Bacha Baa Botsa . . .
Nka Sebetsana le Boemo ka Katleho Joang ha e le Moo Ntate a re Siile?
“Ho hōla Ntate a le sieo ho ne ho le boima. Ke ne ke mpa feela ke batla ho eloa hloko.”—Henry.a
JOAN o ne a le lilemo li 13 ha ntat’ae a tloha lapeng. Kaha ntat’ae e ne e le lekhoba la tahi, o ile a leka ka makhetlo a ’maloa ho iteanya le bana ba hae ka mor’a hore a tlohe lapeng. Ka masoabi, Joan hase eena feela ea bothateng bona; bacha ba bangata ba lahluoe kherehloa ke bo-ntat’a bona.
Haeba ho bile joalo ho uena, u ka ’na ua fumana ho le thata ho sebetsana ka katleho le boemo bo joalo. Nako le nako u ka ’na ua sithabetsoa ke maikutlo a bohloko le a khalefo. Ka linako tse ling u ka ikutloa u hlomohile hape u tepeletse. U ka ba ua susumelletseha hore u be lerabele. Joalokaha mongoli oa Bibele Solomone a kile a bolela, “khatello feela e ka etsa hore ea bohlale a etse ka bohlanya.”—Moeklesia 7:7, NW.
‘Ho Etsa ka Bohlanya’
James o ile a ‘etsa ka bohlanya’ ka mor’a hore ntat’ae a tlohe lapeng. James o ile a re: “Ke ne ke sa mamele bolaoli leha e le bofe, esita le ba ’Mè. Ke ne ke lula ke kena lintoeng. Kamehla ke ne ke bua leshano ke bile ke thoba bosiu hobane ho ne ho se na motho ea ka ntaeang. ’Mè o ile a leka ho nkenya tseleng, empa o ile a hlōleha.” Na ho ba lerabele ho ile ha ntlafatsa boemo ba bophelo ba James? Le hanyenyane. James o re kapele ka mor’a moo o ile a “sebelisa lithethefatsi, a lofa sekolo, le ho feila.” Ka potlako boitšoaro bona bo seng botle bo ile ba tota. Oa lumela: “Ke ne ke utsoa mabenkeleng hape ke tšoara batho poho. Ke ile ka tšoaroa habeli ’me ka isoa teronkong ka nakoana, empa seo ha sea ka sa etsa hore ke khaotse.”
Ha a botsoa ho re na ke eng e neng e etsa hore e be lerabele ka mokhoa oo, James o ile a re: “Kaha Ntate o ne a itsamaetse, ke ne ke sa lauoe. Ke ne ke hlile ke sa nahane ka hore na ke ne ke utloisa ’Mè le moen’a ka le khaitseli’a ka bohloko hakae, le hore le ’na ke ne ke ikutloisa bohloko. Ke ne ke batla tlhokomelo le taeo ea Ntate.”
Empa borabele bo mpa feela bo mpefatsa boemo bo seng bo ntse bo le bobe. (Jobo 36:18, 21) Ka mohlala, James ha aa ka a itlisetsa mathata ka boeena feela empa o ile a a tlisetsa ’mè oa hae le banab’abo, ba ileng ba utloa bohloko bo sa hlokahaleng ka lebaka la khatello kelellong le ho tšoenyeha. Ntho e tebileng haholo ke hore boitšoaro ba borabele bo ka baka ho se utloane mahareng a motho le Molimo ka boeena. Ha e le hantle, Jehova o laela bacha hore ba mamele bo-’mè ba bona.—Liproverbia 1:8; 30:17.
Ho Hlōla Bohale
Kahoo, u ka sebetsana le bohale le tlhonamo tseo u ka bang le tsona mabapi le ntate oa hao joang? Ntho ea pele, u lokela ho ikhopotsa hore ho tsamaea ha ntate oa hao e ne e se molato oa hao. Hape ha ho bolele hore ha a sa u rata kapa hona ho u tsotella. Ke ’nete hore ho ka ba bohloko ha ntate a sa etse boiteko bo bokaalo ba ho founa kapa ho chaka. Empa joalokaha sehlooho se fetileng letotong lena se bontšitse,b bo-ntate ba bangata ba tsamaileng ha ba hlōlehe ho ikopanya le bana ba bona hobane ba sa ba rate, empa hobane ba sithabelitsoe ke maikutlo a molato le lihlong. Ba bang, ba kang ntate oa Joan, ba lemaletse lithethefatsi kapa tahi, ’me sena se ba sitisa ho etsa lintho ka tsela e tloaelehileng.
