Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha Motsoali oa ka a sa Nthate?
Pele Ntate a hlala ’Mè, re ne re tloaetse ho ea lebōpong la leoatle, re e-ja lireschorenteng, ebile re etela libakeng tse ngata ka koloi ea hae. Eaba hoa fela. Ntate o ile a fetoha. Mohlomong le ’na o ntlhalile.”—Karen.a
KE BACHA ba bangata haholo ba ikutloang ka tsela ena. Joaloka Karen, ba nahana hore motsoali e mong ha a sa ba rata—kapa ha aa ka a tloha a ba ratile. Mona teng, ha re bue ka ho se utloane ha nakoana ho bang teng lipakeng tsa bacha le batsoali ba bona; hape ha re bue ka ho hlonama hoo bacha ba bang le hona ka linako tse ling ka mor’a hore ba lauoe ke batsoali. Ho e-na le hoo, maemong a mang batsoali ba molato oa ho hlokomoloha bana ba bona, ba hlōleha ho ba fa tlhokomelo eo ba e hlokang le taeo. Ka linako tse ling ba ba le mokhoa oa ho ba tšoara ka sehlōhō le ho ba tšoara hampe, mohlomong ka ho ba rohaka kapa ho ba otla.
Ha ho ntho e utloisang bohloko joaloka ho hlokomolohuoa ke motsoali. Karen o re: “Ho entse hore ke ikutloe joalokaha eka ha ke batloe hape ke lahliloe.” Haeba u kile ua ba boemong bo thata joalo, ak’u nahane ka litsela tse ling tsa ho sebetsana ka katleho le maikutlo a hao. Kholiseha hore esita le haeba batsoali ba hao ba sa u tšehetse, u ka atleha bophelong!
Ho Utloisisa Motsoali oa Hao
Ntho ea pele, u lokela ho lebella hore motsoali oa hao a u rate. Lerato la motsoali ho ngoana e lokela ho ba la tlhaho ’me le tšepahale joaloka ho chaba ha letsatsi. Molimo o lebeletse hore batsoali ba bontše lerato le joalo. (Bakolose 3:21; Tite 2:4) Kahoo, ke hobane’ng ha ka linako tse ling batsoali ba hlokomoloha, ba lahla, kapa ba sotla bana ba bona?
Lebaka le leng le susumetsang bothata bona e ka ba tsela eo ba phetseng ka eona bophelong. Ak’u ipotse, ‘Batsoali ba ka ba ithutile tsela ea ho hōlisa bana hokae?’ Hangata, batsoali ba ka ithuta ho hōlisa bana ba latela tsela eo batsoali ba bona ba ba hōlisitseng ka eona. ’Me lefatšeng la rōna la kajeno le sehlōhō, le tletseng palo e khōlō ea batho ba “se nang lerato la tlhaho,” koetliso e joalo hangata e na le liphoso tse tebileng. (2 Timothea 3:1-5) Ka linako tse ling, khōliso e joalo ha ho mohla e felang, ’me batsoali ba sotla bana ba bona joalokaha le bona ba ile ba sotloa.
Ho phaella moo, ho ka etsahala hore ebe batsoali ha baa thaba ka ho feletseng ka lebaka la mabaka a fapaneng. Ba bang ba leka ho iphapanyetsa ho sareloa le ho ferekana ka ho ameha ka botebo mosebetsing, joaleng le lithethefatsing. Ka mohlala, William le Joan ba hōlisitsoe ke ntate eo e neng e le lekhoba la tahi. Joan o re: “Ho ne ho le thata hore Ntate a re babatse. Leha ho le joalo, ntho e mpe ka ho fetisisa, e ne e le bohale ba hae ha a qala ho noa. O ne a omanya ’Mè bosiu kaofela. Ke ne ke lula ke tšohile.” Le hoja ho ka etsahala hore batsoali ha ba hlekefetse bana ba bona pepenene, boitšoaro ba bona bo ka etsa hore ba se be le matla a ho fa bana ba bona lerato le tlhokomelo tseo ba li hlokang.
William o nahana hore o utloisisa lebaka le neng le etsa hore boitšoaro ba ntat’ae e be bo sa tsitsang. Oa hlalosa: “Ntate o hōletse Berlin, Jeremane, nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ha e sa le moshanyana, o ile a ba le phihlelo ea liketsahalo tse nyarosang ’me a bona batho ba bangata ba bolaoa. O ne a lokela ho beha bophelo ba hae kotsing letsatsi le leng le le leng feela hore a fumane se jeoang. Ke nahana hore Ntate o ile a angoa ka ho teba ke lintho tsohle tseo a ileng a feta har’a tsona.” Ka sebele, Bibele ea lumela hore batho ha ba le ka tlas’a khatello e matla ba ka etsa lintho ka ho se nahane.—Moeklesia 7:7.
Na William le Joan ba nahana hore phihlelo eo ntat’a bona a bileng le eona bophelong e lokela ho lokafatsa tsela eo a neng a ba tšoara ka eona? William o re: “Che. Bophelo ba hae ba nako e fetileng ho hang ha bo lokafatse ho fetoha ha hae lekhoba la tahi le ho ba le boitšoaro bo sa beheng mohlala. Leha ho le joalo, ho tseba seo a fetileng ho sona ho nthusitse ho utloisisa boitšoaro ba Ntate haholoanyane.”
Ho lumela hore batsoali ba hao ha baa phethahala le ho ithuta ho hong ka bophelo ba bona ba pele ho ka u thusa haholo le ho etsa hore u ba utloisise. Liproverbia 19:11 e re: “Temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae.”
Ho Sebetsana ka Katleho le Maikutlo a Hao
U ka ba le maikutlo a mang a sa thabiseng ka lebaka la boemo bo teng lapeng. Ka mohlala, ho hlokomolohuoa ke batsoali ka bobeli ho ile ha etsa hore Patricia a ikutloe a “se na molemo oa letho ebile a sa ratoe.” LaNeisha o ho fumane ho le thata ho tšepa banna ka kakaretso ka mor’a hore ntat’ae a tlohe lapeng ha a le lilemo li robeli feela. ’Me Shayla eena o ne a batla tlhokomelo ea mang kapa mang eo a teanang le eena, e le hore a ka koala sekheo se siiloeng ke ’m’ae eo bophelo ba hae bo neng bo “laoloa ke lithethefatsi.”
Khalefo le lehloeo le tsona e ka ba bothata. Ha Karen a bona ntat’ae ea keneng lenyalong la bobeli a bontša lelapa la hae le lecha lerato leo a neng a batla hore le eena a le bontšoe, seo se ile sa etsa hore “a be mōna haholo ka nako e ’ngoe.” Ka linako tse ling, Leilani o ne a bile a utloa a hloile batsoali ba hae. O re: “Ke ne ke lula ke ngangisana le bona.”
Ka tlas’a maemo a tšoanang, mohlomong motho e mong le e mong o ne a ka etsa joalo. Leha ho le joalo, u ka sebetsana ka katleho joang le maikutlo a joalo a fosahetseng? Ak’u nahane ka litlhahiso tsena tse latelang.
• Atamela haufi le Jehova Molimo. (Jakobo 4:8) U ka etsa joalo ka ho ba le thuto ea botho ea ’malo oa Bibele le ho tloaelana le batho ba hae. Ha u bona tsela eo Jehova a sebelisanang le batho ba hae ka eona, u tla bona hore oa tšepahala. U ka mo tšepa. Jehova o ile a botsa Baiseraele: “Na mosali a ka lebala ngoana oa hae ea anyang hoo a ke keng a hauhela mora oa mpa ea hae?” A tšepisa: “Esita le basali bana ba ka lebala, leha ho le joalo ’na nke ke ka u lebala.” (Esaia 49:15) Kahoo rapela Molimo kamehla. U se ke ua khathatseha ka ho sebelisa mantsoe a nepahetseng. Oa u utloisisa. (Baroma 8:26) Lula u hopola hore Jehova oa u rata esita le haeba ho bonahala ho se motho ea u ratang.—Pesaleme ea 27:10.
• Bolella motho ea hōlileng eo u mo tšepang. Etsa setsoalle le batho ba hōlileng moeeng. Ba bolelle maikutlo a hao le lintho tseo u amehileng ka tsona. Phuthehong ea Bokreste ea Lipaki tsa Jehova, u ka fumana bo-ntate le bo-’mé ba moea. (Mareka 10:29, 30) Leha ho le joalo, u ka ’na ua tlameha ho nka bohato ba pele, ka ho ba phetlela sefuba sa hao. Batho ba bang ba ke ke ba tseba maikutlo a hao ntle le haeba u ba bolella ’ona. Khatholoho e bang teng ka mor’a ho imolla pelo ea hao e ka ba matšeliso a sebele ho uena.—1 Samuele 1:12-18.
• Lula u phathahane ka ho etsetsa batho ba bang lintho. Ho qoba kotsi ea ho ikutloela bohloko, leka ho se tsepamise monahano oa hao likarolong tse mpe tsa boemo boo u tobaneng le bona. Ho e-na le moo, leka ho ananela seo u nang le sona. Ipulele menyetla e mengata ka ho ‘se hlokomele lithahasello tsa litaba tsa hao feela, empa hape u hlokomele le lithahasello tsa ba bang.’ (Bafilipi 2:4) Ipehele lipakane tsa moea, ’me ka mor’a moo u leke ka matla ho li phehella ka maikutlo a nepahetseng. Ho hlokomela litlhoko tsa ba bang tšebeletsong ea Bokreste ke mokhoa o motle haholo oa ho lebisa tlhokomelo ea hao ho batho ba bang ho e-na le ho e lebisa ho uena feela.
• Tsoela pele ho bontša tlhompho ho batsoali ba hao. Kamehla u khomarele melao-motheo le litekanyetso tsa Bibele. Ho etsa joalo ho akarelletsa ho hlompha batsoali ba hao. (Baefese 6:1, 2) Tlhompho e joalo e ka felisa moea le boikemisetso ba ho iphetetsa. Hopola, leha motsoali a ka ba molato hakae, seo ha se bolele hore u lokela ho iphetetsa. Kahoo, tlohella lintho matsohong a Jehova. (Baroma 12:17-21) “O rata toka” ebile o batla hore bana ba sireletsehe. (Pesaleme ea 37:28; Exoda 22:22-24) Ha u ntse u tsoela pele ho bontša tlhompho e nepahetseng ho batsoali ba hao, leka ho hlaolela litholoana tsa moea oa Molimo—haholo-holo lerato.—Bagalata 5:22, 23.
U ka Atleha
Ha ho pelaelo hore ho hloka lerato ha motsoali ho ka utloisa bohloko. Empa ho haelloa ha batsoali ha hoa lokela ho ama botho ba hao ba ka moso. U ka ikhethela ho ba le phello e thabisang le e atlehang ka ho sebelisa melao-motheo e boletsoeng ka holimo ea Bibele bophelong ba hao.
William, ea qotsitsoeng qalong, ke moithaopi oa nako e tletseng ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova. O re: “Jehova o re file lithulusi tse ngata ho re thusa ho thulana ka katleho le maemo ana a utloisang bohloko. Ke tokelo e kaakang ho ba le Ntate oa leholimo ea lerato le ea tsotellang joalo!” Khaitseli ea hae, Joan, ke mosebeletsi oa nako e tletseng oa pula-maliboho, ea sebeletsang libakeng tseo ho tsona ho nang le tlhokahalo e khōlō. O re: “Ha re sa hōla, re ile ra bona ka ho hlaka phapang ‘pakeng tsa ea sebeletsang Molimo le ea sa kang a mo sebeletsa.’ (Malakia 3:18) Phihlelo ea rōna e ile ea matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho loanela ’nete le ho e phelela.”
Le uena u ka atleha. Bibele e re: “Ba jalang peo ka meokho ba tla kotula ka mohoo oa thabo.” (Pesaleme ea 126:5) Temana eo e sebetsa joang tabeng ee? Haeba u loanela ho sebelisa melao-motheo e nepahetseng ka tlas’a maemo a boima, qetellong meokho ea hao e tla nkeloa sebaka ke thabo ha u tla be u latsoa litlhohonolofatso tsa Molimo.
Kahoo u ’ne u leke ho atamela haufi-ufi le Jehova Molimo. (Baheberu 6:10; 11:6) Esita le haeba ho fetile lilemo tse ngata u le matšoenyehong, u tsielehile hape u ikutloa u le molato, hanyane ka hanyane kaofela maikutlo ana a ka kokobela ’me a nkeloa sebaka ke “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.”—Bafilipi 4:6, 7.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
[Lebokose le leqepheng la 14]
Na U Ikutloa Joalokaha Eka . . .
• Ha u na thuso kapa ha u na molemo?
• Ho kotsi kapa hase bohlale ho tšepa batho ba bang?
• U hloka khothatso kamehla?
• Khalefo kapa mōna oa hao ha o laolehe?
Haeba karabo ea hao lipotsong tsena e le e, buisana le motsoali eo u mo tšepang, moholo, kapa motsoalle ea hōlileng moeeng kapele kamoo ho ka khonehang.
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Nka mehato e nepahetseng ho sebetsana ka katleho le maikutlo a hao