloana a nakoana, ebe letšoele lena la bohloa le lohellanya maoto a lona ho etsa lerako ho potoloha mofumahali le malinyane a hae. Matloaneng ana a nakoana, lihlopha tsa bohloa li tsoa letšolo li entse mekoloko ho ea batla lijo, tse akarelletsang likokoanyana le libōpuoa tse nyenyane, tse kang mekholutsoane. Baeta-pele ba lebotho lena le hlaselang ba tsamaea le ho etsa hoo ho bonahalang eka ke thekō e le hore ba ka tšoasa lijo. Sena se etsahala ha bohloa bo eteletseng pele bo qea-qea ’me bo ema hobane ho se mohlala oo bo o nkhellang. Bohloa bo ka morao boa sututsa, bo etse hore mola o ka pele o tsamaee o kobeha, ebe ho bonahala eka bo tsamaea bo entse thekō.
Lebotho la bohloa le sebetsa ka mekhahlelo ea matsatsi a 36, le macha ka matsatsi a 16 ebe joale le ema matsatsi a 20, e leng nakong eo mofumahali a behelang mahe. Ka morao ho moo, tlala e etsa hore lebotho lena le tsoe letšolo hape. Mekoloko ea bona ha bo macha e qaqolohane ka bophara ba limithara tse 10, ’me mathōkong a eona ke likho, liphepheng, bo-maleshoane, linqanqane le mekholutsoane tseo kaofela ha tsona li balehang, ’me li setsoe morao ke linonyana tse iphepang ka baphaphathehi bana, ’me ha ho bonahale li iphepa ka bohloa bona.
Joalokaha Bibele ho Liproverbia 30:24, 25 e hlalositse bohloa e le bo “bohlale ka tlhaho,” ka sebele ke e meng ea mehlolo e hlollang ea pōpo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sehlooho sena se bua ka mofuta oa Eciton oa Amerika Bohareng le Amerika Boroa.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Bohloa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Frederick D. Atwood
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Bo etsa borokho ka ho lohellanya maoto a bona hammoho
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Tim Brown/www.infiniteworld.org