Bacha Baa Botsa . . .
Nka Etsa Joang Hore ke Tsoe Lekokong la Batsoali ba Ka?
“Ntate ke moholo ea tsebahalang ka phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova. Kea mo hlompha, empa ka linako tse ling ke nyatsa taba ea hore hohle moo ke eang ke tsejoa feela ke le mora oa Bill.”—Larry.a
“Kaha Ntate ke moholo ea hlaheletseng, ke ne ke e-na le maikutlo a hore e mong le e mong o lebeletse ho hoholo ho ’na, ’me ke ne ke thatafalloa haholo hore ke be seo ke leng sona.”—Alexander.
HA U ntse u hōla, ke ntho e tloaelehileng hore u lakatse ho itaola—hore u khone ho iketsetsa lebitso, kapa botumo. Ha u hlaha batsoali ba hao ba ile ba u khethela lebitso leo ba le ratang. Joale, ha u ntse u hōla u kena lilemong tsa bocha, u batla monyetla oa hore u ikhethele “lebitso”—ke hore, u iketsetse botumo.
Morena Solomone o ile a ngola: “Lebitso [le letle] le lokela ho khethoa ho e-na le maruo a mangata; kamohelo e molemo le ho feta silevera le khauta.” (Liproverbia 22:1) Esita leha u ntse u le monyenyane, mohlomong u tla rata ho qala ho iketsetsa botumo bo u khethollang.
Ho Phela Tlas’a Lekoko la Bona
Joaloka Larry le Alexander, bacha ba bang ba na le maikutlo a hore ba phela ka tlas’a lekoko la lebitso la batsoali ba bona kapa seo ba se finyeletseng. Mohlomong batsoali ba bona ba hlahelletse motseng ka lebaka la mesebetsi ea bona kapa thuto. Kapa e ka ’na eaba ke batho ba tsebahalang phuthehong ea Bokreste. Haeba ho na le hoo e leng ’nete ka batsoali ba hao, ka linako tse ling u ka ’na ua ba le maikutlo a hore ho shebiloe uena le hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang e lula e hlahlobisisoa. U ka ’na ua nyatsa khatello eo u e utloang ea hore u itšoare ka litsela tse itseng ka lebaka feela la hore na batsoali ba hao ke bo mang.
Ka mohlala, ntate oa Ivan o sebeletsa e le moholo phuthehong ea habo ea Lipaki Tsa Jehova. Ivan o re: “Kaha Ntate o ne a tsebahala haholo a bile a hlomphuoa, kamehla ke ne ke ikutloa ke tlameha ho ba mohlala sekolong le lapeng. Ke ne ke e-na le maikutlo a hore ke sebelisoa ke le mohlala ke batsoali ba bang bakeng sa kamoo ba lebeletseng hore bana ba bona ba itšoare kateng. Le hoja e ne e le ho rorisoa ka mokhoa o tlōlisang, sena se ile sa mpeha tlas’a khatello ea hore ke itšoare ka tsela e behang mohlala ka pel’a ba bang. Ka lebaka leo, ka linako tse ling ke ne ke haelloa ke boikokobetso ebe ke hlōleha ho hlokomela mefokolo ea ka.” Alexander o re: “Ke ne ke ikutloa eka ke shebiloe ka linako tsohle le hore haeba ke entse phoso, ke ne ke se ke ntse ke loketse ho suptjoa ka menoana.”
Larry, ea qotsitsoeng kenyelletsong, o ile a leka ho qoba hore ho lebisoe tlhokomelo ho eena ka ho pata fane ea hae. O re: “Ha ke ne ke kopana le batho bao ke qalang ho ba bona ’mokeng oa boithabiso, ke ne ke ee ke re, ‘Lumelang, lebitso la ka ke Larry,’ ebe ke fella moo—ke sa bolele fane ea ka. Ha ho khoneha, ke ne ke ee be ke saene liforomo ka lebitso la ka feela. Ke ne ke tšaba hore batho ba tla ntšoara ka tsela e fapaneng haeba ba tseba hore na Ntate ke mang. Ke ne ke rata hore lithaka tsa ka li ntšoare ka tsela e tloaelehileng.”
Ha e le hantle ke ntho e utloahalang hore ba bang ba ka lebella ho hongata ho uena haeba ntate oa hao a sebeletsa e le moholo oa Mokreste kapa e le mohlanka ea sebeletsang. Etsoe banna ba khethetsoeng ho ba maemong ao e lokela ho ba “ba okamelang bana le ba matlo a bona ka mokhoa o motle.” (1 Timothea 3:5, 12) Joale, hase feela batho ba lebellang hore u be mohlala! Empa na hoo ke ntho e mpe ka ho feletseng? Eseng ha u nahana hore mocha oa Mokreste Timothea, ha e sa ntse e le mocha, o ile a khethoa ke Pauluse hore a tsamaee le eena le ho kopanela mosebetsing oa bohlokoa oa bosebeletsi. (1 Bathesalonika 3:1-3) Kahoo u lokela ho loanela ho ba mohlala, ebang ntate oa hao ke moholo ea khethiloeng kapa che.
Bofetoheli ke Khetho e Fosahetseng
Ho ntse ho le joalo, bacha ba bang ba leka ho intša lekokong la batsoali ba bona ka ho ba bafetoheli. Ivan o re: “Ho ne ho e-na le linako tseo ho ba mohlala ho neng ho nkhalefisa. Ke ne ke rabela ka hore na nka tlohella moriri oa ka o be molelele hakae pele ho ba le ea buang ho hong.”
Absalome, e mong oa bara ba Morena Davida, o ile a latela tsela ea bofetoheli. Ntate oa hae o ne a tumme ka boinehelo ba hae ho Jehova ’me ba bangata sechabeng sa Iseraele ba ne ba mo rata. Ho ne ho lebeletsoe ho hongata ho Absalome joaloka mora oa Davida. Empa ho e-na le ho phelela se lebeletsoeng ho eena, Absalome o ile a khetha ho iketsetsa lebitso ka boeena ka ho fetohela ntat’ae. Kaha Davida e ne e le moemeli oa Jehova ea khethiloeng, Absalome o ne a hlile a fetohela Jehova. Liketso tsa hae li ile tsa tlisetsa lelapa lihlong ’me eena a ipakela tlokotsi.—2 Samuele 15:1-15; 16:20-22; 18:9-15.
Ka ho tšoanang bofetoheli bo ka ba le liphello tse tšabehang ho uena. Nahana ka seo Bibele e re bolellang sona ka Nehemia. Tse ling tsa lira tsa hae li ile tsa leka ho mo qhekella hore a oele boitšoarong ba boetsalibe. Hobane’ng? Nehemia o re: “E le hore ba ka senya botumo ba ka le ho ntlotlolla.” (Nehemia 6:13, Today’s English Version) Bofetoheli bo ka u fa lebitso le lebe—leo batho ba ka ’nang ba thatafalloa ke ho le lebala.
Se sa lokelang ho hlokomolohuoa ke phello eo boitšoaro ba bofetoheli bo ka bang le eona ho ba bang. Ke taba e tebileng hobane u ka bakela batsoali ba hao mesarelo ho sa hlokahale. (Liproverbia 10:1) Liketso tsa hao li ka boetse tsa ama le bacha ba bang hampe. Ivan oa lumela: “Boitšoaro ba ka bo bile le phello e mpe ho moena oa ka. Ka nako e itseng o ile a lahla phutheho ea Bokreste ka ho feletseng, a hahamalla lintho tsohle tseo a tsebang hore ha li lumellane le litekanyetso tsa Bibele. Ho thabisang ke hore o ile a hlaphoheloa ’me hona joale o sebeletsa Jehova hape ’me o thabile.”
Tsela e Molemo
Ngoana oabo Absalome ka malapa e leng Solomone, o ile a nka tsela e fapaneng. O ne a ikemiselitse ho ithuta ka boikokobetso ho ntat’ae, Davida. (1 Marena 2:1-4) Ho e-na le ho batla ho iphahamisa, Solomone o ile a batla ho iketsetsa lebitso le letle le Molimo. Hafeela a ne a etsa joalo, o ne a tlisetsa lelapa labo tlotla ’me a iketsetsa botumo ba ho ba e mong oa marena a maholohali a Iseraele.—1 Marena 3:4-14.
Mohlala o motle oa Solomone o ile oa totobatsa lintlha tse peli tsa bohlokoa: Ea pele, ha u iketsetse lebitso ka ho ikarola lelapeng leno, empa u iketsetsa lona ka ho ithuta litšoanelehong tse ntle tseo le nang le tsona. Koranta ea Adolescence e re: “Ho hang lilemo tsa bocha ha lia tlameha ho ba nako ea ho ikarola ho batsoali e le hore mocha a finyelle boikutlo bo matla ba ho tseba seo a hlileng a leng sona.” Bokhoni ba hao ba ho iketsetsa lebitso “ha bo sitisoe ke ho tšehetsoa ke batsoali,” koranta eo e tsoela pele, “empa [bo] matlafatsoa [ke hona].”
Ho thahasellisang ke hore Solomone ka boeena o ile a khothatsa: “Mamela ntat’ao ea u tsoetseng, ’me u se ke ua nyelisa ’m’ao hobane feela a tsofetse.” (Liproverbia 23:22) Ka ho hlakileng Solomone o ne a sa ngolle bana ba banyenyane hobane nakong eo batsoali ba seng ba “tsofetse,” ngoana e se e le motho e moholo. Ntlha ea bohlokoa ke efe? Esita le ha u se u hōlile u e-na le lelapa la hao, u ntse u ka rua molemo bohlaleng ba batsoali ba hao. Ivan o iponetse seo ka boeena. O re: “Ha ke ntse ke hōla, ke leka ho etsisa litšoaneleho tse hlaheletseng tsa batsoali ba ka ha ke ntse ke leka ho qoba liphoso tsa bona.”
Ntlha ea bobeli eo re ka e hlahlobang ke hore ntho ea bohlokoa ho Solomone e ne e se ho iketsetsa “lebitso,” empa ho thabisa Jehova. Ke ’nete hore ho ne ho lebeletsoe ho hongata ho eena joaloka mor’a Davida. Empa ho itšetleha ha Solomone ka Jehova ho ile ha mo nolofalletsa ho jara boikarabelo ba hae. Alexander o bile le maikutlo a tšoanang. O re: “Hona joale ke amohela taba ea hore hangata ho lebeletsoe ho hongata ho bana ba baholo. Ke ile ka etsa qeto ea ho sebelisa sena ka tsela e molemo, ’me ho ipakile e le tšireletso ho ’na. Ke ile ka hlokomela hore tsela eo Jehova a ntalimang ka eona ke eona ntho ea bohlokoahali. O ntseba seo ke leng sona, eseng hore na ke amana le mang.”
Daryn, eo ntat’ae e bileng seithuti sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtowerb—e leng sekolo se koetlisang baromuoa—le eena o ithutile ho sebetsana ka katleho le ho ba le batsoali ba tsebahalang haholo. O re: “Ha ke ne ke kolobetsoa, ke ile ka inehela ho Jehova, eseng ho motho e mong. Ka ho phelela boinehelo ba ka ka hohle kamoo nka khonang, ke na le khotsofalo ea ho tseba hore Jehova o thabisoa ke ’na, esita le haeba ke sa khone ho finyella lintho tsohle tseo batsoali ba ka ba li entseng.”
Morena Solomone o buile tjena: “Esita le ka liketso tsa hae moshanyana o iketsa hore a hlokomeloe mabapi le hore na mosebetsi oa hae o hloekile ’me o lokile.” (Liproverbia 20:11) Qetellong ea tsohle, batho ba tla u hopola ka seo u se buileng le ho se etsa. E-ba mohlala “ho bueng, boitšoarong, leratong, tumelong, tlhoekong.” Haeba u le mohlala, batho ba tla u rata le ho u hlomphela seo u leng sona!—1 Timothea 4:12.
Leha ho le joalo, ho bacha ba bang, phephetso ke ho tsoa lekokong la bara le barali babo rōna ba finyeletseng ho hoholo bophelong. Sehlooho se latelang se tla tšohla kamoo ho ka tobanoang le phephetso ena kateng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Sekolo sa Gileade se laoloa le ho tsamaisoa ke Lipaki Tsa Jehova.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 26]
Bofetoheli bo mpa bo tla tlisetsa batsoali ba hao mesarelo le ho senya botumo ba hao feela
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Mohlala oa hao o motle o ka tsoela ba bang molemo