Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 6/8 maq. 8-26
  • Ho Atleha le ho Hlōleha ho Loantša Mafu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Atleha le ho Hlōleha ho Loantša Mafu
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehla ea Lithibela-mafu
  • Ho Hlōla ha Saense ea Meriana
  • Ho Hlōleha ho Loantša Mafu
  • “Na re Atlehile Haholoanyane Kajeno?”
  • Ho Iphetetsa ha Likokoana-hloko
    Tsoha!—1996
  • Kamoo Likokoana-hloko Tseo Tse Manganga li Boeang Sekoele
    Tsoha!—2003
  • Mafu a Seoa Lekholong la Bo20 la Lilemo
    Tsoha!—1997
  • Hase Joale ho Loaneloa Bophelo bo botle ba ’Mele
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 6/8 maq. 8-26

Ho Atleha le ho Hlōleha ho Loantša Mafu

KA LA 5 August, 1942, Dr. Alexander Fleming o ile a hlokomela hore e mong oa bakuli ba hae ebile e le motsoalle, o ne a le makhatheng a lefu. Monna enoa ea lilemo li 52 o ne a tšoeroe ke meningitis ea mokokotlo, ’me ho sa tsotellehe boiteko bohle ba Fleming, motsoalle oa hae joale o ne a se a bile a akhehile nako e telele.

Lilemo tse 15 pejana ho moo, Fleming o ne a ile a oelana le ntho e ’ngoe e hlahisoang ke hlobo e boputsoa bo botala. O ile a e bitsa penicillin. O ne a hlokometse hore e na le matla a ho bolaea baktheria; empa o ne a sitoa ho hlahisa penicillin e hloekileng, ’me o ne a ile a etsa liteko tsa eona feela e le e hloekisang maqeba. Leha ho le joalo, ka 1938, Howard Florey le sehlopha sa habo se etsang liphuputso Univesithing ea Oxford ba ile ba leka ho hlahisa e lekaneng bakeng sa ho lekoa bathong. Fleming o ile a letsetsa Florey, ea ileng a re o tla romela penicillin eohle eo a nang le eona. E ne e le monyetla oa ho qetela oa Fleming oa hore a pholose motsoalle oa hae.

Hore a entoe nameng ka penicillin ho ile ha ipaka ho sa lekana, kahoo Fleming o ile a kenya sethethefatsi seo ka ho toba lesapong la mokokotlo la motsoalle oa hae. Penicillin e ile ea bolaea likokoana-hloko tseo; ’me ka mor’a beke feela, mokuli oa Fleming o ile a tsoa sepetlele a folile ka ho feletseng. Ho ne ho hlahile mehla ea lithibela-mafu, ’me ho ne ho finyeletsoe bohato ba bohlokoa ntoeng ea motho ea ho loantša mafu.

Mehla ea Lithibela-mafu

Ha li ne li qala ho hlaha, lithibela-mafu li ne li bonahala e le lithethefatsi tsa mohlolo. Tšoaetso eo pele e neng e sa phekolehe e bakoang ke libaktheria, fungi kapa likokoanyana tse ling tse nyenyane haholo, joale li ne li ka phekoloa ka katleho. Ka lebaka la meriana e mecha, mafu a bakoang ke meningitis, pneumonia le scarlet fever a fokotsehile haholo. Tšoaetso eo motho a neng a e fumana ha a le sepetlele, eo pele e neng e bolela lefu, e ne e se e phekoloa matsatsing a seng makae.

Ho tloha mehleng ea Fleming, bafuputsi ba qapile lithibela-mafu tse ngata tse eketsehileng, ’me ho batla mefuta e mecha ho ntse ho tsoela pele. Lilemong tse 60 tse fetileng, lithibela-mafu li fetohile libetsa tsa bohlokoahali ho loantšeng mafu. Hoja George Washington o ne a ntse a phela kajeno, ha ho pelaelo hore lingaka li ne li tla phekola ’metso oa hae ka lithibela-mafu, ’me mohlomong o ne a tla hlaphoheloa ka nako e ka etsang beke. Lithibela-mafu li thusitse hoo e batlang e le rōna kaofela ho felisa litšoaetso tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, hoa totobala hore ho na le moo lithibela-mafu li haelloang teng.

Ho phekoloa ka lithibela-mafu ha ho sebetse mafung a bakoang ke livaerase, a kang AIDS kapa ntaramane. Ho feta moo, batho ba bang ba hlōloa ke mefuta e meng ea lithibela-mafu. Lithibela-mafu tse nang le matla a ho bolaea mefuta e mengata ea likokoana-hloko li ka ’na tsa bolaea le likokoanyana tse nyenyane haholo tse molemo tse ’meleng ea rōna. Empa mohlomong bothata bo boholohali ka lithibela-mafu ke ho li sebelisa ho tlōla kapa ho se sebelise tseo ho fanoeng ka tsona kaofela.

Ho se sebelisoe ha tsona kaofela ho etsahala ha bakuli ba sa qete lithibela-mafu tseo ba li filoeng ke ngaka, ebang ke hobane ba ikutloa ba hlaphohetsoe kapa hobane li nka nako e telele haholo. Ka lebaka leo, lithibela-mafu li ka ’na tsa se ke tsa bolaea libaktheria tsohle tse kotsi, tsa lumella tse manganga hore li phele ’me li ngatafale. Sena se etsahetse hangata tabeng ea ho phekoloa ha lefuba.

Lingaka le lihoai li ’nile tsa e-ba molato oa ho sebelisa meriana ena e mecha ho tlōla tekano. Buka ea Man and Microbes ea hlalosa: “Hangata lithibela-mafu li ’nile tsa fanoa ho sa hlokahale United States, ’me li bile li sebelisoa ho sa khethoe linaheng tse ling tse ngata. Li ’nile tsa feptjoa liphoofolo ka bongata bo boholo, eseng ho phekola mafu empa ho potlakisa khōlo ea tsona; lena ke lona lebaka le ka sehloohong la ho eketseha ha likokoana-hloko tse manganga.” Buka eo e lemosa hore phello ke hore “re ka ’na ra felloa ke lithibela-mafu tse ncha.”

Empa kantle le ho ameha ka likokoana-hloko tsena tse manganga, halofo ea bobeli ea lekholo lena la bo20 la lilemo e ne e le nako ea tlhōlo ea bongaka. Bafuputsi ba bongaka ho bonahala ba khona ho fumana meriana e loantšang hoo e ka bang lefu leha e le lefe. ’Me moento o bile oa fana ka tebello ea ho thibela maloetse.

Ho Hlōla ha Saense ea Meriana

The World Health Report 1999 e itse: “Ho thibela mafu ka ho entoa ke ntho e khōlō e kileng ea finyelloa ka katleho historing.” Ho se ho pholositsoe bophelo ba batho ba limilione, ka thuso ea letšolo le leholo la ho entoa lefatšeng ka bophara. Lenaneo la ho entoa lefatšeng lohle le felisitse sekholopane—lefu le bolaeang, le bolaileng batho ba bangata ho feta ba bolailoeng lintoeng tsohle tsa lekholo la bo20 la lilemo li kopane—’me le letšolo le tšoanang le batlile le felisa pholio ka ho feletseng. (Bona lebokose “Ho Hlōloa ha Sekholopane le Pholio.”) Hona joale bana ba bangata ba enteloa ho sireletsoa maloetseng a tloaelehileng a sokelang bophelo.

Mafu a mang a fokolitsoe bohale ntle ho boikitlaetso bo boholo. Mafu a fumanoang metsing a joaloka k’holera e ba ka seoelo a bakang mathata moo ho nang le bohloeki le phepelo e ntle ea metsi. Linaheng tse ngata, ho eketseha ha lingaka le ho fumaneha ha lipetlele ho bolela hore mafu a mangata a ka fumanoa ’me a phekoloa pele a bolaea. Ho ja ka tsela e nepahetseng le ho phela maemong a matle, hammoho le ho tiisa hore molao o mabapi le ho tšoaroa ho nepahetseng ha lijo le ho li boloka oa sebetsa, le hona ho tlatselitse ho ntlafatseng bophelo ba sechaba.

Hang ha litsebi tsa saense li sibolla lisosa tsa mafu a tšoaetsanoang, ba boholong ho tsa bophelo bo botle ba ka nka mehato e metle ea ho thibela seoa hore se se ke sa jaleha. Nahana ka mohlala o le mong feela. Ho qhoma ha seoa sa ho ruruha litšoelesa San Francisco ka 1907 ho ile ha bolaea batho ba fokolang hobane motse o ile oa potlakela ho ntša letšolo la ho felisa likhoto tseo matsetse a tsona a neng a fetisa lefu lena. Ka lehlakoreng le leng, ho tloha ka 1896, lona lefu leo le ile la bolaea batho ba limilione tse leshome India lilemong tse latelang tse 12 hobane ho ne ho e-s’o tsejoe sesosa sa lona.

Ho Hlōleha ho Loantša Mafu

Ka ho hlakileng, ho se ho hlōtsoe lintoa tse khōlō. Empa ho hlōloa hona ha mafu a mang sechabeng ho etsahetse feela linaheng tse ruileng. Mafu a phekolehang a ntse a bolaea batho ba limilione, ka lebaka feela la ho haella ha lichelete. Linaheng tse tsoelang pele batho ba bangata ba ntse ba haelloa ke maemo a bohloeki, tlhokomelo ea bophelo bo botle le ho fumana metsi a hloekileng. Ho ’nile ha e-ba thata ho finyella lintho tsena tse hlokahalang ka lebaka la batho ba bangata ba fallang ho tloha libakeng tsa mahaeng ho ea metseng e meholo ea lefatše le tsoelang pele. Ka lebaka leo, libaka tse futsanehileng tsa lefatše li imetsoe ke seo Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o se bitsang “ho fumana karolo e khōlō ea maloetse ho feta libaka tse ling.”

Ho haelloa ke ponelo-pele ka lebaka la boithati ke lebaka le ka sehloohong la ho se leka-lekane hona tabeng ea bophelo bo botle. Buka ea Man and Microbes e re: “A mang a mafu a bolaeang a tšoaetsanoang ka ho fetisisa lefatšeng a bonahala a le hōle le linaha tse ling. A mang a ana a fumaneha feela libakeng tse futsanehileng tsa litropike kapa tse moeling oa tsona.” Kaha ho ka ’na ha etsahala hore li se rue molemo ka ho toba, linaha tse tsoetseng pele tse ruileng le lik’hamphani tse etsang meriana li lekhonono ho fana ka lichelete bakeng sa ho phekoloa ha maloetse ana.

Boitšoaro ba batho ba ho se tsotelle le bona bo tlatsetsa ho jaleheng ha mafu. Mohlala o ka sehloohong oa ’nete e babang ea taba ena ke o bonahalang tabeng ea vaerase ea AIDS, e fetisetsanoang ka maro a ’mele. Ka lilemo tse seng kae feela, seoa sena se namme le lefatše lohle ka lebelo le tšosang. (Bona lebokose le reng “AIDS—Seoa sa Mehla ea Rōna.”) Setsebi se sebetsanang le boemo ba mafu sechabeng, Joe McCormick, se tiisitse sena ka hore “batho ba ikentse. ’Me hase taba ea hore ho ahloloa boitšoaro ba batho, empa eona ke ’nete e lutse e le joalo.”

Ho tlile joang hore batho ba jale vaerase ea AIDS e se ka boikemisetso? Buka ea The Coming Plague e thathamisa mabaka a latelang: Maemo a fetohang sechabeng—haholo-holo tloaelo ea ho kopanela liphate le batho ba bangata—ho entse hore ho qhome mafu a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, e leng ho nolofalletsang vaerase eo ho itsetsepela mothong a le mong ea e jallang ba bangata. Ho sebelisoa ho atileng ha linale tse silafetseng le tse kopanetsoeng bakeng sa ho sebelisoa ke lingaka linaheng tse ntseng li hōla, kapa li sebelisetsoa lithethefatsi tse seng molaong, li bile le phello e tšoanang. Khoebo ea mali ea liranta tse likete tse limilione le eona e tlatselitse hore vaerase ea AIDS e fetisetsoe ho batho ba mashome-shome ke motho a le mong ea fanang ka mali.

Joalokaha ho boletsoe pejana, ho sebelisoa ho tlōla kapa ho se sebelisoe ha lithibela-mafu kaofela ho tlatselitse ho hlaheng ha likokoana tsena tse manganga. Bothata bona bo tebile ’me bo ntse bo mpefala. Baktheria ea Staphylococcus eo hangata e etsang hore tšoaetso ea leqeba e petle, e ne e atisa ho phekoloa habonolo feela ke lintho tse nang le penicillin. Empa hona joale lithibela-mafu tsena hangata ha li sa sebetsa. Kahoo lingaka li tlameha ho retelehela lithibeleng-mafu tse ncha, le tse theko e phahameng tseo lipetlele tse linaheng tse ntseng li hōla li ke keng tsa li khona. Esita le lithibela-mafu tse ncha li ka ’na tsa sitoa ho loantša likokoana-hloko tse ling, e leng ho etsang hore batho ba tšoaetsoe haholo ha ba le lipetlele ’me ba shoe ka bongata. Dr. Richard Krause, eo e kileng ea e-ba motsamaisi oa U.S. National Institute of Allergy and Infectious Diseases, ka ho toba o hlalosa boemo bo teng hona joale e le “seoa sa likokoana-hloko tse manganga.”

“Na re Atlehile Haholoanyane Kajeno?”

Joale, qalong ea lekholo la bo21 la lilemo, ho hlakile hore tšokelo ea maloetse ha e e-s’o fele. Ho jaleha ho sa khaotseng ha AIDS, ho hlaha ha likokoana-hloko tseo lithethefatsi li seng li kuba ka holimo, le ho boea sekoele ha mafu a khale a bolaeang a kang lefuba le malaria, ho bontša hore ho loantša maloetse ho ntse ho tsoela pele.

Mohapi oa Khau ea Nobel, Joshua Lederberg o ile a botsa: “Na re atlehile haholoanyane kajeno ho feta lekholong le fetileng la lilemo?” O itse: “Mabakeng a mangata re boemong bo bobe le ho feta. Re ’nile ra hlokomoloha likokoana-hloko, ’me joale re kotula seo re se jetseng.” Na litšitiso tseo li ka hlōloa ka boikemisetso bo tiileng ba botsebi ba saense ea tsa meriana le lichaba tsohle tsa lefatše? Na maloetse a tšoaetsanoang a ka sehloohong a tla qetella a felisitsoe, joalokaha ho ile ha felisoa sekholopane? Sehlooho sa rōna sa ho qetela se tla tšohla lipotso tsena.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ho Hlōla Sekholopane le Pholio

Qetellong ea October 1977, Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO) o ile oa fumana moneketsela oa ho qetela oa motho ea tšoeroeng ke sekholopane ka tsela e tloaelehileng. Ali Maow Maalin, moapehi oa sepetlele ea lulang Somalia, ha aa ka a hlaseloa ke lefu lena ka matla, ’me o ile a boela a hlaphoheloa ka mor’a libeke tse seng kae. Batho bohle ba ileng ba kopana le eena ba ile ba entoa.

Lingaka li ile tsa leta lilemo tse peli tse telele ka taba-tabelo. Ho ile ha fanoa ka moputso oa R7 000 ho mang kapa mang ea neng a ka tlaleha “motho ea tšoeroeng ke sekholopane.” Ha ho motho ea ileng a atleha ho fumana moputso oo, ’me ka la 8 May, 1980, ka molao WHO e ile ea tsebisa phatlalatsa hore “Lefatše le batho bohle ba lona ba lokolohile sekholopaneng.” Lilemo tse leshome tse neng li sa tsoa feta, sekholopane se ne se bolaea batho ba ka bang limilione tse peli ka selemo. Ka lekhetlo la pele historing, lefu le leholo le tšoaetsanoang le ne le felisitsoe.a

Pholio, boloetse ba bongoaneng le bo fokolisang, le eona ho ne ho bonahala ho e-na le tšepo ea hore e tla felisoa. Ka 1955, Jonas Salk o ile a etsa ente e sebetsang ea pholio, ’me ho ile ha bolotsoa letšolo la ho enteloa pholio United States le linaheng tse ling. Hamorao ho ile ha etsoa moriana o nooang. Ka 1988, WHO e ile ea ntša lenaneo la ho felisa pholio lefatšeng ka bophara.

Dr. Gro Harlem Brundtland, eo ka nako eo e neng e le mookameli ea ka sehloohong oa WHO, oa tlaleha: “Ha re ne re qala boiteko ba ho e ntša ka metso ka 1988, pholio e ile ea holofatsa bana ba fetang 1000 ka letsatsi. Ka 2001, ho ne ho e-na le ba ka tlaase ho 1000 hōle bakeng sa selemo kaofela.” Hona joale pholio e se e setse linaheng tse leshome feela, le hoja ho tla hlokahala chelete e eketsehileng ho thusa linaha tsena hore li felise boloetse bona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sekholopane e ne e le mohlala o loketseng oa boloetse bo ka loantšoang ka letšolo la machaba la ho entoa hobane, ho fapana le maloetse a mang a jaloang ke liphoofotsoana tse likhathatso joaloka litoeba le likokoanyana, vaerase ea sekholopane e itšetlehile ka motho hore e phele.

[Setšoantšo]

Moshanyana oa Moethiopia o noesoa ente ea pholio

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© WHO/P. Virot

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]

AIDS—Seoa sa Mehla ea Rōna

AIDS e hlahile e le tšokelo e ncha ea lefatše. Lilemo tse 20 ka mor’a hore e sibolloe, ho se ho tšoaelitsoe batho ba fetang limilione tse 60. ’Me ba boholong lefapheng la bophelo bo botle ba lemosa hore seoa sa AIDS se sa ntse se le “methating e qalang.” Lebelo leo batho ba tšoaetsoang ka lona le “phahamela holimo ho feta kamoo ho neng ho nahannoe kateng pele,” ’me liphello libakeng tseo e hlileng e fihlileng ka matla ho tsona ke tse tšosang.

Tlaleho ea Machaba a Kopaneng e ea hlalosa: “Boholo ba batho ba phelang ba e-na le HIV/AIDS lefatšeng ka bophara ba sa le bacha lilemong.” Ka lebaka leo, ho lumeloa hore linaha tse ’maloa tsa Afrika e ka boroa li tla lahleheloa ke karolo e pakeng tsa 10 le 20 lekholong ea basebetsi ka selemo sa 2005. Tlaleho eo e boetse e re: “Ka karolelano, batho ba Afrika ba karolong e ka boroa ho Sahara ba phela lilemo tse 47 hona joale. Hoja e ne e se ka AIDS, e ka be e le lilemo tse 62.”

Ho tla fihlela joale boiteko ba ho fumana ente e thibelang lefu lena bo ipakile bo hlōlehile, ’me ke karolo ea 4 lekholong feela ea batho ba tšoeroeng ke AIDS ba leng linaheng tse tsoelang pele ba amohelang pheko ea meriana. Hona joale, AIDS ha e na pheko, ’me lingaka li lumela hore boholo ba batho ba tšoaelitsoeng ba tla qetella ba tšoeroe ke lefu lena.

[Setšoantšo]

Lisele tse tšoeu tsa T tse tšoaelitsoeng ke vaerase ea HIV

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Godo-Foto

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Mosebetsi oa laboratori o hlahloba vaerase eo ho leng thata ho e loantša

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

CDC/Anthony Sanchez

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela