Qoba Leraba la Papali ea Chelete
“Ho bapala papali ea chelete ho ne ho sa ame bophelo ba ka ba ’mele, ebile ke ne ke lekanyetsa chelete eo ke bechang ka eona. Empa kea lumela hore kamehla ha ke ne ke bapala lothari, ke ne ke khetha linomoro tseo ke neng ke li nka e le tsa ka tsa mahlohonolo.”—Linda.
BATHO ba bangata ba bapalang papali ea chelete ba ba le tumelo ea hore ho na le linomoro tse ba fang mahlohonolo kapa lithatho tse ba tlisetsang mahlohonolo. E ka ’na eaba ba lumela hore ha ba nke litumela-khoela tsa bona ka botebo, empa ho sa tsotellehe seo ba ka ’na ba tsoela pele ka tsona.
Batho ba bang ba bechang ba rapela Molimo, ba mo kōpa hore a ba thuse ho hapa papali eo ba e khethileng. Empa Bibele e bolela hore Molimo o nyatsa ba bolelang hore baa mo rapela empa ka lehlakoreng le leng ‘ba lokisa tafole bakeng sa molimo oa Mahlohonolo.’ (Esaia 65:11) E, Molimo o nyonya litloaelo tse khothalletsang ho ba le tumelo ho litumela-khoela. Papali ea chelete, ka boeona, e khothalletsa ho itekela lehlohonolo.
Papali ea chelete e hōlisa lerato la chelete ka mokhoa o hlabisang lihlong. Har’a moloko oa kajeno o sa reng letho ka lintho tsa moea, chelete e nketse molimo sebaka, ’me papali ea chelete ke mokhoa oa ho e rapela. Mehaho e majabajaba ea lik’hasino ke likereke tse ncha, ’me thuto e ncha ea motheo ea bolumeli ke e rutang hore ho ba meharo ke ntho e ntle. Lipatlisiso tse entsoeng li bontša hore bongata ba batho ba etelang lik’hasino bo re bo etsa joalo, eseng ka lebaka la boithabiso kapa ka lebaka la ho ikhatholla, empa bo etela lik’hasino e le hore bo ka hapa “bokhothokhotho ba chelete.” Leha ho le joalo, Bibele ea eletsa: “Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.”—1 Timothea 6:10.
Ho 1 Bakorinthe 6:9, 10, Bibele ha e bolela ka ho hlakileng e re: “Le se ke la khelosoa. Leha e le . . . barapeli ba litšoantšo . . . kapa batho ba meharo . . . ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” Meharo hase feela lefu le fokolisang maemo a sechaba; ke lefu le bolaeang la moea—empa ke lefu le nang le pheko.
Ba Bile le Matla a ho Fetoha
Kazushige, eo ho builoeng ka eena sehloohong se qalang oa hopola: “Ke lekile ka makhetlo ho tlohela papali ea chelete. Ke ne ke hlokomela hore ho becha lipere lekoteng la mojaho le metsoalle ho ne ho senya lelapa la ka. Kamehla ke ne ke lahleheloa ke chelete eo ke e hapileng. Ke ile ka ba ka becha ka chelete eo mosali oa ka a neng a e beheletse ka thōko bakeng sa ho hlaha ha mora oa rōna oa bobeli, ’me qetellong ka qala ho becha le ka chelete ea k’hamphani eo ke neng ke e sebeletsa. Ka lebaka leo, ke ile ka lahleheloa ke seriti ka ho feletseng. Ka linako tse ling mosali oa ka o ne a lla a nkōpa hore ke tlohele ho becha, empa ke ne ke sa khone ho ho tlohela.”
Eaba Kazushige o qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. O re: “Ha ke bala Bibele ka ho eketsehileng, ke ile ka ba le kholiseho e eketsehileng ea hore Molimo o teng le hore ke tla rua molemo ka ho mo mamela. Ke ile ka ikemisetsa hore ka matla ao Molimo a fanang ka ’ona, ke tla tlohela ho becha. Ntho e makatsang ke hore, ha kea tlohela ho becha feela, empa ke ho hloile. Hona joale ha ke hetla morao ke nahana ka khatello eo papali ea chelete e e tliselitseng lelapa la ka, pelo ea ka e utloa bohloko. Ke motlotlo hakaakang hore ebe Jehova Molimo o nthusitse ho tlohela ho lemalla papali ea chelete le hore o ntse a nthusa ho phela bophelo bo nang le morero!”—Baheberu 4:12.
John, eo le eena ho builoeng ka eena sehloohong se qalang, ka ho tšoanang o ile a qala ho ithuta Bibele. Oa hopola: “Ho ithuta Bibele ho ile ha nthusa ho shebisisa boemo ba ka. Ka lekhetlo la pele, ke ile ka bona hantle tšenyo eo papali ea chelete e neng e mpakela eona le tšenyo eo e neng e e baka lelapeng la ka. Ke ile ka hlokomela hore papali ea chelete e khothalletsa boikutlo ba boithati le meharo ho batho—litšoaneleho tseo Jehova a li hloileng. Ha ke ntse ke tsoela pele ho ithuta, lerato la ka ho Jehova le ile la mpha matla a ho itokolla papaling ea chelete. Ke ile ka qala ho bapala papali ea chelete hobane ke ne ke batla ho phela bophelo bo molemo. Kaha ke se ke tlohetse papali ea chelete ’me ke sebeletsa Jehova ka thabo, toro ea ka e fetohile ’nete.”
Ka ho tšoanang Linda, mosali oa John, le eena o ile a etsa qeto ea ho tlohela papali ea chelete. O re: “Ho ne ho se bonolo. Empa ka mor’a hore ’na le monna oa ka re qale ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ke ile ka ithuta ho etelletsa lintho tsa bohlokoa pele bophelong. Hase hore ke ithutile ho rata lintho tseo Molimo a li ratang feela empa ke ithutile le ho hloea lintho tseo a li hloileng, ho akarelletsa le mefuta eohle ea meharo. Ho tlatsetsa bophelong bo nang le morero boo ke bo phelang, ke na le chelete e ngata ka mokotleng.”—Pesaleme ea 97:10.
Ka ho ba le botsoalle le Jehova Molimo, le uena u ka ba le matla le bohlale tse hlokahalang e le hore u ka qoba leraba la papali ea chelete. Ho etsa joalo ho tla u ntlafatsa moruong, maikutlong, le ho nchafatsa bophelo ba hao ba moea. Joale u tla thabela ho latsoa bonnete ba mantsoe a tlalehiloeng ho Liproverbia 10:22: “Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
Meharo hase feela lefu le fokolisang maemo a sechaba; ke lefu le bolaeang la moea
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Papali ea Chelete le Matla a Phahametseng Tlhaho
Tlalehong eo ba ileng ba e ngolla Komisi ea Tsa Thuto ka Tšusumetso ea Papali ea Chelete Sechabeng, bafuputsi ba Univesithi ea Duke ba ile ba bolela hore tsela eo papali ea chelete e phatlalatsoang ka eona e amana ka mokhoa o sa tobang le ho ba le tumelo matleng a phahametseng tlhaho. Tlaleho eo e re: “Lipapatso tse ngata [tsa lothari] li tsosa thahasello ea lerato la lintho tse bonahalang . . . Empa leha ho le joalo hase lintho tse bonahalang tseo motho a li sehletseng ka thata le ka mamello empa li ba teng ka lebaka la ho beha tumelo boselamoseng le maboneng a mohlolo, tse thehiloeng tšepong, litorong le litumela-khoeleng. Motsamaisi e mong le e mong oa lothari o tseba hantle hore libapali tsa hae tsa kamehla li becha li latela litumela-khoela tse itseng, li sebelisa limmapa tsa bonohe ba linaleli, mekhoa e itseng eo li iqapetseng eona, le ‘libuka tsa litoro’ tse thathamisang linomoro tse bapileng le mabitso, matsatsi le litoro. Ho e-na le ho hatisa hore linomoro tsohle li na le menyetla e lekanang ea ho khethoa le hore ho becha linomoro tse ratoang haholo ho tla fokotsa moputso oo motho a o lebeletseng ha a arolelana chelete eo a e hapileng le motho e mong ea bechileng nomoro e tšoanang le ea hae, mekhatlo ea lothari e khethile ho khothalletsa libapali ho bapala (le ho khomarela) linomoro tseo li li nkang e le tsa mahlohonolo.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
“Lerato la ka ho Jehova le ile la mpha matla a ho itokolla papaling ea chelete.”—John
“Ho tlatsetsa bophelong bo nang le morero boo ke bo phelang, ke na le chelete e ngata ka mokotleng.”—Linda
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
“Ntho e makatsang ke hore, ha kea tlohela ho becha feela, empa ke ho hloile.”—Kazushige