St. Petersburg—‘Lekhalo la Russia la ho Kena Europe’
KA MONGOLI OA TSOHA! RUSSIA
“Kea u rata, mosebetsi oa matsoho a Peter!/Ke rata sebōpeho sa hao se thata le se arohileng ka ho lekana;/Ho phalla ho khutsitseng le ho ratehang ha Neva/Pakeng tsa mabōpo a hao a hahiloeng ka majoe a morema-phofu.”—ALEKSANDR SERGEYEVICH PUSHKIN.
THOTHOKISO e tummeng ea Pushkin ka St. Petersburg, e qotsitsoeng mona hanyenyane feela, e lebisa tlhokomelo ho mothehi oa motse ona le sebakeng se hōle ka leboea moo o leng hona teng, moo Nōka ea Neva e kenang Leoatleng la Baltic. U ka ’na ua ipotsa, ‘Empa ho tlile joang hore motse oo o moholo oa lefatše o be teng sebakeng see se ka leboea se mokhoabo?’
Qetellong ea lekholo la bo17 la lilemo, Russia e ile ea sitoa ho hōla kaha e ne e se na mokhoa oa ho kena leoatleng. Toro ea moemphera e monyenyane oa Russia, Peter e Moholo, e ne e le ho etsetsa Russia ‘lekhalo la ho kena Europe’ ka khoro ea leoatle. Ka boroa, ho kena Leoatleng le Letšo ho ne ho thibetsoe ke ’Muso oa Ottoman. Kahoo Peter o ile a lebisa tlhokomelo ea hae ka leboea moo Sweden e neng e e-na le sebaka se iphaphathileng ka Leoatle la Baltic.
E le ho phethahatsa toro ea hae, ka August 1700, Peter o ile a phatlalatsa ntoa khahlanong le Sweden. Le hoja boiteko ba sesole sa hae bo sa ka ba atleha qalong, ha a ka a tela. Ka November 1702, Peter o ne a qobeletse Sweden hore e tsoe Letšeng la Ladoga. Letša lena le leholohali Europe le hokahantsoe ke Nōka ea Neva le Leoatle la Baltic, hoo e ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 60. Masweden a ile a itšireletsa liqhobosheaneng tse sehlekehlekeng se senyenyane haufi le moo Neva e phallang e e-tsoa letšeng. Peter o ile a khona ho hapa qhobosheane ena e sehlekehlekeng se tlas’a taolo ea Masweden ’me a e reha lebitso le lecha la Shlissel’burg.
Hamorao Masweden a ile a setlela qhobosheaneng e bitsoang Nienshants, haufi le moo Neva e phallelang Baltic. Ka May 1703, mabotho a Sweden a lulang qhobosheaneng a ile a hlōloa ka ho feletseng. Tlhōlo ena e ile ea etsa hore Marussia a laole sebaka sohle se molomong oa nōka. Ka pele-pele, Peter a qala ho haha qhobosheane Sehlekehlekeng se haufi sa Zayachy hore a sireletse sebaka se molomong oa Neva. Kahoo, ka la 16 May, 1703, hoo e ka bang lilemo tse 300 tse fetileng, Peter e Moholo o ile a beha lejoe la pele la se bitsoang Qhobosheane ea Peter-Paul kajeno. Lena ke letsatsi le amoheloang la ho thehoa ha St. Petersburg, e reheletsoeng ka mohalaleli oa mosireletsi oa moemphera, moapostola Petrose.
Ho Hahuoa ha Motse-moholo
Ho fapana le metse-meholo e mengata, St. Petersburg ho tloha qalong e ile ea haheloa hore e be motse-moholo o khahlang. Ho sa tsotellehe moo e leng teng hōle ka leboea—e leng e moleng o 60o ka leboea joaloka Anchorage, Alaska, kajeno—Peter o ile a tsoela pele ka mohaho. Lehong le ne le e-tsoa sebakeng sa Letša la Ladoga le Novgorod. Tsela e ’ngoe eo Peter a ileng a fumana majoe a ho haha ka eona e ne e le ka ho behela batho sekepele sa majoe ao ba ka tlang le ’ona. Lerussia le leng le le leng le tlisang thepa St. Petersburg le ne le lokela ho tla le palo e itseng ea majoe. Hape, Peter o ile a thibela ho hahuoa ha matlo ka majoe, a qala ka Moscow, ea ntano ba hohle moo e leng puso ea hae. Ka lebaka leo, limeselara tse sa sebetseng li ile tsa tla St. Petersburg.
