Tsa Mona le Mane
Ka selemo le likhoeli tse tšeletseng tseo mapolesa a li qetileng a loantša khoebo e seng molaong ea ho rekisa batho, “mapolesa a Chaena a lokolotse basali ba 10 621 le bana ba 5 896 ba neng ba koetetsoe.” A ile a tšoara babelaelloa ba ka bang 15 673.—CHINA DAILY, CHAENA.
“Matichere a fetang 1 000 a ile a lelekoa mosebetsing Kenya, ka lebaka la ho hlekefetsa banana ba sekolo ka thobalano lilemong tse peli tse fetileng. . . . Ho hlahisoa ha nomoro eo batho ba ka founelang ho eona ba sa ipolele mabitso . . . ho bontšitse hore bothata boo bo namme ho feta kamoo ho neng ho nahanoa kateng pele.”—DAILY NATION, KENYA.
Ho ea ka phuputso e ’ngoe, batho ba sebelisang mechine e fifatsang ’mala oa letlalo ba kotsing ea ho tšoaroa ke kankere ea letlalo ka karolo ea 75 lekholong ho feta batho ba sa e sebeliseng. Ho na le menyetla e 2,5 ho ea ho e 3,0 ea hore batho ba sebelisitseng mechine eo ka lihora tse fetang tse 50, ba tšoaroe ke kankere ea letlalo.—CANCER EPIDEMIOLOGY, BIOMARKERS & PREVENTION, U.S.A.
Ho baroetsana ba Canada ba itokisetsang ho nyaloa “ke ba etsang karolo ea 8 lekholong feela ba nahanang hore ke habohlokoa hore ba se ke ba kopanela liphate pele ho lenyalo,” ’me “baratani ba etsang karolo ea 74 lekholong ba se ba ntse ba lula hammoho le pele ba nyalana.”—WEDDINGBELLS, CANADA.
Likotsi Tsa Metsi a Litšila
Ho ea ka tlaleho ea Machaba a Kopaneng, “hona joale batho ba bolaoang ke metsi a litšila ba bangata ho feta ba bolaoang liketsong tsohle tse mabifi, ho akarelletsa lintoa.” Machaba a Kopaneng a tlaleha hore letsatsi le letsatsi, litšila tsa lintho tse sebelisoang temong, indastering, likhoerekhoere le litšila tse ling tsa boima ba lithane tse limilione tse peli, li kena linōkeng le maoatleng, ’me li jala maloetse le ho senya tikoloho. Ho phaella moo, ka metsotso e meng le e meng e 20, ngoana ea ka tlaase ho lilemo tse hlano o bolaoa ke lefu le jaloang ke metsi. Achim Steiner eo e leng motsamaisi oa Lenaneo la Tikoloho la Machaba a Kopaneng, o re: “E le hore lefatše le atlehe, . . . re lokela ho tšoarisana le ho etsa lintho ka bohlale e le hore re fokotse tšilafalo.”
Ho Bina ho ba Thusa Hore ba Boele ba Bue Hantle
Bakuli ba bang ba neng ba thatafalloa ho bua ka mor’a hore ba otloe ke setorouku ba thusitsoe ke ho bina. Lingaka tsa maloetse a methapo li khothalletsa bakuli bao hore ba bine seo ba batlang ho se bua, ’me ba bine ka morethetho. Mokhoa ona oa phekolo o sebelisang ’mino o hlahisitse liphello tse ntle haholo. The Wall Street Journal e re ka mor’a hore ba qete libeke tse 15 ba etsa seo, “hanyane ka hanyane bakuli bao ba ithuta ho fetola mantsoe ao ba a binang lipolelo.”
“Keketseho e Sekhahla ea Bana ba Etsang Bolotsana Lithutong”
Mokhatlo oa Thuto oa Canada o re phuputsong e ’ngoe e entsoeng ho liithuti tse 20 000 tse selemong sa pele liunivesithing tsa moo, tse etsang karolo ea 73 lekholong “li lumetse hore li kile tsa etsa bomenemene hanngoe kapa ka makhetlo a ’maloa mosebetsing oa sekolo ha li le sekolong se phahameng.” Univesithi e ’ngoe e tlalehile hore lenane la liithuti tse qhekellang le tse kopitsang le eketsehile ka karolo ea 81 lekholong pakeng tsa 2003 le 2006. Dr. Paul Cappon, eo e leng mopresidente oa Mokhatlo oa Thuto oa Canada o re: “Lilemong tse leshome tse fetileng, Inthanete le lisebelisoa tse ling tsa theknoloji e phahameng li entse hore ho be le keketseho e sekhahla ea bana ba etsang bolotsana lithutong.”