Ho sa tsotellehe boemo, leka ho hopola hore batsoali ba hao ha baa phethahala. Bibele e re: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23; 5:12) Ke ’nete hore sena ha se lokafatse boitšoaro bo kotsi kapa bo se nang boikarabelo. Empa ho lemoha hore ka tlhaho kaofela ha rea phethahala ho ka ’na ha u nolofalletsa ho tlohela ho ba le bohale bo kotsi le ho hlonama.
Se boletsoeng lengolong la Moeklesia 7:10 se ka u thusa ho sebetsana le bohale le tlhonamo tseo u ka ’nang ua ikutloa u e-na le tsona mabapi le batsoali ba hao. Hlokomela kamoo e lemosang kateng ka ho lebisa tlhokomelo nakong e fetileng: “Se re: Ke ka’ng ha matsatsi a khale a bile molemo ho a kajeno? Leha u botsa taba e joalo, hase potso e hlalefileng.” Kahoo, ho e-na le ho tsepamisa mohopolo tseleng eo lintho li kileng tsa e-ba ka eona, ntho e molemo ke ho tsepamisa mohopolo tabeng ea ho sebelisa boemo boo u leng ho bona ka tsela e molemohali.
Ho Nka Bohato ba Pele
Ka mohlala, u ka ’na ua nahana ka ho nka bohato ba pele ba ho iteanya le ntate oa hao. Ke ’nete hore ke eena ea u siileng ’me ka nepo u ka ikutloa hore ke eena ea lokelang ho nka bohato ba pele. Empa haeba a hlōlehile ho etsa joalo ’me ho se iteanye le uena ho etsa hore u hlomohe le ho hlonama, na ho ke ke ha e-ba molemo hore u leke ho ntlafatsa boemo ka bouena? Nahana kamoo Jesu Kreste a ileng a sebetsa lintho kateng ha e meng ea metsoalle ea hae e mo utloisa bohloko. Bosiung ba ho qetela ba bophelo ba hae ba botho, baapostola ba hae ba ile ba mo lahla kherehloa. Petrose o ne a ile a ithorisa ka ho re eena o ne a tla ba le Jesu ho sa tsotellehe se tla etsahala. Leha ho le joalo, Petrose o ile a latola Jesu—eseng hanngoe empa hararo!—Matheu 26:31-35; Luka 22:54-62.
Leha ho le joalo, Jesu o ile a tsoela pele ho rata Petrose ho sa tsotellehe mefokolo ea hae. Ka mor’a tsoho ea hae, Jesu o ile a nka bohato ba pele ba ho tsosolosa kamano ea bona ka ho iponahatsa ho Petrose ka tsela e khethehileng. (1 Bakorinthe 15:5) Ka ho thahasellisang, ha Jesu a botsa Petrose potso e reng, ‘Na ua nthata?’ karabelo ea Petrose e ile ea e-ba e reng, “E, Morena, ua tseba hore ke na le boikutlo bo mofuthu bakeng sa hao.” Ho sa tsotellehe liketso tsa hae tse hlabisang lihlong, Petrose o ne a ntse a rata Jesu.—Johanne 21:15.
Joalokaha ho bile joalo tabeng ea Petrose le Jesu, e ka ’na eaba boemo ba hao le ntate oa hao ha bo bobe kamoo ho ka bonahalang kateng. Mohlomong o ne a tla arabela haeba u ne u ka nka bohato ba pele joaloka ho mo founela, ho mo ngolla, kapa ho mo chakela. Henry, ea boletsoeng qalong, oa hopola: “Ka nako e ’ngoe ke ile ka ngolla Ntate, ’me o ile a arabela ka ho re o ne a le motlotlo ka ’na. Ke ile ka foreima lengolo leo ’me ka le maneha leboteng ka lilemo tse ngata. Ke sa ntse ke e-na le lona ho fihlela letsatsing lena.”
Ka ho tšoanang, Joan le banab’abo ba ile ba nka bohato ba pele ba ho chakela ntat’a bona ea lemaletseng tahi. Joan oa lumela: “O ne a se boemong bo botle, empa ho ne ho ntse ho thabisa ho mo bona.” Mohlomong ho nka bohato ba pele ho tla u tlisetsa liphello tse molemo. Haeba qalong ho se karabelo ea letho, u ka ’na ua ema ho fihlela nako e itseng e feta ’me u leke hape.
Ho Sebetsana ka Katleho le Bohloko ba ho Lahloa
Solomone o re hopotsa hore ho na le “nako ea ho batla le nako ea ho tela se lahlehileng.” (Moeklesia 3:6, NW) Ka linako tse ling mocha o lokela ho talimana le ’nete e bohloko ea hore ntat’ae ha a batle ho ba le kamano le bana ba hae. Haeba ho joalo ka ntate oa hao, mohlomong ka letsatsi le leng o tla lemoha hore na o lahlehetsoe ke ho hongata hakae ka ho hlōleha ho ba le kamano le uena.
Leha ho le joalo, khabareng kholiseha hore ho u lahla ha hae ha ho bolele hore ha u oa bohlokoa. Mopesaleme oa Bibele Davida, o ile a re: “Leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.” (Pesaleme ea 27:10) E, u sa ntse u le oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo.—Luka 12:6, 7.
Kahoo haeba u ikutloa u nyahame kapa u tepeletse, atamela haufi le Molimo ka thapelo. (Pesaleme ea 62:8) Mo bolelle hantle kamoo u ikutloang kateng. Kholiseha hore o tla u mamela ’me a u tšelise. Mopesaleme e mong hape oa Bibele o ile a ngola: “Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na, matšeliso a hao a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.”—Pesaleme ea 94:19, NW.
Botsoalle bo mofuthu le Bakreste-’moho le bona bo ka u thusa ho sebetsana ka katleho le ho lahloa ho joalo. Liproverbia 17:17 (NW) e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” U ka fumana metsoalle e joalo ea ’nete ka har’a phutheho ea Bokreste ea Lipaki tsa Jehova. Ho tseba ba bang ba balebeli ba phutheho ho ka thusa haholo. Moena oa Joan, Peter, o fana ka keletso ena: “Bua le ba hōlileng ka har’a phutheho, ’me ba tla u thusa haholo. Haeba u lahluoe kherehloa ke ntate oa hao, ba tsebise kamoo u ikutloang kateng.” Baholo ba phutheho le bona ba ka ’na ba fana ka litlhahiso tse sebetsang bakeng sa ho jara bo bong ba boikarabelo boo ntate oa hao a neng a bo phetha pele, joaloka ho lokisa lintho lapeng.
’Mè oa hao le eena e ka ba mohloli oa tšehetso. Ke ’nete hore e ka ’na eaba eena ka boeena o tlas’a khatello ea maikutlo. Empa haeba ka tlhompho u hlahisa maikutlo a hao, ha ho pelaelo hore o tla etsa sohle se matleng a hae ho arabela.
Tšehetsa Lelapa Leno!
Ho ba sieo ha ntate oa hao ho ka ama lelapa leno ka litsela tse ngata. ’Mè oa hao a ka ’na a tlameha ho fumana mosebetsi—mohlomong e ’meli—e le hore a ka hlokomela litlhoko tsa lelapa. Uena le banab’eno le ka ’na la lokela ho jara boikarabelo bo eketsehileng ba lelapa. Empa u ka khona ho sebetsana le liphetoho tse joalo haeba u hlaolela lerato la Bokreste le se nang boithati. (Bakolose 3:14) Sena se ka u thusa ho boloka boikutlo bo nepahetseng le ho felisa ho hlonama. (1 Bakorinthe 13:4-7) Peter o re: “Ho thusa lelapa leso ke eona ntho e nepahetseng, hape kea khotsofala ka ho tseba hore ke thusa ’Mè le likhaitseli tsa ka.”
Ntle ho pelaelo, ho tloha ha ntate lapeng ke ketsahalo e bakang mahlomola, e bohloko. Empa u ka kholiseha hore ka thuso ea Molimo le ka thuso ea metsoalle ea Bakreste e lerato le lelapa, uena hammoho le lelapa leno le ka sebetsana ka katleho le boemo.c
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe.
b Bona sehlooho se reng “Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha Ntate a re Siile?” tokollong ea rōna ea December 8, 2000.
c Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ho phela ka har’a lelapa la motsoali a le mong, bona lihlooho tse reng “Bacha Baa Botsa . . . ” tse hlahileng tokollong ea January 8, 1991, le ea April 8, 1991.
[Litšoantšo tse leqepheng la 19]
Bacha ba bang ba nkile bohato ba pele ba ho iteanya le bo-ntat’a bona