Ka Mor’a ho Phatloha
KA MONGOLI OA TSOHA! ECUADOR
LA 20 November, 2002, e ne e le letsatsi le monate motseng oa Ecuador oa Riobamba. Leholimo le ne le le leputsoa, ’me ho e-na le melatsitsi e ntseng e fokaela. Lithaba tse foqohang seretse li ne li roetse tlokola ea lehloa ’me li le botle ba ho nkoa senepe. Batho ba 124 000 ba phelang sebakeng sena, se limithara li ka bang 2 700 holimo Lithabeng tsa Andes, ba ne ba ntse ba itšebeletsa mesebetsi ea bona e tloaelehileng, ba sa hlokomele hore khutso eo ba nang le eona e tla tloha e senyeha hampe. Ka tšohanyetso, ho khutsitse thapama, ho ile ha e-ba le ho phatloha ho thibang litsebe! Lifensetere le lifuluru li ile tsa qala ho reketla. Ho ile ha foqoha leru le tšosang, le hōlang ka potlako.
Le pele metsotso e leshome e fela, ho ile ha e-ba le ho phatloha ho hong ho neng ho tsamaea le ho reketla ho matla ho ileng ha pshatla lifensetere le ho pshemola mamati likoseneng tsa ’ona. Eaba ho hlaha leru le bilohang la mollo le mosi—le fetang hōle la pele. Ho ile ha latela letoto la ho phatloha le khabo ea mollo.
José le mosali oa hae, Ana—ka bobeli ke Lipaki Tsa Jehova—ke banyalani ba lilemong tsa bo-60 ba phelang limithara tse ka bang 400 ho tloha moo ho phatlohileng teng. Sefutho sa ho phatloha hoo se ile sa ba lahlela fatše. Ana o ne a ntse a eme haufi le monyako o ka pele ha lemati le koqoha koseneng ’me le ferella ho ea otla leboteng la ntlo le ka morao. Ha banyalani bana ba tšohileng ba potlakela ho ea tsoa le monyakong o ka morao, siling e ile ea qala ho ba oela holimo. Ka tsela e itseng ba ile ba khona ho tsoela mathuleng a ka morao, moo ba ileng ba mamarelana hammoho ’me ba qala ho rapela. Ho thabisang ke hore metsotso e 15 hamorao mora oa bona o ile a fihla ka koloi ho tla ba lata ho ba isa moo ho sireletsehileng.
Hase bohle ba ileng ba pholoha likotsi. Ka mor’a ho phatloha hoo batho ba ile ba tšoha. Matšoele a batho a ile a baleha ka maoto. Har’a lerata leo la ho hoeletsa le ho bokolla, ba bang ba ile ba thella ’me ba oela holim’a likhalase tse pshatlehileng mathōkong a litsela. Likoloi, libese le literaka li ile tsa tsoa motseng oo ka lebelo le phahameng, ba bang ba khanna ba lebile hosele tseleng e lebang nģa e le ’ngoe! Ba bangata ba ileng ba baleha likolong kapa mesebetsing ha baa ka ba fumana hore na boemo ba litho tsa malapa a habo bona ke bofe le hore na ba hokae ka lihora tse ka bang tse 24.
Sesosa sa pherekano ee ebile sefe? Mollo o bileng teng polokelong ea libetsa ka tlas’a lefatše motebong oa sesole o haufinyane e bile oona o bakileng letoto la ho phatloha hoo ho hoholo ha litlelabore tsa sesole, liqhomane tsa letsoho le liqhomane tse phatlolang litanka tsa ntoa le likanono. Ha ho phatloha hoo ho ntse ho tsoela pele, makoloi a sepolesa a ile a tsebisa ka libuela-hōle hore bohle ba lokela ho tsoa motseng oo ba ee sebakeng se hōle bonyane ka lik’hilomithara tse 15.
Kapelenyana Riobamba ho ne ho se ho se na motho. Baahi ba moo ba likete ba ne ba kolokile litseleng tse khōlō tse tsoang motseng oo, ba khomarelane bosiung bo batang—ba bangata ba sa apara lijase kapa libaki. Ka mor’a lihora tse ’maloa tsa ho phatloha, ho ile ha qetella ho kokobetse. Ba khannoa ke serame se kenellang masapong, baahi ba ile ba qala ho khutlela motseng ba qoaile. Hoseng ha le hlahlamang, ha letsatsi le chaba, ba bangata ba ile ba fumana hore tšenyo e khōlō e bile lifensetereng, mamating, marulelong, lisiling le maboteng a matlo a bona. Lelapa le leng le ile la fumana sekotoana sa khalase e bōpehileng joaloka thipa e sehang ka nģa tse peli e hlabile materaseng ka kamoreng ea ho robala. Ba bang ba ile ba fumana liphatsa tsa libomo ka hare le ho likoloha matlo a bona.
Litlaleho tsa pele li boletse hore bonyane ho shoele batho ba supileng, ba 538 ba tsoa likotsi ’me ha senyeha matlo a 18 000. Ho Lipaki Tsa Jehova tse 950 tse sebakeng seo, ha ho ba ileng ba lahleheloa ke bophelo, le hoja ba babeli ba ile ba phekoleloa maqeba a mabe.
Thuso ho ba Mahlomoleng
Hoseng ka mor’a ho phatloha hoo, baholo liphuthehong tsa moo tsa Lipaki Tsa Jehova ba ile ba qala ho etela bara babo bona ba Bakreste ho ea bona hore na ba ea joang. Hamorao letsatsing leo mosebeletsi ea tsamaeang oa Lipaki Tsa Jehova o ile a kopana le baholo ba liphuthehong tse 13 tsa moo le mathōko a teng ho tla bona hore na tšenyo e kae le ba tsoileng likotsi. O ile a khothalletsa baholo ho hlokomela litlhoko tsa maikutlo le tsa moea tsa ba pholohileng. Ho ba teng libokeng tsa Bokreste, esita le tlas’a maemo a thata joalo, e ne e le habohlokoa haholo! (Baheberu 10:24, 25) Kahoo, liphutheho tsa moo li ile tsa tšoara liboka tsa tsona tsa kamehla mantsiboeeng a latelang tlokotsi eo.
Ka Labone le Labohlano, ho ile ha bokelloa tlaleho e qaqileng ea matlo a senyehileng a Lipaki ’me ea romeloa ofising ea lekala ea moo ea Lipaki Tsa Jehova Guayaquil. Tlaleho eo e ile ea bolela hore ho hlokahala ka potlako hore ho koaloe lifensetere tse makholo-kholo e le hore ho ka sireletsoa batho serameng. Ka mor’a lihora li se kae, ofisi ea lekala e ne e se e rekile lirolo tse khōlō tsa polasetiki e bonaletsang, theipi e ngata le lipekere tse ka otlelloang konkreiteng, e le hore ho ka etsoa litokiso tsa nakoana.
Teraka e nkileng thepa e tsoang ofising ea lekala e ile ea fihla ka 9:00 hoseng ka Moqebelo. Lihlopha tsa banna le basali ba Lipaki li ne li se li ntse li sebetsa ho thusa Lipaki tse ling ho hloekisa likhalase tse pshatlehileng matlong a tsona e le hore ho ka qaloa ho kenya polasetiki. Holo ea ’Muso ea sebakeng seo e ile ea e-ba setsi seo ho hlophisoang mosebetsi ho sona. Ho ile ha thaloa mela fatše e le hore ho ka methoa polasetiki kapele. Ho sebelisoa litekanyetso tse fumanoeng ke litho tsa sehlopha sa liphallelo, ho ile ha sehoa bolelele bo lekaneng ba polasetiki ’me ea isoa lihlopheng tse il’o e kenya tse e letetseng.
José, ea boletsoeng pejana, oa pheta: “Ha re fihla hae thapama letsatsing la ka mor’a ho phatloha hoo, barab’abo rōna ba ne ba se ba le teng ba hloekisa lithōle. Ka Moqebelo moahelani oa ka o ile a tla ’me a khotsa mosebetsi o babatsehang o entsoeng oa ho kenya polasetiki ntlong ea ka, ’me a mpotsa, ‘U senyehetsoe ke bokae linthong tsee kaofela?’” Moahelani o ile a makala hakaakang ha a utloa hore see se entsoe ntle ho tefo!
Ka Moqebelo mantsiboea, baithaopi ba ka bang 200 ba tsoang liphuthehong tsa moo ba ne ba koetse lifensetere tsa matlo a Lipaki a 91. Ba bangata bao e seng Lipaki le bona ba ile ba rua molemo. Koranta ea moo e ile ea e-ba le setšoantšo sa ntlo e sebelitsoeng ke Lipaki, e bolela hore ke a le mong feela eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova ho litho tse robeli tsa lelapa leo.
Ho Fanoa ka Tšehetso Maikutlong
Ha ho pelaelo hore ho phatloha hoo ho ile ha baka khatello e khōlō ea maikutlo. E le ho tšelisa Lipaki tsa moo, ho ile ha hlophisoa seboka se khethehileng ka Mantaha, oa la 25 November, ka 5:00 thapama. Baemeli ba ofisi ea lekala ea moo ba ile ba romeloa ho ea se tšoara. Kaha ho ne ho se na motlakase, seboka seo se ne se ke ke sa tšoaroa mantsiboea haholo. Kaha nako e behiloeng bakeng sa seboka e ne e bonahala eka ha e ea lokela, ho ne ho lebeletsoe lenane le lenyenyane la batho ba ka bang 600. Empa, letšoele la ba 1 421, le neng le akarelletsa le baahelani ba bang bao e seng Lipaki, le ile la tlala Holo ea Kopano ea Riobamba! Lengolo la sehlooho le ileng la tšohloa lenaneong leo e ne e le Pesaleme ea 4:8: “Ke tla sekama ’me ke robale ka khotso, etsoe, Jehova, ke uena feela ea etsang hore ke lule ke sireletsehile.” Bohle ba neng ba le teng ba ile ba bontša kananelo e khōlō bakeng sa lenaneo leo le tšelisang la moea.
Qetellong ea lenaneo leo batsoali ba ile ba fuoa likopi tse makholo tsa sehlooho sa Tsoha! se reng “Likoluoa Tsa Tlhaho—Ho Thusa Ngoana oa Hao ho Sebetsana le Tsona ka Katleho” (July 8, 1996). Serapa se seng sa sehlooho seo se re:
“Federal Emergency Management Agency (FEMA) ea United States e hlokomelisa hore hang-hang ka mor’a koluoa, ka tloaelo bana ba tšaba hore (1) ba tla sala ba le bang, (2) ba tla arohana le lelapa, (3) ketsahalo eo e tla etsahala hape le hore (4) motho e mong o tla tsoa kotsi kapa a shoe.” Motheong oa sehlooho sena, batsoali ba ile ba khothalletsoa hore:
1. Ba leke ho boloka lelapa le le hammoho.
2. Ba iphe nako ea ho hlalosa boemo ka mokhoa o bonolo.
3. Ba khothalletse bana ho bua.
4. Ba kopanyelletse bana mesebetsing ea ho hloekisa.
Hamorao lihlooho tseo tsa Tsoha! tse eketsehileng li ile tsa arolelanoa le baahelani le liithuti tsa Bibele.
Libeke tse tharo ka mor’a hore ho phatlohe, ho ile ha rekoa thepa e le hore ho ka etsoa litokiso tse tla tšoarella, ho akarelletsa ho kenngoa ha lifensetere tse ncha, lisiling le marulelo. Pele ho fela libeke tse ling tse tharo, mesebetsi ena e ne e phethiloe, hammoho le ho lokisoa ha Liholo Tsa ’Muso tse peli. Ho bile le ba bangata ba lebohang bakeng sa litokisetso tsena tse lerato.
Likoluoa tsa mefuta e sa tšoaneng li tloaelehile “matsatsing [ana] a ho qetela.” (2 Timothea 3:1-5) Leha ho le joalo, ho tšehetsana ha Lipaki Tsa Jehova le ho tšehetsa baahelani ba tsona ho fana ka bopaki ba matla a Bokreste ba ’nete. José o ile a tšetleha litaba hamonate ha a ne a re: “Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ha o liehe ho re thusa ha re hloka.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Lipaki tse ka bang 200 li ile tsa ithaopela ho hloekisa. Ho ile ha methoa lifensetere tse ncha, tsa sehoa ’me tsa kenngoa. Ho ile ha kenngoa marulelo a macha