Tloo Kopanong ea Setereke ea “Tumelo Lentsoeng la Molimo”!
BA LIMILIONE tse ngata ba tla ba teng libakeng tse makholo lefatšeng lohle. Afrika Boroa, ho lokiselitsoe likopano khoeling ea December. Mohlomong e ’ngoe ea likopano tsena tsa matsatsi a mararo—ho tloha ka Labohlano ho fihlela ka Sontaha—e tla tšoareloa motseng o seng hōle le moo u lulang teng.
U tla rua molemo bongateng ba taeo e sebetsang ea Bibele. Libakeng tse ngata lenaneo le tla qala ka ’mino ka 9:30 hoseng ho hong le ho hong. Hoseng ha Labohlano, metsotso e 25 e tla ba ea puisano e etsoang ka lipotso le batho bao bophelo ba bona bo anngoeng ka ho teba ke tumelo ea bona Lentsoeng la Molimo. Lenaneo leo le qalang le tla qetella ka puo ea sehlooho, “Ho tsamaea ka Tumelo, Eseng ka Pono.”
Puo ea pele thapameng ea Labohlano e tla tšohla karolo ea bohlokoa eo bacha ba nang le eona phuthehong ea Bokreste. Neheletsano e hlahlamang e nang le likarolo tse tharo e bua ka litekanyetso tsa Bibele malebana le boitšoaro ba Mokreste puong, mekhoeng le ponahalong ea botho. Ka mor’a moo, puo e reng “Hlokomela ho Hloka Tumelo” le e reng “Lentsoe la Molimo Lea Phela” li lebisa tlhokomelo keletsong e molemo e fumanehang ho Baheberu khaolo ea 3 le ea 4. Lenaneo la Labohlano le tla qetella ka puo e reng “Buka ea Batho Bohle.”
Puo ea pele hoseng ha Moqebelo ke e reng “Tumelo e se Nang Mesebetsi e Shoele.” Hoseng hoo, puo e ’ngoe ea bohlokoa e reng “E-ba ea Metseng ka Metso le ea Tsitsitseng ’Neteng,” e hlalosa kamoo ho ka finyelloang khōlo ea moea kateng. Lenaneo leo le tla qetella ka puo ea bohloka e bang teng kamehla kopanong, “Tumelo Lentsoeng la Molimo e Lebisa Kolobetsong,” eo ka mor’a eona ho tlang ho ba le tokisetso ea ho kolobetsa barutuoa ba bacha.
Puo e qalang thapameng ea Moqebelo, e reng “Loana Ntoa e Thata Bakeng sa Tumelo,” e tšohla temoso ea buka ea Bibele ea Jude. Neheletsano e nkang hora e nang le sehlooho se reng “A re Eeng ka Tlung ea Jehova” e tla tšohla melemo ea liboka tsa Bokreste. Lenaneo la letsatsing leo le qetella ka puo e reng “Mofuta oa Tumelo ea Hao—O Lekoa Hona Joale.”
Lenaneo la Sontaha hoseng le na le neheletsano e likarolo li tharo e tla bua ka buka ea Bibele ea Joele, hammoho le hore na e sebetsa joang mehleng ea rōna. Joale ho latela tšoantšiso ea Bibele e nang le sehlooho se reng “Boloka Leihlo la Hao le Talimme Nģa e le ’Ngoe.” Ntlha-khōlō ea kopano thapama ke puo ea phatlalatsa e reng “Tumelo le Bokamoso ba Hao.”
Re kholisehile hore u tla rua molemo moeeng ka ho ba teng kopanong. U tla amoheloa ka mofuthu lenaneong le leng le le leng. Etsa litokiselletso esale hona joale hore u tle u be teng. Bakeng sa sebaka se haufi le moo u lulang teng, ikopanye le ba Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e haufi le moo u lulang teng kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena.