Bacha Baa Botsa . . .
Khatello ea Lithaka—Na e Hlile e Matla Hakaalo?
“Ha ke nahane hore khatello ea lithaka ea ntlhōla.”—Pamela, morutoana oa sekolo se phahameng.
“Ha ke nahane hore khatello ea lithaka e sa na le matla a makaalo ho ’na. Khatello e ngata ke eo ke ipakelang eona ’na ka bonna.”—Robbie, mocha ea hōlileng.
NA U se u kile ua ikutloa ka tsela ee? Ke ’nete hore e ka ’na eaba ua tseba hore Bibele e re: “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” (1 Bakorinthe 15:33) Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa, ‘Na hase hore khatello ea lithaka e se e feteletsoa—mohlomong ha e matla joalokaha batsoali ba ka le batho ba bang ba baholo ba bolela?’
Haeba nako le nako u loantšana le maikutlo a joalo, ha u mocha oa pele ua ho etsa joalo. Empa re u khothalletsa hore u nahane ka menyetla e teng. Na khatello ea lithaka e ka ba matla ho feta kamoo u nahanang kateng? Bacha ba bangata ba iphumane ba makaletse matla ao khatello ea lithaka e nang le ’ona. Ka mohlala, Angie oa lumela hore e ka ’na eaba o ikitlaetsa ka matla hore a amohelehe lithakeng tsa hae ho feta kamoo a nahanang kateng. O re: “Ka linako tse ling khatello eo u e fumanang sechabeng e matla hoo u sa elelloeng hore ke khatello ea lithaka. U qala ho nahana hore ke khatello eo u ipakelang eona.”
Ka ho tšoanang, Robbie ea qotsitsoeng ka holimo o re khatello e matla ka ho fetisisa ke eo a ipakelang eona. Leha ho le joalo, oa lumela hore ho thata ho phela haufi le toropo e khōlō. Lebaka? Ka lebaka la khatello ea lithaka e bakoang ke maemo a lintho tse bonahalang. O re: “Mona leruo ke ntho e ka sehloohong.” Ka ho hlakileng, khatello ea lithaka ke matla a lokelang ho eloa hloko. Joale ke hobane’ng ha bacha ba bangata hakaale ba nahana hore khatello ea lithaka ha e ba ame?
E Matla ka Tsela e Bolotsana
Khatello ea lithaka e ka thetsa—ha e le hantle, ho hang re ka ’na ra se ke ra e lemoha. Mohlala: Haeba re le leoatleng, moea o sepakapakeng se seholohali se ka holim’a rōna o lula o re hatella ka khatello ea boima ba k’hilograma e le ’ngoe sekoereng se seng le se seng sa senthimithara.a U ka ’na ua phela tlas’a khatello eo letsatsi le leng le le leng, empa ha u e lemohe. Hobane’ng? Hobane u e tloaetse.
Ke ’nete hore khatello ea moea o sepakapakeng ha e kotsi. Empa ha batho ba re beha tlas’a khatello re sa elelloe, ba ka qetella ba re fetotse. Moapostola Pauluse o ne a utloisisa matla a khatello ea lithaka. O ile a lemosa Bakreste ba Roma: “U se ke ua lumella lefatše le u potolohileng hore le u petelletse hore u tšoane le lona.” (Baroma 12:2, The New Testament in Modern English) See se ka re etsahalla joang?
Tsela eo Khatello ea Lithaka e Sebetsang ka Eona
Na u thabela ho rorisoa le ho amoheloa ke ba bang? Bongata ba rōna re tla lumela hore rea ho thabela. Leha ho le joalo, takatso eo ea rōna ea ho rata ho amoheloa e ka ’na ea e-ba sabole e sehang ka nģa tse peli. Re ne re ka etsa lintho ho isa kae hore re fumane kamohelo eo re e labalabelang? Esita le haeba rōna re itšepile tabeng ena, ho thoe’ng ka ba re potolohileng? Na ba etsa boiteko ba ho hanela khatello ea lithaka, kapa ba lumella hore e ba fetole?
Ka mohlala, kajeno ba bangata ba nka litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro li siiloe ke nako kapa e le tse sa utloahaleng mehleng ena ea rōna. Ba bangata ba nka hore ha se habohlokoa hakaalo ho rapela Molimo ka tsela eo a batlang ka eona ka Lentsoeng la hae. (Johanne 4:24) Ke hobane’ng ha ba ikutloa ka tsela eo? Karolo e itseng ea karabo e ka ba ka lebaka la khatello ea lithaka. Ho Baefese 2:2, Pauluse o re tsamaiso ea lintho ea lefatše e na le “moea,” kapa maikutlo a atileng. Moea oo o hatella batho hore ba lumellane le monahano oa lefatše le sa tsebeng Jehova. Re ka ameha joang?
Mesebetsi ea rōna ea letsatsi le leng le le leng ha re le sekolong re ithuta, re phetha boikarabelo ba lelapa, le ha re le mosebetsing, hangata e akarelletsa ho kopana le batho bao re fapaneng le bona ka litekanyetso tsa rōna tsa Bokreste. Ka mohlala, sekolong ho ka ’na ha e-ba le ba bangata ba batlang ho tuma ka tsela leha e le efe, ba oelang boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate, kapa hona ho sebelisa lithethefatsi le joala. Ho tla etsahala’ng haeba re khetha ho tloaelana haufi le ba etsang lintho tseo, kapa ba li nkang e le karolo ea bophelo, mohlomong ba bile ba li rorisa? Ho ka etsahala hore butle-butle re qetelle re amohetse mekhoa e joalo. “Moea” oa lefatše o tla re hatella, o re petelletse hore re tšoane le lona.
Ho thahasellisang ke hore litsebi tsa kajeno tsa saense ea maemo a bophelo li entse liteko tse ngata tse tšehetsang melao-motheo ena ea Bibele. Nahana ka mohlala o thahasellisang oa Asch. Motho e mong o kōptjoa hore a be sehlopheng se itseng sa batho ba lutseng hammoho. Dr. Asch o se bontša karete e khōlō e nang le mola o theosang, ebe o se bontša e ’ngoe e nang le mela e meraro e theosang e sa lekaneng ka botenya. Ka mor’a moo, o botsa batho ba sehlopheng sena hore na ke mola ofe ho ena e meraro o bonahalang o lekana le oa pele. Karabo e bonolo. Makhetlong a qalang, bohle baa lumellana. Empa lekhetlong la boraro, ho na le ho fetohang.
Joaloka pele, ho bonolo ho bolela hore na ke mola ofe o tšoanang le oa pele. Empa motho enoa ea behoang tekong ha a tsebe hore batho bana kaofela ba sehlopheng ba lefiloe hore ba be teng ha ho etsoa teko ena. Kaofela ba se ba lumellana ka karabo e fosahetseng. Joale ho etsahala’ng? Ebile feela batho ba etsang karolo ea 25 lekholong ba lekiloeng ba ileng ba tšoarella karabong e nepahetseng. Ba bang ba ile ba be ba se ba lumellana le sehlopha sena bonyane hanngoe—le hoja sena se ne se hanana le seo mahlo a bona a ba bolellang sona!
Ho hlakile hore batho ba batla ho amoheloa ke ba ba potolohileng—hoo boholo ba bona ba ka bang ba hana ntho eo ba tsebang hore ke ’nete. Bacha ba bangata ba iponetse hore khatello ena e matla. Daniel ea lilemo li 16, oa lumela: “Khatello ea lithaka e ka etsa hore u fetohe. ’Me haeba u le ka har’a batho ba bangata, khatello ea eketseha. U ka ba ua nahana hore seo ba se etsang se nepahetse.”
Angie ea qotsitsoeng pejana, o pheta mohlala oa sebele oa khatello e joalo sekolong: “Ha u ne u le sekolong se mahareng, e ne e le habohlokoa haholo hore na u apara eng. U ne u lokela ho apara leibole. Ha se hore u ne u hlile u rata ho reka hempe ea $50 [R500]—ke mang ea neng a ka rata ho etsa joalo?” Joalokaha Angie a bolela, ho ka ba thata ho elelloa khatello nakong eo u leng tlas’a eona. Empa na khatello ea lithaka e ka re ama litabeng tsa bohlokoa haholoanyane?
Lebaka Leo ka Lona Khatello ea Lithaka e ka Bang Kotsi
Inahanele u sesa leoatleng. Ha u ntse u sesa ’me u palama maqhubu, e ka ’na eaba matla a mang a ntse a sebetsa u sa elelloe. Maqhubu a u sutuletsa lebōpong, empa ho ka ’na ha e-ba le maqhubu a manyenyane a ka tlaase a sa bonahaleng. Butle-butle a ntse a u sutuletsa thōko le lebōpo. Ha u re hepu! ha u sa bona ba heno kapa metsoalle lebōpong. Ha ua ka ua lemoha hore na maqhubu ana a manyenyane a u sutulelitse hōle hakae! Ka ho tšoanang, ha re phetha mesebetsi ea rōna ea letsatsi le leng le le leng, menahano le maikutlo a rōna kamehla li tlas’a tšusumetso e itseng. Pele re elelloa, tšusumetso ena e ka re sutuletsa hōle le litekanyetso tseo re ’nileng ra nahana hore re tla li khomarela.
Ka mohlala, moapostola Petrose e ne e le motho ea sebete. O ile a sebelisa sabole a sa tšabe ha a tobane le letšoele le tletseng bora bosiung boo Jesu a ileng a tšoaroa ka bona. (Mareka 14:43-47; Johanne 18:10) Leha ho le joalo, lilemo hamorao khatello ea lithaka e ile ea etsa hore a bontše leeme pepenene. O ile a koekoetla Bakreste ba Balichaba—le hoja pejana a ne a ile a fumana pono e tsoang ho Kreste e mo bontšang hore a se ke a nka Balichaba ba sa hloeka. (Liketso 10:10-15, 28, 29) E ka ’na eaba Petrose o ne a nka ho le boima ho nenoa ke batho ba bang ho feta ho tobana le sabole! (Bagalata 2:11, 12) Ka sebele, khatello ea lithaka e ka ba kotsi.
Ke Habohlokoa ho Lumela Hore Khatello ea Lithaka e Matla
Mohlala oa Petrose o ka re ruta thuto ea bohlokoa. Ho ba matla linthong tse ling ha ho bolele hore u matla linthong tsohle. Petrose o ne a e-na le mefokolo, joalokaha le rōna bohle re e-na le eona. Ho sa tsotellehe hore na re bo-mang, re lokela ho lemoha libaka tseo re ka fokolang ho tsona. Ka sebele re ka ’na ra ipotsa: ‘Ke fokola hokae? Na ke labalabela bophelo ba borui? Na lintho tseo ke li finyeletseng li qala ho susumetsa pelo ea ka? Nka etsa’ng molemong feela oa hore ke rorisoe, ke be boemong bo itseng kapa ke tume?’
Mohlomong ha re sa tla ipeha ka boomo kotsing ea ho tloaelana le batho ba boitšoaro bo bobe ba sebelisang lithethefatsi le ba nang le boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate. Empa ho thoe’ng ka mefokolo ea rōna e batlang e patehile? Haeba re khetha ho tloaelana haufi-ufi le batho ba tla re susumetsa ka ho fosahetseng moo re fokolang teng, joale re ipepesetsa ho laoloa ke khatello ea lithaka—ntho e ka ’nang ea re ntša kotsi ka ho feletseng.
Leha ho le joalo, litaba tse monate ke hore hase khatello eohle ea lithaka e fosahetseng. Na re ka khona ho laola khatello ea lithaka—mohlomong ra ba ra etsa hore e re tsoele molemo? Hona re ka loantša khatello ea lithaka e fosahetseng joang? Lipotso tsena li tla tšohloa nakong e tlang sehloohong sa “Bacha Baa Botsa . . . .”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mohlala o bonolo ke ona o pakang matla a moea o ka bakang khatello. Haeba u nyolohela thabeng u nkile botlolo ea polasetiki e sa tšelang letho, u e tlatsa moea ’me u e koala, ho tla etsahala’ng ka botlolo eo ha u theosa thaba? E tla phathiana. Matla a moea o ka ntle a boima ho feta moea o bobebe o ka har’a botlolo.
[Setšoantšo se leqepheng la 30, 31]
Ho phela sebakeng seo ho etelletsoang pele lintho tse bonahalang ho ka baka khatello e matla ea lithaka