Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 11/8 maq. 16-18
  • Na ke Hloka Thelefono ea Cellular?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Hloka Thelefono ea Cellular?
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Bala Litšenyehelo’
  • “E Senya Nako”
  • Puisano ea Lekunutu
  • Ipehele Meeli
  • Thelefono ea Cellular—Na e Molemo Kapa e Kotsi?
    Tsoha!—2005
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Sebelisa Theknoloji ka Tsela e Nahanelang le e Baballang
    Tsoha!—2009
  • Na ke Tlhohonolofatso Kapa ke Bomalimabe?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 11/8 maq. 16-18

Bacha Baa Botsa . . .

Na ke Hloka Thelefono ea Cellular?

“Ke ikutloa ke sa sireletseha ho hang ebile ke tenehile ha ke sa nka thelefono ea ‘cellular.’”—Akiko.a

LITHELEFONO tsa cellular li ata haholo linaheng tse ngata. Li nolofatsa bophelo. Metsoalle ea hao le batsoali ba ka bua le uena neng kapa neng, kae kapa kae—’me le uena u ka etsa se tšoanang. Mefuta e meng e u lumella hore u romele molaetsa o mokhutšoanyane oo The Times ea London e o hlalosang e le mofuta “oa morao-rao o khotsofatsang tabatabelo ea bacha ea ho buisana le ba bang.” Ebile ho na le lithelefono tse ling tsa cellular tse ka u kenyang mocheng oa Internet, tsa u bulela monyetla oa ho kena Mocheng oa Boitsebiso le ho E-mail.

E ka ’na eaba u na le eona kapa u rera ho iphumanela eona. Ebang u na le eona kapa ke hona u tla ba le eona, e ka ba hantle ho nahana ka polelo ena: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le lehlakore le letle le le lebe.” Thelefono ea cellular e ka ba le melemo e itseng. Leha ho le joalo, u ka ’na ua nahana ka lehlakore le leng la eona, hobane le haeba u khetha ho e reka, ho tseba ka litšitiso tseo e ka li bakang ho tla u thusa ho e sebelisa ka bohlale.

‘Bala Litšenyehelo’

Jesu o ile a bolela molao-motheo o bohlale oa hore motho o lokela ho ‘bala litšenyehelo’ pele a kena morerong o itseng oa bohlokoa. (Luka 14:28) Na molao-motheo oo o ka sebelisoa mabapi le thelefono ea cellular? Ha ho tikatiko. Ke ’nete hore u ka fumana thelefono ka theko e tlaase haholo kapa ua hla ua e fumana mahala. Leha ho le joalo, joalokaha Henna ea lilemo li 17 a fumane, “ho letsa ho ka ja chelete e phahameng haholo.” Ho ka boela ha e-ba le khatello ea ho ba le litšebeletso tse itseng tse eketsehileng le ho reka moetso o turang haholoanyane. Ka hona, Hiroshi o re: “Ke na le mosebetsi oa nakoana ’me ke beha chelete ka thōko bakeng sa ho reka moetso o mocha selemo se seng le se seng.” Bacha ba bangata ba etsa se tšoanang.b

Esita le haeba batsoali ba hao ba lumela ho u lefella litšenyehelo tsa ho e sebelisa, e ntse e le habohlokoa ho nahanela litšenyehelo tseo. Mosebeletsi ea tsamaeang oa Mokreste Japane o re: “Bo-’mè ba bang ba sebetsa mesebetsi e eketsehileng ea nakoana hore feela ba lefelle litšenyehelo tsa lithelefono tsa cellular tsa bana ba bona, tseo ha e le hantle li sa hlokahaleng.” Ka sebele u ne u ke ke ua rata ho imetsa batsoali ba hao joalo!

“E Senya Nako”

Ba bangata ba qalang ho sebelisa thelefono ena ka tsela e itekanetseng ba ka fumana hore e ba jella nako ho feta kamoo ba neng ba lebeletse—’me e ba senyetsa nako ea ho etsa lintho tsa bohlokoa. Mika o ne a tloaetse ho qeta nako e telele le lelapa labo nakong ea lijo tsa mantsiboea. O re: “Hona joale, ka mor’a hore re je, mong le mong o nka ea hae [thelefono ea cellular] ebe re khutlela likamoreng tsa rōna.”