Ho hahuoa ha motse oo ho ile ha tsoela pele ka lebelo leo The Great Soviet Encyclopedia e le bitsang “lebelo le ikhethang la mehleng eo.” Likanale tsa ho tsamaisa metsi, lipilara tsa motheo, literata, mehaho, likereke, lipetlele le liofisi tsa ’muso li ile tsa hlaha ka potlako. Selemong seo motse oo o thehiloeng ka sona, kaho e ile ea qala setšeng sa likepe, se tsejoang ka hore ke Lefapha la Taolo ea Litaba Tsa Metsing Tsa Brithani, eo hamorao e ileng ea fetoha ntlo-khōlō ea likepe tsa ntoa tsa Russia.
Ka 1710, kaho ea Summer Palace e ile ea qala, e leng ntlo ea lehlabula bakeng sa baemphera. Ka 1712, motse-moholo oa Russia le liofisi tsa oona tse ngata tsa ’muso li ile tsa fallisoa Moscow tsa isoa St. Petersburg. Ntlo ea pele ea borena ea majoe ea motse oo, eo le kajeno e ntseng e tšoeroe hantle, e ile ea qetoa ka 1714. E ne e hahetsoe ’musisi oa pele oa motse oo, Aleksandr Menshikov. Hona selemong seo, mosebetsi oa ho haha Cathedral ea Peter-Paul o ile oa qala ka har’a qhobosheane ea lebitso le tšoanang. Tora ea eona e telele ke seemahale sa motse. Winter Palace Nōkeng ea Neva le eona e ile ea hahoa, empa ka 1721 e ile ea heletsoa ’me ea nkeloa sebaka ka mohaho oa majoe. Hamorao ho ile ha hahoa Winter Palace e teng hona joale e nang le likamore tse ka bang 1 100. Ntlo ena ea borena e khōlō e fetohile khubu ea motse le setsi sa Hermitage, e leng musiamo oa ’Muso.
Lilemo tse leshome tsa pele, St. Petersburg e ile ea tšoauoa ka khōlo e tsotehang. Ho tlalehoa hore ho ne ho e-na le mehaho e ka bang 34 500 ka har’a motse ka bo-1714! Ho hahuoa ha matlo a borena le mehaho e meholo ho ile ha tsoela pele ho sa khaotse. Tšusumetso e matla ea bolumeli historing ea Russia e bonahala ka mehaho e mengata ea motse.
Ka mohlala, ho na le Cathedral ea Kazan, e bōpehileng joaloka halofo ea lebili hape e e-na le mathule ka pele. Ponahalo ea eona e tsotehang seterateng sa bohlokoahali sa motse, Nevsky Prospekt, e bile le seabo ho etseng hore seterata seo se bitsoe e ’ngoe ea litsela tse khōlōhali lefatšeng. Hamorao, kaho e ile ea qala Cathedraleng ea St. Isaac. Ho ile ha hlongoa lipilara tse ka bang 24 000 sebakeng sena se mokhoabo ho tšehetsa mohaho, ’me ho ile ha sebelisoa khauta e hloekileng ea boima ba lik’hilograma tse 100 ho e maneha toreng ea oona e khōlō.
Ho haha mathōkong a St. Petersburg le hona e ne e le ho tsotehang. Mosebetsi Ntlong e Khōlō ea Borena, e leng ntlo ea bolulo ea Peter, o ile oa qala ka 1714 Peterhof, eo hona joale e leng Petrodvorets. Ho sa le joalo, motsaneng o haufi oa Tsarskoe Selo, oo hona joale o bitsoang Pushkin, ho ile ha hahoa Catherine Palace e majabajaba, e haheloa mosali oa Peter. Karolong ea ho qetela ea lekholo leo la lilemo, ho ile ha hahoa matlo a mabeli a maholo a borena metseng e ’meli e ka boroa, e leng Pavlovsk le Gatchina.
Botle ba motse ona o mocha bo ile ba hōlisoa ke ho hahuoa ha marokho a mangata holim’a linōka le likanale tsa oona tse ngata. Kahoo, hangata St. Petersburg e ’nile ea hlalosoa e le “Venice ea Leboea.” Litsebi tsa meralo ea mohaho tsa Fora, Jeremane le Italy li ile tsa sebetsa hammoho le litsebi tsa habo tsona tsa Marussia ho hlahisa seo The Encyclopædia Britannica e reng ke “o mong oa metse e babatsehang ka ho fetisisa le o momahaneng Europe.”
Mamello ho sa Tsotellehe Mahlomola
Bahanyetsi ba Peter ha baa ka ba hlokomela hore Marussia a ne a tla khomarela ka thata lekhalong lena la bona la ho kena Europe. Buka ea Peter the Great—His Life and World ea hlalosa: “Ho tloha letsatsing leo Peter e Moholo a qalileng ho hata molomong oa Neva ka lona, sebaka le motse o ileng oa hlaha moo haesale e e-ba tsa Marussia.”
Ka sebele, joalokaha buka e qotsitsoeng ka holimo e bolela, “ho theosa le makholo a lilemo, ha ho bahapi bao ka ho latellana ba ileng ba kena Russia ka mabotho a maholo—e leng Charles XII, Napoleon, Hitler—ba ileng ba khona ho hapa kou ea Baltic ea Peter, le hoja mabotho a Manazi a ile a thibella motse ka matsatsi a 900 Ntoeng ea II ea Lefatše.” Nakong ea ho thibelloa hoo ha nako e telele, ho ile ha shoa batho ba ka bang milione motseng oo. Ba bangata ba ile ba bolaoa ke serame le tlala mariheng a 1941/42, ha lithempereichara li ne li theohela likhatong tse 40 ka tlas’a ntlha ea khoamo. Ho bonahala thempereichara ena e le eo ho eona Celsius le Fahrenheit li ngolisang mohatsela ka ho tšoana sekaleng.
Ka 1914 ha ho qhoma Ntoa ea I ea Lefatše, lebitso la motse oo le ile la chencheloa ho Petrograd. Ha moeta-pele oa pele oa Soviet Union, Vladimir Lenin, a e-shoa ka 1924, lebitso la oona le ile la chencheloa ho Leningrad. Qetellong, ka 1991, ha Soviet Union e oa, ho ile ha tsosolosoa lebitso la motse la pele, e leng St. Petersburg.
Tlatsetso e Molemo Lefatšeng
Ka 1724, selemo pele ho lefu la Peter a le lilemo li 52, ho ile ha thehoa Russian Academy of Sciences ka tumello ea hae, ’me ka 1757, ho ile ha thehoa Sekolo sa Thuto e Phahameng ea Bonono motseng oo. Batšoantšisi ba Marussia ba lekholong la bo19 la lilemo, Karl Bryullov le Ilya Repin, ba ile ba ithutela moo ’me hamorao ba amoheloa machabeng.
Ka 1819 ho ile ha thehoa Univesithi ea ’Muso ea St. Petersburg, ’me qetellong ha thehoa le likolo tse ling tse ngata tsa thuto e phahameng. Qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, moahi oa St. Petersburg eo e neng e le setsebi sa Lerussia sa tšebetso ea litho tsa ’mele, ea ileng a hapa Khau ea Nobel, Ivan Pavlov, o ile a qapa khopolo ea ho arabela ketsong e itseng. Hape hona mona ke moo setsebi sa metsoako sa Lerussia, Dmitry Mendeleyev, a ileng a bokella lirafshoa tlhophisong ea lipalo linthong tsa tlhaho, kapa tlhophiso ea Mendeleyev, kamoo e tsejoang kateng Russia.
Bophelo ba setso motseng ona le bona bo hapile tlhokomelo ea machaba. Ka 1738 ho ile ha thehoa sekolo sa ho tantša, seo qetellong se ileng sa tsebahala lefatšeng e le Mariinsky Ballet. Kapelenyana motse oo o ile oa khaba ka liholo tse ngata tsa ballet le tsa likonsarete le litheatera. Liqapi tse tummeng tsa ’mino li ile tsa lula St. Petersburg, ho akarelletsa le Pyotr Ilich Tchaikovsky. O tsebahala ka ’mino o sa tsoeng fesheneng oa classic oa ballet, o kang Sleeping Beauty, Swan Lake le The Nutcracker hammoho le ’mino o hlophisitsoeng o tummeng oa 1812 Overture.
St. Petersburg e ile ea boela ea koetlisa liroki tse ngata tse tummeng tsa Marussia le bangoli ba bang ba ileng ba lula mona. Aleksandr Sergeyevich Pushkin e monyenyane o ile a fetoha seo ba bangata ba nkang hore ke “seroki [sa Russia] se seholohali le mothehi oa lingoliloeng tsa kajeno tsa Russia.” Ho Marussia Pushkin o tšoana le Shakespeare, ’me libuka tsa Pushkin li bile le tšusumetso e khōlō, ’me li ’nile tsa fetoleloa lipuong tsohle tse khōlō ’me li akarelletsa le thothokiso ea motse ona o ileng oa fetoha oa habo, e leng e qotsitsoeng qalong. Ho phaella moo, ho na le Dostoyevski, eo The Encyclopædia Britannica e reng “hangata o nkoa e le e mong oa lingoli tse hloahloa ka ho fetisisa tsa libuka ea kileng a phela.”
Kahoo ho ka boleloa hore eng kapa eng eo St. Petersburg e ileng ea e fumana Europe boemong ba eona bo tlaase ha e sa qala, e khutletse Europe e se e le molemo ka makhetlo a imenneng hangata. Ho theosa le lilemo, ka sebele baahi ba eona ba ’nile ba ntlafatsa mekhoa ea lefatše ea bophelo.
Nako ea ho Thuisa
Bekeng ea la 24 May ho ea ho la 1 June, baeti ba makholo a likete ba etetseng St. Petersburg ba ile ba kopanela moketeng oa ho ikhopotsa selemo sa ho thehoa ha eona sa bo300. Ha ba ntse ba thabela litholoana tsa mosebetsi o moholo o entsoeng ha ho lokisetsoa mokete ona, ba bangata ba ile ba nahana ka botle le ka histori e tsotehang ea motse ona.
Le hoja ho ne ho sa reroa, beke feela pele ho moo, ba bangata ba ne ba etetse St. Petersburg bakeng sa ho neheloa ha mehaho e atolositsoeng ea lekala la Russia la Lipaki Tsa Jehova, e leng sebakeng sa motse oa toropo eo. Letsatsing le hlahlamang, ba 9 817 ba ile ba kopana Lebaleng la Lipapali la Kirov le St. Petersburg ho ea mamela lenaneo la kakaretso ea nehelo le litlaleho tse khothatsang ka mesebetsi ea Lipaki Tsa Jehova linaheng tse ngata.
Ho Hongata ho Feta se ka Bonoang
Hangata baeti ba St. Petersburg ba ikutloa hore ho na le lintho tse ngata tse ka bonoang hoo ba sa tsebeng hore na ba qale hokae. Eo ke qaka Hermitage. Ho ’nile ha hakanngoa hore haeba motho a ne a ka qeta motsotso nthong ka ’ngoe ho tse makholo tse lipontšong ka likamoreng, ho ne ho tla nka lilemo hore motho a qete ho li bona kaofela.
Ba bang ba nka ntho e thabisang ka ho fetisa St. Petersburg e le ballet ea eona. Ka mohlala, Theatereng e tummeng ea Mariinsky, motho a ka lula ka tlas’a likandelare tsa kristale tse khabisitsoeng tse pota-potiloeng ke mabota a phatsimang a ka hare, a manehiloeng ka khauta ea boima ba lik’hilograma tse ka bang 400. Mona motho a ka bona ballet e ntle ka ho fetisisa e ka bonoang lefatšeng.
Ho tsamaea feela motseng ona oa baahi ba ka bang limilione tse hlano ho ka fa motho phihlelo ea ho bona mehaho e metlehali mabōpong a Nōka ea Neva. Ho tsamaea feela ka terene e babatsehang ea motse e tsamaeang ka tlas’a lefatše, e leng e ’ngoe ea tseo seporo sa eona se leng botebong ka ho fetisisa lefatšeng, ka bohona e ka ba phihlelo e thabisang. Batho ba fetang limilione tse peli ba palama terene ena letsatsi le leng le le leng, ba tsamaea lipakeng tsa liteishene tse fetang 50 seporong sa lik’hilomithara tse 98. Liteishene tse ling li har’a tse ntle ka ho fetisisa tse ka fumanoang kae kapa kae. Ka 1955, e leng selemo seo ho ileng ha buloa liteishene tsena tse ka tlas’a lefatše ka sona, The New York Times e ile ea bitsa liteishene tsena “letoto la lipaleise tse ka tlas’a lefatše tsa lekholo la lilemo la bomashome a mabeli.”
Ka sebele, ho thata hore motho a se ke a khahloa ke St. Petersburg—ka tsela e babatsehang eo e hahiloeng ka eona le kholo ea eona, hammoho le lefa la botle ba eona bo lulang bo le teng, bonono, setso, thuto le ’mino. Ho sa tsotellehe hore na baeti ba thahasella eng, ba ka ’na ba lumellana le buka e ’ngoe e bitsang St. Petersburg “o mong oa metse e metle ka ho fetisisa Europe.”
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Peter e Moholo, mothehi oa motse ona
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Qhobosheane ea Peter-Paul le cathedral ea eona, moo ho ileng ha raloa motheo oa St. Petersburg
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Ntlo e Khōlō ea Borena
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
St. Petersburg e ’nile ea bitsoa Venice ea Leboea
[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
Winter Palace Nōkeng ea Neva, eo hona joale e leng musiamo oa Hermitage (bokahare ba eona ho elella ka ho le letona)
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
The State Hermitage Museum, St. Petersburg
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Theatera e tsebahalang lefatšeng ea Mariinsky
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Steve Raymer/National Geographic Image Collection
Photo by Natasha Razina
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Liteishene tsa terene e tsamaeang ka tlas’a lefatše ea St. Petersburg li ’nile tsa hlalosoa e le “lipaleise tse ka tlas’a lefatše”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 23]
Top picture: Edward Slater/Index Stock Photography; painting and emblems: The State Hermitage Museum, St. Petersburg