U Memeloa Kopanong ea Setereke ea “Baboleli ba ’Muso ba Chesehang”
AFIKA BOROA feela ho hlophisitsoe likopano tse 42. Kopano ea pele e tla ba ka la 22-24 November, ’me ea ho qetela e tla ba bofelong ba December. Ho ka etsahala hore e ’ngoe ea likopano tsena tsa matsatsi a mararo—tseo ka tloaelo li tšoaroang ho tloha ka Labohlano ho fihlela ka Sontaha—e be haufi le sebaka seo u lulang ho sona.
Libakeng tse ngata, mananeo a tla qala ka lehlaso la ’mino ka 9:00 hoseng. Letsatsing la pele, puo ea kamohelo e tla lateloa ke puo eo ho eona ho tla buisanoa le baboleli ba ’Muso. Joale, ka mor’a lipuo tse nang le lihlooho tse reng, “Ithabele ka ho Phethehileng ho Jehova” le “Le Iponahatse le le ba Lebohang,” lenaneo la hoseng le tla phethoa ka puo ea sehlooho e reng, “Baboleli ba ’Muso ba Susumetsoang ke Cheseho.”
Lenaneo la Labohlano thapama le tla akarelletsa puo ea neheletsano e likarolo li tharo e reng, “Boprofeta ba Mikea bo re Matlafaletsa ho Tsamaea ka Lebitso la Jehova,” ho kopanyelletsa le lipuo tse reng, “Boloka Bohloeki ka ho Sireletsa Pelo ea Hao” le “Itebele Khahlanong le Thetso.” Qetellong, puo ea ho qetela ea letsatsi e nang le sehlooho se reng, “Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete” e tla fana ka thuso e molemo haholo e mabapi le tšebeletso ea Bokreste.
Lenaneo la Moqebelo hoseng le tla akarelletsa puo ea neheletsano e likarolo li tharo e nang le sehlooho se reng, “Baboleli ba ’Muso ba Tlotlisang Tšebeletso ea Bona.” E tla lateloa ke lipuo tse khothatsang tse nang le lihlooho tse reng, “Lebaka Leo ka Lona U Lokelang ‘ho Rapela U sa Phetse’” le “Moqoqo o Likolohang Linthong Tsa Moea oa Haha.” Lenaneo la hoseng le tla phethoa ka puo ea boinehelo le kolobetso, ’me ka mor’a eona ba tšoanelehang ba tla kolobetsoa.
Lenaneo la Moqebelo thapama le tla ba le puo ea neheletsano ea ho qetela ea kopano e likarolo li tharo e reng, “Boleng ba Tumelo ea Rōna bo Lekoa ka Liteko Tse sa Tšoaneng.” Likarolo tsena li tla thusa Bakreste ho tobana ka katleho le phephetso ea ho lula ba sa jele paate. Lenaneo la Moqebelo le phethoa ka ntlha e khōlō ea kopano, puo e amang maikutlo e nang le sehlooho se reng, “Atamela ho Jehova.”
Ka ho khetheha lenaneo la Sontaha hoseng le tla lebisa tlhokomelo ho bacha, le tla qala ka puo e reng, “Na Tšepo ea Hao e ho Jehova?” le e reng, “Bacha—Hahang Bokamoso le Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova.” Puo ena ea bobeli e tla akarelletsa lipuisano tsa metsotso e 20. Eona e tla lateloa ke tšoantšiso ea moaparo oa boholo-holo ea Jeremia, eo eitseng ha a khetheloa ho ba moprofeta a ileng a ipelaetsa ka ho re: “Ke sa le moshanyana.” (Jeremia 1:6) Ka mor’a moo, ho tla latela puo e tla hatisa molaetsa oo tšoantšiso e faneng ka oona. Lenaneo la thapama le tla akarelletsa puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng, “Boemo ba Lefatše Lena Boa Fetoha.”
Ka sebele u tla rua molemo moeeng ka ho ba teng matsatsi ’ohle a mararo. E le hore u ka fumana sebaka sa kopano se haufi le uena, iteanye le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso e sebakeng sa heno kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena.