Bacha le Lithethefatsi
“Na ho ne ho hlokahala hore ba shoe?”
Eo e ne e le potso e leqepheng le kaholimo la makasine ea Brazil e bitsoang Veja. Mantsoe ao a ne a tsamaisana le linepe tsa bacha ba shebahalang hantle, ba thabileng, ba neng ba shoele—ba bolailoe ke tšebeliso e mpe ea lithethefatsi.
HO SA tsotellehe likotsi tse tsebahalang hantle, batho ba tsoela pele ho sebelisa lithethefatsi hampe, ’me tšebeliso eo e mpe e tsoela pele ho senya bophelo. Ka lebaka la tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, United States e lahleheloa ke liranta tse libilione tse 940 ka selemo ho tsa tlhokomelo ea bophelo, ho fokotseheng ha tšebetso e ntle mesebetsing, meputsong e lahlehileng le botlokotsebeng. Empa mohlomong ke bana ba lefang haboima haholo. Ho latela phuputso e entsoeng Brazil, e tlalehiloeng ho Jornal da Tarde, karolo ea 24,7 lekholong ea bacha ba pakeng tsa lilemo tse 10 le tse 17 ba se ba kile ba leka mofuta o itseng oa lithethefatsi.
Le hoja e ka ’na eaba United States palo ea bacha ba sebelisang lithethefatsi hampe e fokotsehile, hoa tšosa ho bona hore na ke bana ba bangata hakaakang ba li lemaletseng. Nahana ka bana ba seng ba tl’o qeta sekolong se phahameng. Ho latela phuputso e ’ngoe, bonyane ba etsang karolo ea 37 lekholong ba ne ba tsubile matekoane selemong se etelletseng seo pele. A le mong ho ba bahlano o ne a a tsubile khoeling e fetileng. Hoo e batlang e le a le mong ho ba leshome o kile a leka ecstasy selemong se fetileng. Ba fetang karolo ea botšelela lekholong ba kile ba leka LSD.
Litlaleho tse tsoang hohle lefatšeng ha li thabise. Ofisi ea Brithani ea Lipalo-palo tsa Sechaba e tlaleha hore “karolo ea 12 lekholong ea bana ba kenang sekolo ba pakeng tsa lilemo tse 11 le tse 15 ba ile ba sebelisa lithethefatsi selemong se fetileng . . . Cannabis [matekoane] ke eona eo e ka ’nang eaba ba ile ba e sebelisa haholo.” Ho neng ho tšosa le ho feta ke ’nete ea hore “ba fetang karolo ea boraro (35 lekholong) ba ile ba fuoa sethethefatsi se le seng kapa tse eketsehileng.”
Tlaleho e entsoeng ke European Union le eona e senola hore bacheng, “ho se ho tloaelehile hore ba noella ho tahoa.” Tlaleho e boetse e re “tšebeliso e mpe” joalo “ea lithethefatsi e tsamaisana le liphello tsa nakoana tse tebileng tse kang likotsi, pefo le ho bolaea ka chefo, hammoho le mathata a khōlo le a ho sebelisana le batho ba bang.” Tlaleho e tsoang Japane e re “hangata lithethefatsi tse sebelisoang ke bacha Japane ke lihlapolli tse fofang, tse ka etsang hore ba qetelle ba sebelisa lithethefatsi tse ling.”
Kahoo, ha ho makatse hore ebe Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng, Kofi Annan, o itse: “Lithethefatsi li heletsa lichaba tsa rōna, li tsoala bokebekoa, li jala mafu a kang AIDS le ho bolaea bacha ba rōna le bokamoso ba rōna.” Hangata batho ba amehang lithethefatsing baa ikarabella bakeng sa bokebekoa bo kang ba ho mokola lithethefatsi le ho bolaea ba bang ka lebaka la tsona. Ho phaella moo, ka lebaka la ho sebelisa lithethefatsi hampe, batho ba bangata ba hlaseloa ka mabifi, ba tsoe likotsi kapa ba iphumane ba ipehile kotsing ka ho kopanela liphate le motho ba sa rera. ’Me haeba u nahana hore lelapa la hao le ke ke la ameha, nahana hape! Tlaleho e ’ngoe ea ’Muso oa United States e itse: “Lithethefatsi hase bothata ba batho ba futsanehileng feela, ba boemong bo tlaase sechabeng kapa ba batho ba lulang toropong. . . . Ba sebelisang lithethefatsi ba fumaneha maemong ’ohle a bophelo le likarolong tsohle tsa naha. Bothata ba lithethefatsi bo ama motho e mong le e mong.”
Leha ho le joalo, hangata batsoali ha ba hlokomele kotsi ho fihlela ha e se e le morao haholo. Nahana ka taba ea ngoananyana e mong oa Brazil. Ausi oa hae Reginaa oa hlalosa: “O ne a noa joala. Heso ba ne ba nka sena e le ntho feela e sa reng letho. Empa sena se ile sa etsa hore a qetelle a lekile lithethefatsi ka lebaka la metsoalle ea hae ea bashemane. Kaha hangata batsoali ba ka ba ne ba sa tsotelle hakaalo mathata ao a a bakang, boemo ba hae bo ile ba tsoa taolong. O ile a nyamela ka makhetlo. ’Me nako le nako ha ho ne ho fumanoa setopo sa mosetsana, mapolesa a ne a letsetsa ntate hore a il’o sheba hore na hase eena! Sena se ile sa sulafalletsa lelapa leso bophelo.”
Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o fana ka mabaka a mahlano a ka sehloohong ao ka ’ona bacha ba ka hoheloang ke lithethefatsi:
(1) Ba batla ho ikutloa e le batho ba baholo ’me ba ka iketsetsa liqeto
(2) Ba batla ho tšoana le ba bang
(3) Ba batla ho khatholoha le ho nyakalla
(4) Ba batla ho ipeha kotsing le ho rabela ’me hape
(5) Ba batla ho khotsofatsa bohelehele ba bona.
Ho fumaneha ha lithethefatsi le khatello ea lithaka le hona ho eketsa monyetla oa hore mocha a qale ho phela ka mokhoa ona o kotsi. Mocha e mong oa Brazil, Luiz Antonio, oa hlalosa: “Ha ho mohla batsoali ba ka ba kileng ba bua ka lithethefatsi. Sekolong matichere a ne a okola bothata bona kaholimo feela.” A khothallelitsoe ke bana bao a kenang sekolo le bona, o ile a qala ho sebelisa lithethefatsi ha a le lilemo li 14. Hamorao ha a leka ho li tlohela, “metsoalle” ea hae e neng e mo fa lithethefatsi e ile ea mo qobella hore a tsoele pele ka mokhoa ona e mo supile ka thipa!
Na u lumellana le ’nete ea hore bana ba hao ba ka ba kotsing? U entse eng ho ba sireletsa ho sebeliseng lithethefatsi hampe? Sehlooho se latelang se tla tšohla litsela tse ling tseo ka tsona batsoali ba ka sireletsang bana ba bona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
“Lithethefatsi li heletsa lichaba tsa rōna, li tsoala bokebekoa, li jala mafu a kang AIDS le ho bolaea bacha ba rōna le bokamoso ba rōna.”—KOFI ANNAN, MONGOLI-KAKARETSO OA MACHABA A KOPANENG
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
© Veja, Editora Abril, May 27, 1998