The Guardian ea London e re: “Karolo ea boraro ea bacha ba pakeng tsa lilemo tse 16 le 20 e khetha ho ngollana melaetsa ho feta ho sebelisa mekhoa e meng ea ho ngollana.” Ho ngola molaetsa ho ka ja chelete e nyenyane ho feta ho buisana, empa ho u ja nako e ngata ho ngola melaetsa e joalo. Mieko oa lumela: “Ha motho a nthomella molaetsa o reng ‘robala hantle,’ kea o araba, ‘le uena robala hantle.’ Joale ke ha melaetsa e qala ho phalla hora kaofela. E mpa e le melaetsa e sa reng letho feela.”

Ba bangata ba sebelisang thelefono ea cellular ba ka ’na ba makala ha ba ne ba ka khaotsa ho e sebelisa ’me ba kopanya nako eohle eo ba e qetang ba e sebelisa khoeli ka ’ngoe. Ngoanana e mong ea lilemo li 19, Teija, oa lumela: “Ho batho ba bangata, thelefono ea cellular e senya nako ho feta ho e boloka.” Esita le haeba maemo a hao a hloka hore u be le eona, ke habohlokoa ho ameha ka nako eo u e qetang u e sebelisa.

Ngoanana oa Mokreste ea bitsoang Marja o re: “Likopanong tsa Bokreste, bacha ba bangata ba lula ba romellana melaetsa ea bosaoana. Ho tloaelehile haholo!” Boitšoaro bo tšoanang bo hlokometsoe le bacheng ba tšebeletsong ea Bokreste. Bibele e eletsa Bakreste hore ba reke nako e loketseng bakeng sa mesebetsi ea moea. (Baefese 5:16) Ho soabisa hakaakang hore ebe nako e joalo e sebelisetsoa ho bua thelefonong!

Puisano ea Lekunutu

Marie o bua ka leraba le leng: “Kaha thelefono e kena ho motho ka ho toba, eseng lapeng, ho na le kotsi ea hore batsoali ba se tsebe hore na bana ba bona ba bua le bo-mang kapa hona hore na ba ntse ba bua mohaleng kapa che.” Ka hona, bacha ba bang ba sebelisa thelefono ea cellular ho ba le botsoalle ba lekunutu le ba bong bo fapaneng. Ba bang ha ba sa itebetse, ba hlokomoloha litekanyetso tseo ka tloaelo ba neng ba tla li latela ha ba bua le ba bang. Joang?

The Daily Telegraph ea London e re: “Ho ngola molaetsa ho bolela hore ha ho motho ea ka behang leihlo seo [bacha] ba se etsang.” Le haeba u sa bone kapa ho utloa motho eo u ngollanang le eena, seo se ntse se ka u ama. Timo o re: “Ba bang ba ikutloa hore ho ngollana melaetsa ke tsela ea ho buisana ha batho ho se ea itlamang. Ba bang ba ka ngola lintho tseo ba neng ba ke ke ba e-ba le sebete sa ho li bua ha ba e-na le motho eo.”

Ha Keiko, ngoanana oa Mokreste ea lilemo li 17 a qala ho sebelisa thelefono ea cellular, o ile a fa metsoalle ea hae e mengata nomoro ea hae. Ka pele o ile a qala ho ngollana le moshanyana e mong phuthehong ea habo letsatsi le leng le le leng. Keiko o re: “Qalong re ne re buisana feela ka lintho tse tloaelehileng, eaba joale re qala ho bolellana mathata a rōna. Re ile ra iketsetsa lefatše la rōna ka lithelefono tsa rōna tsa cellular.”

Ka lehlohonolo, o ile a fumana thuso ho batsoali ba hae le baholo ba Bakreste pele lintho li tsoa taolong. Hona joale oa lumela: “Le hoja pele ba mpha thelefono ea cellular batsoali ba ile ba ntemosa haholo ka ho etsetsana melaetsa le bashanyana, ke ne ke mo romela molaetsa letsatsi le leng le le leng. E ne e se tsela e molemohali ea ho sebelisa thelefono.”c

Bibele e re eletsa hore re be le “letsoalo le molemo.” (1 Petrose 3:16) Ho etsa joalo ho bolela hore ha u sebelisa thelefono ea cellular, u lokela ho etsa bonnete ba hore ha ho ‘letho le ka u hlabisang lihlong’ joalokaha Koichi a bolela, esita le haeba motho e mong a ka bona melaetsa ea hao kapa a u utloa ha u bua. Kamehla hopola hore ha ho na lekunutu ho Ntate oa rōna oa leholimo. Bibele ea hlalosa: “Ha ho pōpo e sa bonahaleng mahlong a [Molimo], empa lintho tsohle li hlobotse ’me li pepesitsoe phatlalatsa mahlong a eo re nang le boikarabello ho eena.” (Baheberu 4:13) Joale ho thusa’ng ho leka ho ba le kamano ea lekunutu?

Ipehele Meeli

Haeba u nahana ho iphumanela thelefono ea cellular, ke hobane’ng ha u sa qale ka ho hlahlobisisa boemo ba hao ho bona hore na u fela u e hloka? Tšohla taba ena le batsoali ba hao. Ba bang ba ikutloa joaloka Jenna e monyenyane ea reng: “Thelefono ea cellular ke boikarabelo bo boima ho bacha ba bangata.”

Esita le haeba u etsa qeto ea ho ba le thelefono e joalo, ke habohlokoa hore u e laole. Joang? Ipehele meeli e utloahalang. Ka mohlala, beha meeli palong ea litšebeletso tseo u ka li sebelisang kapa nako le chelete eo u e qetang thelefonong. Kaha boholo ba lik’hamphani tsa lithelefono bo fana ka seteitemente sa tšebeliso ea tsona, u ka ’na ua batla ho se hlahloba le batsoali ba hao nako le nako. Ba bang ba fumana ho le bonolo ho sebelisa mofuta oa lithelefono tsa cellular tse lefelloang esale pele e le hore ba tsebe ho ipehela meeli ha ba li sebelisa.

Hape, ela hloko hore na u arabela lithelefono tse kenang le melaetsa neng hona joang. Ipehele litekanyetso. Shinji oa hlalosa: “Ke bula lebokose la melaetsa hang feela ka letsatsi, ’me hangata ke arabela melaetsa hafeela e le ea bohlokoa. Ka lebaka leo, metsoalle e khaolitse ho nthomella melaetsa ea bosaoana. Haeba ho hlile ho e-na le bothata bo potlakileng, le teng ba tla ntetsetsa.” Habohlokoahali, khetha hore na u buisana le bo-mang. E-ba hlokolosi hore na u fa bo-mang linomoro tsa hao. Kamehla sebelisa litekanyetso tse tšoanang tabeng ea ho ba le metsoalle e metle.—1 Bakorinthe 15:33.

Bibele e re: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, . . . nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.” (Moeklesia 3:1, 7) Ho hlakile hore ho na le linako tseo ka tsona le lithelefono tsa cellular li tlamehang “ho khutsa.” Liboka le tšebeletso ea rōna ea Bokreste ke “nako e behiloeng” bakeng sa ho rapela Molimo, eseng ea ho sebelisa thelefono. Hangata baokameli ba lireschorente le ba li-theater ba kōpa hore ba sebeletsoang ba se ke ba sebelisa lithelefono tsa cellular. Ka tlhompho re lumellana le likōpo tse joalo. Ka sebele ’Musi oa bokahohle o lokeloa ke tlhompho e tšoanang!

Ha ba bangata ba sa lebella ho letsetsoa ka ntho ea bohlokoa, ba khetha ho tima lithelefono tsa bona, kapa ba time molumo oa eona ha ba etsa mesebetsi ea bohlokoa. Ba bang ba beha lithelefono tsa bona tsa cellular moo ba ke keng ba li fihlela habonolo. Ho feta moo, na melaetsa e mengata e ke ke ea bonoa hamorao?

Haeba u etsa qeto ea ho ba le thelefono ea cellular, ikemisetse ho e laola ’me u se ke ua e lumella hore e u laole. Ho hlakile hore u lokela ho lula u falimehile ’me lintho tsa bohlokoa ebe tsona tse tlang pele. Bibele ea re khothatsa: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.” (Bafilipi 4:5) Haeba u etsa qeto ea ho ba le thelefono ea cellular, ka kōpo ikemisetse ho bontša kahlolo e molemo ka tsela eo u e sebelisang ka eona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Bakeng sa boitsebiso bo buang ka mesebetsi ea ka mor’a sekolo, ka kōpo bona sehlooho sa “Bacha Baa Botsa—Ke’ng se Phoso ka ho Fumana Chelete?” tokollong ea Tsoha! ea October 8, 1997.

c Ho buisana kamehla kapa ho etsetsana melaetsa le motho oa bong bo fapaneng ka thelefono e ka ba mokhoa oa ho intša ha mohlankana le moroetsana. Ka kōpo bona sehlooho sa “Bacha Baa Botsa—Ke Eng se Phoso ka ho Buisana?” tokollong ea Tsoha! ea September 8, 1992.

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Bacha ba bang ba ba le kamano ea lekunutu ba sebelisa thelefono ea “cellular”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela