Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 7/8 maq. 21-25
  • Meru ea Tropike—Na re ka e Sebelisa Ntle le ho e Senya?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Meru ea Tropike—Na re ka e Sebelisa Ntle le ho e Senya?
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo ho Rema Lifate ho ka Senyang Moru le Lintho Tsa Oona Tsa Tlhaho
  • Ho Rema Lifate ho sa Bakeng Tšenyo e Khōlō
  • Ho Sireletsa Liphoofolo
  • Na Lintho Tsa Tlhaho li ka Pholoha ha ho Rengoa Lifate Morung?
  • Ho Senngoa ha Meru e Lulang e le Metala
    Tsoha!—1998
  • Meru ea Tropike—Na e ka Sireletsoa?
    Tsoha!—2003
  • Ke Mang ea Felisang Meru?
    Tsoha!—1990
  • Bofifi bo Aparetse Moru o Lulang o le Motala
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 7/8 maq. 21-25

Meru ea Tropike—Na re ka e Sebelisa Ntle le ho e Senya?

NA U nahana hore indasteri ea ho rema meru e na le tokelo ea ho senya meru ea tropike lefatšeng? U ka ’na ua hanana le sena! Leha ho le joalo, litsebi tse ling tsa lintho tse phelang le tikoloho ea tsona li ka ’na tsa tiisa hore ba bangata ba hananang le seo ha e le hantle ba lumellana le sona—ka mohlala, ka ho reka thepa ea ka tlung e entsoeng ka lifate tse ntle le tse ratoang tse tsoang merung ea tropike ho e-na le tse tsoang masimong a lifate.

Hangata ho rema meru ho tšoantšoa le ho e senya. Ha e le hantle meru e mengata e senngoa ka ho rengoa. Leha ho le joalo, ho na le ba reng ho ’nile ha rengoa lifate merung e meng empa e sa senngoe. Na ho ka etsahala hore ho rengoe lifate empa ho sa senngoe meru ea tropike le lintho tsa eona tsa tlhaho? A re hlahlobeng hore na ho rema lifate ho ka senya moru joang.

Kamoo ho Rema Lifate ho ka Senyang Moru le Lintho Tsa Oona Tsa Tlhaho

Nahana ka sena: Qalong likhofu li betla tsela ka ho fohla moru. Ba remang lifate ba qala ho sebelisa lisakha tsa bona. K’hamphani ea ho rema lifate e lumeletsoe ho sebetsa mona ka nako e khutšoanyane, kahoo basebetsi ba laeloa hore ba sebetse ka thata. Ha lifate tse rekisoang li oela, li senya lifate tse ling tse haufi tse hokahantsoeng le tsona ke limela tse ithatelang ka tse ling. Ka mor’a moo, likhofu tsa mabili a liketane li fohla mofero hore li hule lifate, ’me li kata mobu ho fihlela o se na thuso.

Basebetsi ba k’hamphani ea ho rema meru hangata ba ja nama ho feta baahi ba motse. Ba tsoma linyamatsane morung; hangata ba bolaea tse ngata ho feta tseo ba li hlokang. Litsela tse butsoeng ke ba remang lifate li siea sebaka sena seo pele ho neng ho le thata ho kena ho sona se se se bulehile. Litsomi li se li ka kena ka likoloi le lithunya ho qetela liphoofolo tse setseng. Ba tšoasang ba nka liphoofolo tse nyenyane le linonyana ho ea li rekisetsa batho ba li ruang. Ka mor’a moo ho fihla baipehi ba likete ba se nang bolulo, ba batlang menyetla ea ho iphelisa sebakeng sena se seng se bulehile. Mokhoa oa bona oa ho chesetsa pele ba lema o qetela lifate tse setseng, e leng se etsang hore lipula tsa litloebelele li hohole mobu.

Ha e le hantle, moru o siuoa o se na thuso. Ho rema lifate e ne e mpa e le selelekela. Empa na ho rema lifate merung ea tropike ho lokela ho baka tšenyo e kaale?

Ho Rema Lifate ho sa Bakeng Tšenyo e Khōlō

Lilemong tsa morao tjena, ho ’nile ha e-ba le thahasello e ncha tabeng ea ho rema lifate ntle le ho baka tšenyo e khōlō le ho tšoara meru hantle. Sepheo ke ho rema lifate ka tsela e ke keng ea baka tšenyo e khōlō morung le linthong tsa oona tsa tlhaho. Butle-butle lifate li boetse lia mela, li fane ka monyetla oa hore li boele li rengoe ka mor’a lilemo tse mashome a seng makae. Ka lebaka la khatello ea babuelli ba paballo ea lintho tsa tlhaho, bahoebi ba bang ba se ba bapatsa lehong la bona e le le tsoang merung e tšoeroeng hantle. A re hlahlobeng kamoo ho rema lifate ntle ho tšenyo e khōlō ho etsoang kateng.

Setsebi sa meru le sehlopha se se thusang ba fohla mofero. Ke se seng sa lihlopha tse ’maloa tse tla qeta likhoeli tse ka bang tse tšeletseng morung, se etsa lipatlisiso. K’hamphani ea ho rema lifate e lumeletsoe ho qeta nako e telele mona, ka hona, basebetsi ba na le nako ea ho bala lifate molemong oa ho sireletsa moru bakeng sa nako e tlang.

Setsebi sa meru se tšoaea sefate se seng le se seng ka nomoro le hore na ke sa mofuta ofe. Ho na le mefuta e makholo, kahoo se lokela ho ba le boiphihlelo. Leha ho le joalo, mohato o latelang o hloka theknoloji ea sejoale-joale.

Setsebi sa meru se sebelisa mochine oa letsoho o laoloang ka Sathalaete, se rekota boholo ba sefate, mofuta oa sona le nomoro ea sona. Ha se tobetsa feela, boitsebiso bohle ba sefate, ho akarelletsa le hore na se hokae, bo romeloa ka eona nako eo k’homphieutheng e hōle toropong e phetheselang.

Hamorao manejara oa meru o hatisa ’mapa oa moru oo o bontšang sefate se seng le se seng sa bohlokoa. O khetha ka ho toba lifate tse ka rengoang tumellanong le melao e hlomamisitsoeng. Mefuteng e mengata ea lifate tse fetang botenya bo itseng, ho lumeletsoe feela hore ho rengoe halofo ea eona. Lifate tsa khale le tse phetseng li lokela ho tloheloa hore li ’ne li hlahise peō.

Empa ke joang u ka remang lifate u sa senye moru? Tsoha! e ile ea botsa Roberto potso eo, e leng setsebi sa meru se boletsoeng sehloohong se fetileng. O ile a hlalosa: “Taba ea bohlokoa ke ’mapa. Ha re e-na le ’mapa oa lifate, re ka lokisetsa ho rema lifate ka tsela e sa tl’o baka tšenyo e kaalo morung. Ho ka ba ha lokisetsoa hore na lifate li sekamele kae ha li oa hore li se ke tsa senya tse ling.

“Re ka ba ra lokisetsa hore linkholi li hule lifate, ho e-na le ho sebelisa likhofu hore li bule tsela ea ho lata sefate se seng le se seng se remiloeng. Ba remang lifate ba qala ka ho khaola limela tse ithatelang ka tse ling pele ba rema lifate—e le hore ba se ke ba senya tse ling. Selemo le selemo re etsa ’mapa le ho rema lifate karolong e itseng ea moru ka nako, e le hore re se khutlele moo re remileng teng ho fihlela lilemo tse 20 li fetile. Likarolong tse ling tsa moru, ho feta lilemo tse 30.”

Leha ho le joalo, Roberto o hiriloe ke k’hamphani e remang lifate. Kahoo, Tsoha! e ile ea mo botsa: “Ba remang lifate bona ba thahasella ho sireletsa lintho tsa tlhaho hakae?”

Ho Sireletsa Liphoofolo

Roberto o re: “Ho ke ke ha e-ba le moru o tlokomang ho se na liphoofolo. Ke tsa bohlokoa bakeng sa ho nyalisa limela le ho hasa peō. Re leka ka matla ho se khathatsane le liphoofolo tse hlaha. Ka mohlala, re rala litsela ka hloko e le hore li se ke tsa e-ba ngata. Moo ho khonehang, re betla litsela tse tšesaane tse lulang li khurumelitsoe ke lifate. Sena se etsa hore liphoofolo tse kang manoabo le litšoene li khone ho tšela tsela li sa theohe lifateng.”

Roberto o supa libaka tse takiloeng ’mapeng oa hae. Tsena ha lia lokela ho angoa ho hang. Ka mohlala, ka nģa tsohle tsa molapo ho na le lekhoakhoa le etsang hore liphoofolo li khone ho lalasa morung.

O hlalosa tjena: “Ho phaella libakeng tsa bohlokoa tse haufi le molapo, re boetse re sireletsa mahaha, matlapa, lifate tsa khale tse fatehileng, lifate tse behang litholoana tse toboselang ha li butsoitse—ha e le hantle, re sireletsa sebaka leha e le sefe sa bohlokoa bakeng sa liphoofolo tse itseng. E le ho thibela ho tsoma ntle ho molao, re hanela basebetsi ba rōna ho ba le lithunya, ’me re isa nama ea khomo le ea khoho kampong ea ba remang lifate e le hore ba se ke ba lakatsa nama ea linyamatsane. Joale ha re qetile karolo e itseng, re koala litsela ka hloko kapa re li thibe e le hore litsomi kapa ba remang lifate ntle ho molao ba se ke ba kena morung.

“Ke thabela ho etsa sena hobane ke rata ho sireletsa pōpo ea Molimo. Empa mehato eohle eo ke e hlalositseng e hlokoa ke melao ea machaba bakeng sa meru e tšoeroeng hantle. Hore k’hamphani e fumane lengolo la bopaki, e lokela hore e khotsofatse bahlahlobi ba mekhatlo ea machaba.”

Na meru e tšoeroeng hantle e kenya chelete e ngata? Ntle ho ba ’maloa ba chesehang joaloka Roberto, ka tloaelo ba remang lifate ha ba hlile ha ba rate litokisetso tse joalo tsa ho sireletsa lintho tsa tlhaho. Hangata lithibelo tse joalo li nkoa e le tšitiso bakeng sa hore chelete e kene hantle.

Leha ho le joalo, lipatlisiso tse entsoeng Amazonia bochabela ho ea bofelong ba lilemo tsa bo-1990 li fumane hore litšenyehelo tsa ho etsa ’mapa, ho khaola limela tse ithatelang ka tse ling le ho rera mokhoa oa ho hula lifate tse remiloeng li ile tsa koaheloa, ka lebaka la katleho e finyeletsoeng. Ka mohlala, ke lifate tse seng kae tse remiloeng tse ileng tsa lahleha. Hangata ha ho sa sebelisoe ’mapa o joalo, ba hulang lifate tse sakhiloeng ha ba khone ho li fumana ka lebaka la mofero.

Hape ho ka ba bonolo ho rekisa lifate tseo ho nang le bopaki ba hore li tsoa morung o tšoeroeng hantle. Empa na ho rema lifate ho sa bakoe tšenyo e khōlō ho hlile ho sireletsa mefuta-futa ea lintho tse phelang? Ke lintho tse kae tsa tlhaho tse pholohang ha ho rengoa lifate merung e joalo ea tropike?

Na Lintho Tsa Tlhaho li ka Pholoha ha ho Rengoa Lifate Morung?

Ke ’nete hore lintho tse phelang morung oa tropike lia tetema li bile li rarahane. Leha ho le joalo, hoa makatsa hore tlas’a maemo a itseng, li khona ho mamella. Ka mohlala, haeba ho sala moru o sa angoang haufi le o remiloeng, letlōbō la lifate tse remiloeng le hōla butle-butle ho fihlela le koetse sekheo. Empa ho thoe’ng ka liphoofolo, linonyana le likokoanyana?

Mefuta e seng mekae e ameha hampe, ’me hangata ha ho rengoa lifate, sena se fokotsa mefuta ea linonyana le liphoofolo sebakeng seo. Leha ho le joalo, ho rema lifate ka ntle le ho baka tšenyo e khōlō ho atisa ho se ame mefuta e mengata. Ha e le hantle, ha ho buleha sekheo, sena se ka ’na sa atlehisa mefuta e meng. Patlisiso ea morao tjena e bontšitse hore boteng ba batho—esita le haeba ba bang ba tlil’o rema lifate karolong e itseng feela—bo ka atlehisa lintho tse phelang merung ea tropike ka mefuta ea tsona.

Ka hona, ho na le bopaki bo bongata ba hore lifate li ka rengoa merung ea tropike ka tsela e nepahetseng, ho sa etsoe tšenyo e feletseng mefuta-futeng ea lintho tse phelang. Koranta ea London e bitsoang Economist e re: “Karolo ea 10% feela ea moru o setseng, o tšoeroeng hantle, e ka fana ka lehong lohle le hlokoang la merung ea tropike. Ka hona, ho ka ’na ha thoe karolo e setseng e tloheloe e le joalo.”

Mohlala oa moru o sirelelitsoeng ka ho feletseng ke oo ho builoeng ka oona sehloohong se qalang. Ramiro o o sireletsa hobane bo-rasaense ba fumane o e-na le mefuta ea lintho tseo ho thoeng li kotsing ea ho timela. Meru e joalo e melang libakeng tse phahameng ha ea tloaeleha ’me e na le mefuta-futa ea lintho tse phelang ka bongata bo sa tloaelehang. Ramiro oa hlalosa: “Senotlolo sa ho sireletsa meru ke thuto. Ka mor’a hore baahi ba motse ba hlokomele hore moru ke oona mohloli oa metsi ao ba itšetlehileng ka ’ona, ba ile ba thahasella ho o sireletsa.”

Ramiro oa phaella: “Hape ke habohlokoa hore batho ba etele libaka tsa tlhaho hobane ba ithuta hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala ho sireletsa lifate le limela tseo ba li bonang. Ba tloha sebakeng seo ba ananela moru le lintho tsa oona tsa tlhaho.”

Mohlala oa Ramiro le Roberto o bontša hore ho ka khoneha hore batho ba sebelise meru ea tropike ba sa e senye le ho senya lintho tsa eona tsa tlhaho. Empa taba ea hore ho ka khoneha ha e bontše hore ho ka etsahala. Kajeno batho ba bang ba ka ’na ba etsa bonnete ba hore ba reka lifate tse tsoang merung ea tropike e tšoeroeng hantle. Leha ho le joalo, ba bang ha ba na tokisetso e joalo. Kahoo, na boiteko ba ho baballa meru bo ka sireletsa mefuta-futa ea lintho tse phelang teng?

[Limmapa tse leqepheng la 23]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

BOLIVIA

’Mapa o ka ho le letona o fana ka boitsebiso ba sefate se seng le se seng; joalokaha ho bontšitsoe ka holimo, ’mapa ona o bontšitse karolo e nyenyane feela ea Bolivia

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

All maps except top left: Aserradero San Martin S.R.L., Bolivia

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Sefate se seng le se seng se tšoauoa ka nomoro le hore na ke sa mofuta ofe. Ho sebelisoa mochine o laoloang ka Sathalaete (o ka holimo) bakeng sa ho rekota moo se leng teng

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

‘Ho etsa ’mapa oa moru ke senotlolo sa ho lokisetsa ho rema lifate morung ka tsela e ke keng ea baka tšenyo e khōlō ho oona le linthong tsa oona tse phelang.’—Roberto

[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

“Senotlolo sa ho sireletsa meru ke thuto.”—Ramiro

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]

Foto: Zoo de Baños

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela