Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 10/8 maq. 27-29
  • Litsela Tse Tšeletseng Tsa ho Sireletsa Bophelo ba Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsela Tse Tšeletseng Tsa ho Sireletsa Bophelo ba Hao
  • Tsoha!—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litsela Tse Tšeletseng Tsa ho Sireletsa Bophelo ba Hao bo Botle ba ’Mele
    Tsoha!—1997
  • Nakong eo Likokoana-hloko li ke Keng Tsa Ntša Mang Kapa Mang Kotsi
    Tsoha!—2003
  • Litsela Tsa ho Ntlafatsa Bophelo ba Hao
    Tsoha!—2015
  • Ho Talimana le Phephetso ea Bohloeki
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 10/8 maq. 27-29

Litsela Tse Tšeletseng Tsa ho Sireletsa Bophelo ba Hao

Phephetso Linaheng Tse Ntseng li Hōla

KAJENO batho ba bangata ba etsa matsapa a hore ba lule ba hloekile, haholo-holo linaheng tseo ho tsona ho haellang metsi a hloekileng le tsamaiso ea likhoerekhoere. Leha ho le joalo, ho ipoloka motho a hloekile hoa putsa. Ho hakanngoa hore boholo ba maloetse le mafu a bana a bakoa ke likokoana-hloko tse kenang ka hanong ka matsoho a litšila kapa lijo kapa metsi a silafetseng. Maloetse a mangata, haholo-holo letšollo, a ka thibeloa ka ho sebelisa likeletso tse latelang tse bukeng ea Facts for Life, ea Letlōle la Bana la Machaba a Kopaneng.

1 Ho lahla mantle ka tsela e sireletsehileng

Bongata ba likokoana-hloko bo fumanoa mantleng. Ha likokoana-hloko tse bakang maloetse li kena metsing le lijong, kapa li khomarela matsohong, lijaneng, kapa tafoleng eo ho pheheloang le eo ho ngoatheloang ho eona, li ka ’na tsa fetela molomong ’me tsa koenngoa, ebe lia re kulisa. Tsela e molemohali ea ho thibela ho jaleha ha likokoana-hloko ke ka ho lahla mantle leha e le afe. Batho bona ba lokela ho ea ithusetsa matloaneng. Etsa bonnete ba hore ha ho bolokoe le borokolo ba liphoofolo pel’a matlo, litselaneng tsa maoto, kapa libakeng tseo bana ba bapallang ho tsona.

Moo ho se nang matloana, mantle a lokela ho chekeloa hang-hang. Hopola hore mefuta eohle ea mantle e ka baka maloetse, esita le mantle a masea. Mantle a bana le ’ona a lokela ho lahleloa ntloaneng kapa a chekeloe.

Hloekisa matloana khafetsa. Matloana a mokoti a lokela ho lula a koahetsoe ’me a metsi a lule a hloekile.

2 Hlapa matsoho

U lokela ho hlapa matsoho kamehla. Ho a hlapa ka sesepa le metsi kapa ka molora le metsi ho tlosa likokoana-hloko. Ho tsokotsa matsoho feela ka metsi ha hoa lekana—matsoho a lokela ho hlatsoana ho sebelisoa sesepa kapa molora.

Ke habohlokoa haholo ho hlapa matsoho ka mor’a ho ithusa le ka mor’a ho hlakola ngoana ha a qeta ho ithusa. Hape, ha u ile ua tšoara phoofolo, hlapa matsoho pele u tšoara lijo le pele u fepa bana.

Ho hlapa matsoho ho thusa ho sireletsa batho libōkōng tse kulisang. Libōkō tsena li nyenyane hoo li ka bonoang feela ka microscope. Li fumanoa mantleng le moseseng, li phaphamala ka holim’a metsi le mobung, nameng e tala kapa e sa butsoang hantle. Tsela e ka sehloohong ea ho thibela hore libōkō li se ke tsa kena ’meleng ke ka ho hlapa matsoho. Ho feta moo, ho lula u roetse lieta ha u le pel’a matloana, ho ka thibela libōkō tse ka ’nang tsa kena ’meleng li kena le maotong.

Bana ba atisa ho kenya matsoho ka hanong, ka hona, ba hlatsoe matsoho khafetsa, haholo-holo ka mor’a ho ithoma le pele ba e-ja. Ba rute hore ba hlape matsoho ’me ba se bapalle pel’a matloana, kapa mohlabaneng.

3 Iphotle letsatsi le leng le le leng

E le ho thibela tšoaetso mahlong, iphotle ka sesepa le metsi letsatsi le leng le le leng. Bana le bona ba lokela ho photloa. Sefahleho se litšila se mema lintsintsi, e leng tsona lintho tse nang le likokoana-hloko. Likokoana-hloko tsena li ka baka tšoaetso mahlong esita bofofu.

Hlahloba mahlo a bana ba hao kamehla. Mahlo a phetseng hantle a lula a ngobetse ’me a khanya. Haeba mahlo a omme, a le mafubelu, kapa a le bohloko kapa haeba a lula a qhitsa, ngoana o lokela ho ea hlahlojoa ke ba tsa tlhokomelo ea bophelo bo botle kapa ngaka.

4 Sebelisa metsi a hloekileng feela

Haeba malapa a sebelisa metsi a hloekileng ’me a thibela likokoana-hloko, ho kula e ba ngope-setšoha. Metsi ho ka thoe a hloekile haeba tsamaiso ea ’ona e entsoe ka tsela e loketseng ’me lipeipi tsa metsi li lula li hlahlojoa hore li sa le hantle kapa haeba a khuoa lilibeng tse hlokometsoeng hantle. Metsi a liqanthana, a linōka le a litanka tse ahlameng kapa tsona liliba, ho ke ke ha hla ha thoe a hloekile, mohlomong a ka belisoa hore e be a loketseng.

Liliba li lokela ho koaheloa. Liemere le liropo tse sebelisetsoang ho kha metsi le linkho tse tšelang metsi li lokela ho hlatsuoa khafetsa ’me li behoe sebakeng se hloekileng, eseng fatše. Liphoofolo ha lia lokela ho ba haufi le moo ho khuoang metsi teng esita le mabaleng a ntlo. U se ke ua sebelisa chefo e bolaeang likokoanyana kapa lik’hemik’hale haufi le mehloli ea metsi.

Ka lapeng, metsi a lokela ho bolokoa ka nkhong e hloekileng le e koahetsoeng. Ho molemo ho ba le bakete ea metsi e nang le pompo. Haeba ka lapeng ho se na pompo, metsi a lokela ho khuoa ka nkhong ka mohope o hloekileng kapa lebekere la metsi le hloekileng. Le ka mohla metsi a nooang a se ke a tšoaroa ka matsoho a sa hlapuoang.

5 Ho sireletsa lijo likokoana-hlokong

Ho phehisisa lijo ho ka bolaea likokoana-hloko. Lijo, haholo-holo nama e khubelu le ea khoho, li lokela ho butsoisoa. Likokoana-hloko li ikatisa kapele lijong tse futhumetseng. Ka lebaka leo, lijo li lokela ho jeoa hang-hang ha li qetoa ho phehoa. Haeba ho hlokahala hore u boloke lijo lihora tse fetang tse peli, tiisa hore u li boloka li chesa kapa li bata. Le teng, haeba u batla ho boela u sebelisa lijo tse setseng hape, li koahele hantle. Sena ke ho li sireletsa lintsintsing le likokoanyaneng. Futhumatsa lijo hape pele li jeoa.

Lebese la ’mè le molemo ka ho fetisisa ’me ke lona le sireletsehileng haholo bakeng sa masea le bana ba banyenyane. Lebese la phoofolo le sa tsoa belisoa le sireletsehile ho feta le sa belisoang. Qoba ho fepa ngoana ka botlolo, ntle le haeba nako le nako pele u e sebelisa u e hloekisa ka metsi a belang. Hangata libotlolo li ba le likokoana-hloko tse bakang letšollo. Ho molemo ho nyantša ngoana kapa ho mo jesa ka komiki e bulehileng, e hloekileng.

Hlatsoa tholoana le meroho ka metsi a hloekileng. Sena ke sa bohlokoa haholo haeba li fuoa masea le bana ba banyenyane li ntse li le tala.

6 Qhala lithōle tsohle tsa lapeng

Lintsintsi, maphele, litoeba le likhoto kaofela li jara likokoana-hloko. Liphoofotsoana tsena li atleha haholo litšileng. Haeba ha ho na tokisetso ea ho thotha litšila sebakeng seo u phelang ho sona, tšela lithōle tsa lelapa mokoting moo u ka li koahelang kapa ua li chesa letsatsi le leng le le leng. Boloka lehae la hao le hloekile ’me le se na litšila le metsi a likhoerekhoere.

Haeba u sebelisa litlhahiso tsena kamehla, ka potlako u tla fumana e se e le karolo ea bophelo ba hao ba letsatsi le letsatsi. Ha li thata ebile ha li hloke chelete e ngata hore li sebetse, empa li tla sireletsa bophelo ba hao le ba lelapa la hao.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Moo ho se nang ntloana ea metsi kapa ea mokoti, chekela mantle ka potlako

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Tloaela ho hlapa matsoho

[Litšoantšo tse leqepheng la 28]

Malapa ha a kule haholo ha a sebelisa metsi a hloekileng ’me a a sireletsa likokoana-hlokong

[Setšoantšo se leqepheng la 28, 29]

Iphotle ka sesepa le metsi letsatsi le leng le le leng

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Haeba u batla ho siea lijo tse seng li phehiloe hore u li je hamorao, li koahele

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Lithōle tsa lelapa li lokela ho chekeloa kapa li chesoe letsatsi le leng le le leng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela