Bacha Baa Botsa . . .
Ke Eng e Phoso ka ho Kopitsa?
“Motho e mong le e mong oa tseba hore ho kopitsa ho fosahetse, empa ho bonolo.”—Jimmy ea lilemo li 17.
NA U se u kile ua ba tekong ea ho kopitsa likarabo tsa morutoana e mong ha le ngola tlhahlobo? Haeba ho joalo, hase uena feela. Jenna ea sehlopheng sa bo12 o bua ka boikutlo ba bana ba bangata sehlopheng sa hae ba ho hloka lihlong ka ho kopitsa, ’me o re: “Ba ithorisa ka hore na ba ho etsa joang. Baa u makalla ha u sa kopitse!”
Patlisisong e ’ngoe ea United States, bacha ba etsang karolo ea 80 lekholong ba pasang hantle ba lumetse hore baa kopitsa, ’me ba etsang karolo ea 95 lekholong ea bana ba “pasetsang holimo” ha ba e-s’o ka ba tšoaroa. Ka mor’a ho etsa patlisiso baneng ba fetang 20 000 ba sekolo se mahareng le se phahameng, Josephson Institute of Ethics e ile ea phetha ka ho re: “Tabeng ea botšepehi, boemo bo ntse bo mpefala ho ea pele.” Matichere a eme hlooho ke tsela eo mokhoa ona oa ho kopitsa o atileng ka eona! Mookameli oa sekolo Gary J. Niels o bile a re: “Ba sa kopitseng ke bona ba fokolang ka palo.”
Batsoali ba bangata ba lebeletse hore bana ba bona ba tšepahale tabeng ea mosebetsi oa bona oa sekolo. Leha ho le joalo, ka bomalimabe bacha ba bangata ba sekisetsa botšepehi ba bona ka ho kopitsa. Ba sebelisa mekhoa efe e mecha? Ke hobane’ng ha bacha ba bang ba khetha ho kopitsa? Ke hobane’ng ha u lokela ho qoba mokhoa oo?
Ho Sebelisa Theknoloji e Phahameng ho Kopitsa
Ea kopitsang mehleng ena o sebelisa mokhoa leha e le ofe oa bolotsana. Ha e le hantle, ho kopitsa mosebetsi oa sekolo o neng o lokela ho etsoa hae kapa ho ngola likarabo leqepheng ho ea li sebelisa tlhahlobong ha e sa le letho ha ho bapisoa le maqiti a kajeno a tsoetseng pele. Ana a akarelletsa ho sebelisa li-pager ho fumana likarabo tsa tlhahlobo tse romeloang ke motho ea hōle; li-calculator tse kentsoeng boitsebiso “bo eketsehileng”; lik’hamera tse nyenyane tse patiloeng liaparong tse sebelisoang ho romela lipotso ho mothusi ea kae-kae; lisebelisoa tse fetisetsang melaetsa ho ba bang hona ka tlelaseng ka tsela e sa bonahaleng; esita le mecha ea boitsebiso e ho Internet e nang le lipotso tsa tlhahlobo tsa lithuto leha e le life!
Matichere a leka ho thibela mokhoa ona o matla oa ho kopitsa, empa ha ho bonolo. Etsoe hase liithuti tsohle—kapa matichere—tse lumellanang ka hore na motho ea kopitsang ke ea etsang eng. Ka mohlala, ha liithuti li sebetsa e le sehlopha lenaneong le itseng, ha ho bonahale hore na ke ba feng ba sebetsang ka thata le ba sa etseng letho. Ho na le ba ka nkang monyetla ha ba sebetsa e le sehlopha ebe ba tlohella ba bang hore ba etse mosebetsi kaofela. Yuji ea kolecheng ea ’muso o re: “Liithuti tse ling li hlile li botsoa—ha li etse letho! Empa li fumana limaraka tse tšoanang. Ke nka hore le hona e ntse e le ho kopitsa!”
Ke Hobane’ng ha ba Kopitsa?
Patlisisong e ’ngoe, ho se itokisetse tlhahlobo ho fumanoe e le lona lebaka le ka sehloohong le etsang hore liithuti tse ngata li khethe ho kopitsa. Liithuti tse ling li etsa qeto ea hore ha ho seo li ka se etsang ha e se ho kopitsa ka lebaka la moea oa tlhōlisano o teng sekolong kapa ka lebaka la batsoali ba lebeletseng hore li pasetse holimo. Sam ea lilemo li 13 o re: “Limaraka ke eona ntho ea bohlokoa ho batsoali ba ka. Baa mpotsa: ‘U fumane limaraka tse kae lipalong? U fumane limaraka tse kae Senyesemaneng?’ Ke ntho eo ke sa e batleng!”
Ho ba bang, khatello e matla ea hore ba fumane limaraka tse holimo e etsa hore ba kopitse. Buka ea The Private Life of the American Teenager e re: “Ho na le ho se leka-lekane ho itseng tsamaisong ena eo khatello e leng matla hoo thabo ea ho ithuta hangata e nkeloang sebaka ke khatello ea ho fumana limaraka tse holimo, ka linako tse ling e le ka bolotsana.” Liithuti tse ngata li lumellana le sena. Etsoe ha ho na motho ea ratang ho feila, re se re sa re letho ka seo a ithutelang ho ba sona. Jimmy ea kenang sekolo se phahameng o re: “Batho ba bang ba tšoha taba ea hore ba tla feila. Le haeba ba tseba likarabo, ba tla kopitsa ho etsa bonnete ba hore ba nepile.”
Palo e khōlō ea batho ba sa tsotelleng taba ea hore na baa tšepahala ka che e ka etsa hore ho kopitsa ho bonahale ho se kotsi. Ka linako tse ling ho ka ba ha bonahala ho e-na le melemo e tobileng. Greg ea lilemo li 17 o re: “Maobane ke bone ngoana e mong a kopitsa ha re ngola tlhahlobo ka tlelaseng. Kajeno ha re fuoa likarabo tsa tlhahlobo, o ne a fumane limaraka tse fetang tsa ka.” Ba bangata ba susumetsoa ke tloaelo ena e atileng ea ho kopitsa lithakeng tsa bona. Yuji o re: “Liithuti tse ling li nka hore ‘haeba ba bang baa ho etsa, le ’na ke lokela ho ho etsa.’” Empa na ke ’nete?
Temallo e Thetsang
Bapisa ho kopitsa le ho utsoa. Na taba ea hore batho ba bangata baa utsoa e etsa hore hoo ho amohelehe? U ka ’na ua re, ‘ha ho joalo’—haholo-holo haeba ke chelete ea hao e utsuoang! Ha re kopitsa, re inkela thoriso e sa re tšoaneleng—mohlomong re be re sebelise hampe monyetla oa ba tšepahalang. (Baefese 4:28) Tommy ea sa tsoa qeta sekolong se phahameng o re: “Ha hoa nepahala. Ho tšoana le ho re, ‘Ke tseba thuto ena,’ empa ha e le hantle u sa e tsebe. Ka hona u bua leshano.” Pono ea Bibele tabeng ena e bontšitsoe ka ho hlaka ho Bakolose 3:9: “Le se ke la bolellana leshano.”
Ho kopitsa ho ka fetoha temallo eo ho ka bang thata ho e tlohela. Jenna o re: “Ba kopitsang baa tseba hore ha ho hlokahale hore ba bale e le hore ba pase, ka hona, ba tšepa ho kopitsa. Joale ha ba se ba le bang, se khitla lejoe.”
Molao-motheo o tlalehiloeng ho Bagalata 6:7 o etsa hore re nahane ka ho teba: “Leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.” Liphello tsa ho kopitsa sekolong li ka kopanyelletsa bohloko ba ho khathatsoa ke letsoalo, ho se tšeptjoe ke metsoalle le ho fokolloa ke matla a ho ithuta ka lebaka la ho qoba mecha e nepahetseng ea ho ithuta. Joaloka kankere e bolaeang, tloaelo ena ea ho qhekella e ka nama, ea ama likarolo tse ling tsa bophelo ’me e ka senya likamano tsa hao tsa bohlokoa ka ho fetisisa. Ntle ho tikatiko, e tla ama kamano ea hao le Molimo, ea sa khahlisoeng ke ho qhekella.—Liproverbia 11:1.
Ba itšetlehileng ka ho kopitsa ba mpa ba ithetsa. (Liproverbia 12:19) Ka liketso tsa bona ba tšoana le babusi ba senyehileng ba motse oa boholo-holo oa Jerusalema: “Re entse leshano setšabelo sa rōna ’me re ipatile leshanong.” (Esaia 28:15) Leha ho le joalo, ha e le hantle ea kopitsang a ke ke a patela Molimo liketso tsa hae.—Baheberu 4:13.
U se ke Ua Kopitsa!
Maemong a mangata, bacha ba etsa boiteko bo matla le ho sebelisa bohlale hore ba kopitse—e leng lintho tseo ba ka beng ba li sebelisa hantle ho ithuta ka tsela e se nang bolotsana. Joalokaha Abby ea lilemo li 18 a bolela, “haeba ba ne ba ka ikitlaetsa ka matla ho ithuta joaloka ha ba etsa ha ba kopitsa, ba ne ba tla atleha.”
Ke ’nete hore teko ea ho kopitsa e ka ba matla. Empa u lokela ho qoba leraba lena! (Liproverbia 2:10-15) U ka etsa joalo joang? Pele, hopola hore na ke hobane’ng ha u le sekolong—u eetse ho ea ithuta. Ke ’nete hore ho ka bonahala ho se na molemo oa ho ithuta lintho tse ngata tseo le ka mohla u ka ’nang ua se ke ua li sebelisa. Empa ha motho a qoba mokhoa ona oa ho ithuta ka ho kopitsa, o khina matla a hae a ho ithuta lintho tse ncha le ho sebelisa tsebo eo a nang le eona ka tsela e molemo. Kutloisiso ea sebele ha e fumanoe feela ntle le boiteko; ea sebeletsoa. Bibele e re: “Reka ’nete ’me u se ke ua e rekisa—bohlale le taeo le kutloisiso.” (Liproverbia 23:23) E, u lokela ho nka ka ho teba bohlokoa ba ho ithuta le ho bala. Jimmy o re: “U lokela ho ithuta. Sena se tla etsa hore u itšepe hore u tseba likarabo.”
Ke ’nete hore ka linako tse ling u ka ’na ua se ke ua tseba likarabo kaofela, ’me sena se ka ’na sa etsa hore u pasetse mangoleng. Empa haeba u sa sekisetse litekanyetso tsa hao, u ka ’na ua lemoha hore na ho hlokahala hore u etse eng hore u ntlafatse.—Liproverbia 21:5.
Yuji ea qotsitsoeng pejana, ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. O hlalosa hore na o etsa eng ha liithuti-’moho le eena li mo beha tlas’a khatello ea hore a li kopiletse ’me o re: “Ntho ea pele—ke etsa hore ba tsebe hore ke Paki. Seo se nthusitse haholo hobane lia tseba hore Lipaki Tsa Jehova ke batho ba tšepahalang. Haeba e mong a nkōpa hore ke mo fe karabo ha re ngola tlhahlobo, kea hana. Joale hamorao nka mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha ke sa etse joalo.”
Yuji o lumellana le mantsoe a moapostola Pauluse a eang ho Baheberu: “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheberu 13:18) Ho tšoarella litekanyetsong tse phahameng tsa botšepehi le ho hana ho sekisetsa ka ho kopitsa ho etsa hore limaraka tseo u li fumanang e hle e be tsa bohlokoa. U tlisetsa batsoali ba hao mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa e tsoang sekolong—bopaki ba botšepehi ba hao ba Bokreste. (3 Johanne 4) Ho feta moo, u lula u e-na le letsoalo le hloekileng, le thabo ea ho tseba hore u thabisa pelo ea Jehova Molimo.—Liproverbia 27:11.
Ka hona, ho sa tsotellehe hore na ho kopitsa ho atile hakae, ho qobe! Ha u etsa joalo, u tla boloka likamano tse ntle le ba bang, empa habohlokoa ka ho fetisisa, u tla boloka kamano ea hao le Molimo oa ’nete, Jehova.—Pesaleme ea 11:7; 31:5.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]
Hangata ea kopitsang ha a bone hore ha e le hantle oa utsoa
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]
Hangata ho kopitsa ho etsa hore motho a qetelle a etsa lintho tse ling tse tebileng tsa bolotsana
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]
Ea kopitsang a ke ke a patela Molimo liketso tsa hae
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ho ithuta hantle pele ho tlhahlobo ho tla etsa hore u itšepe