Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/14 maq. 10-11
  • Kamoo U ka Hanelang Khatello ea Lithaka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Hanelang Khatello ea Lithaka
  • Tsoha!—2014
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOTHATA
  • Khatello ea Lithaka—Na e Hlile e Matla Hakaalo?
    Tsoha!—2002
  • Bacha—Hlōlang Khatello ea Lithaka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Nka Sebetsana Joang le Khatello ea Lithaka?
    Tsoha!—2003
  • Khatello ea Lithaka—Na e ka U Tsoela Molemo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 1/14 maq. 10-11
Mohlankana o fuoa koae

SE KA THUSANG LELAPA | BACHA

Kamoo U ka Hanelang Khatello ea Lithaka

BOTHATA

Ngoana oa sekolo o itumella ho laoloa ke khatello ea lithaka

“Ha ke le sekolong sa sekondari bana ba bang ba ne ba sa nthate, ’me seo se ne se nkutloisa bohloko. Joale, ha ke fihla sekolong se phahameng ke ile ka itšoara joaloka lithaka tsa ka ’me ka etsa hore ke shebahale joaloka tsona. Ke ne ke batla metsoalle hoo ke ileng ka inehela khatellong ea lithaka hore feela bana bao ke kenang sekolo le bona ba nthate.”—Jennifer, ea lilemo li 16.a

Na u tobane le khatello ea lithaka? Haeba ho joalo, sehlooho sena se tla u thusa ho sebetsana le eona.

Ha u inehela khatellong ea lithaka u tšoana le roboto hobane u lumella batho ba bang hore ba laole bophelo ba hao. Ke hobane’ng ha u ba lumella hore ba u laole?—Baroma 6:16.

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Khatello ea lithaka e ka etsa hore batho ba lokileng ba etse lintho tse mpe.

“Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.”—1 Bakorinthe 15:33.

“Ka linako tse ling re ka etsa lintho tseo re tsebang hantle hore li fosahetse hobane feela re batla ho khahlisa batho!”—Dana.

Hase lithaka tsa rōna feela tse ka re hatellang.

“Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na.”—Baroma 7:21.

“Hangata khatello eo ke e utloang, ke ’na ea ipakelang eona; ha e le hantle ke ’na ea lakatsang lintho tseo lithaka tsa ka li buang ka tsona hobane li etsa hore li utloahale li le monate.”—Diana.

Re ka thaba haeba re sa lumelle ba bang hore ba re hatelle.

“E-bang le letsoalo le molemo.”—1  Petrose 3:16.

“Nkile ka thatafalloa ho hanela khatello ea lithaka, empa hona joale ha ke tšabe ho ba ea fapaneng le lithaka tsa ka ebile ke tiile liqetong tsa ka. Ha ho na ntho e monate joaloka ho robala ka letsoalo le hloekileng.”—Carla.

SEO U KA SE ETSANG

Ha u hatelloa hore u etse ntho e fosahetseng, leka ho etsa lintho tse latelang:

Nahana ka liphello. Ipotse, ‘Ho tla etsahala’ng haeba ke inehela khatellong ea lithaka ebe kea tšoaroa? Batsoali ba ka ba tla ikutloa joang? ’Na ke tla ikutloa joang?’—Molao-motheo oa Bibele: Bagalata 6:7.

“Batsoali ba ka ba ee ba mpotse lipotso tse kang ena, ‘Haeba u inehela, ho tla etsahala’ng ka uena?’ Ba nthusa hore ke hlokomele hore ho inehela khatellong ea lithaka ho ka senya bokamoso ba ka.”—Olivia.

Matlafatsa tumelo ea hao. Ipotse, ‘Ke hobane’ng ha ke lumela hore tsela ee e kotsi ho ’na kapa ho batho ba bang?’—Molao-motheo oa Bibele: Baheberu 5:14.

“Ha ke sa le monyenyane, ke ne ke ee ke re feela che kapa ke arabe hakhutšoanyane, empa hona joale ke khona ho hlalosa hantle hore na ke hobane’ng ha ke etsa ntho e itseng kapa ke sa e etse. Ke kholisehile ka seo ke lumelang hore se nepahetse kapa se fosahetse. Karabo e tsoa ho ’na—eseng ho motho e mong.”—Anita.

Hopola hore na u mang. Ipotse, ‘Ke batla ho ba motho oa mofuta ofe?’ Joale nahana ka khatello eo u tobaneng le eona ebe u ua ipotsa, ‘Motho oa mofuta oo o ne a tla etsa’ng boemong boo?’—Molao-motheo oa Bibele: 2 Bakorinthe 13:5.

“Ke ithata kamoo ke leng kateng, ha kea ameha haholo ka hore na batho ba bang ba nkuka joang. Ntle le moo, batho ba bangata ba nthatela seo ke leng sona.”—Alicia.

Nahana ka bokamoso. Haeba u ntse u kena sekolo, batho bao u lekang ho ba khahlisa ba tla be ba le sieo bophelong ba hao ka mor’a lilemo kapa likhoeli tse seng kae.

“Ke ile ka sheba foto ea ha ke sa le sekolong ’me ke ne ke sa hopole le mabitso a bana bao ke neng ke kena sekolo le bona. Empa ka nako eo maikutlo a bona e ne e le a bohlokoa ho feta ho lula ke tšepahala ho Jehova. Seo e ne e le booatla bo bokaakang!”—Dawn, ea lilemo li 22.

Itokise. Bibele e re: ‘Tseba kamoo u tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.’—Bakolose 4:6.

“Batsoali ba ka ba ne ba thusa ’na le ngoan’eso hore re nahane ka boemo bo itseng ebe re etsa eka re ho bona e le hore ba bone hore na re ka etsa’ng ha re tobane le bona.”—Christine.

a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

MANGOLO A SEHLOOHO

  • “Seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.”—Bagalata 6:7.

  • ‘Batho ba hōlileng ka ho feletseng ke bao matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.’—Baheberu 5:14.

  • “Le ’ne le leke seo le leng sona.”—2 Bakorinthe 13:5.

Jessica

JESSICA

“Tsela eo u italimang ka eona e tla ama tsela eo u sebetsanang le khatello ea lithaka ka eona. Haeba u itšepa, ha u tsotelle hore na batho ba bang ba nahana’ng ka uena—ebile khatello ea lithaka ha e re letho ho uena.”

Kayley

KAYLEY

“Haeba u ikhalala, u ka ’na ua leka ho tšoana le lithaka tsa hao hore feela u ikutloe u le motho oa bohlokoa. Empa ha u itšepa, ho bonolo ho utloisisa hore khatello ea lithaka ke’ng ebe u iphapanyetsa eona.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela