Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 6/8 maq. 19-22
  • Hase Joale ho Loaneloa Bophelo bo botle ba ’Mele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hase Joale ho Loaneloa Bophelo bo botle ba ’Mele
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefu la Seoa la Lekholong la Bo14 la Lilemo
  • Sekholopane se Etsa Mofela Linaheng Tsa Amerika
  • Ntoa ha e E-s’o Hlōloe
  • Lefatše le se Nang Maloetse
    Tsoha!—2004
  • Mafu a Seoa Lekholong la Bo20 la Lilemo
    Tsoha!—1997
  • Ho Atleha le ho Hlōleha ho Loantša Mafu
    Tsoha!—2004
  • Ho Iphetetsa ha Likokoana-hloko
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 6/8 maq. 19-22

Hase Joale ho Loaneloa Bophelo bo botle ba ’Mele

JOANNE o ne a lula New York, ’me o ne a tšoeroe ke lefuba (TB). Empa boloetse ba hae e ne e se TB e tloaelehileng. O ne a e-na le mofuta o ipheto-phetolang o hanang hoo e ka bang lithethefatsi tsohle ’me o bolaea halofo ea liphofu tsa oona. Leha ho le joalo, Joanne, ha aa ka a batla phekolo kamehla, ’me o ne a se a tšoaelitse ba bang TB. Ngaka ea hae e ferekaneng e ile ea re: ‘O lokela ho koalloa.’

TB ke ’molai oa khale haholo. Batho ba limilione ba ile ba hlokofatsoa le ho bolaoa ke TB. Bopaki ba boloetse bona bo ’nile ba fumanoa litopong tse tlotsitsoeng ka metsoako e thibelang ho bola tsa Egepeta ea boholo-holo le Peru. Kajeno mafu a hlahang bocha a TB a bolaea batho ba ka bang limilione tse peli selemo le selemo.

Carlitos, a paqame ka mokhorong oa Seafrika, o thuntse mofufutso phatleng. Malaria e mo fokolisitse hoo a sitoang le ho lla. Batsoali ba hae ba tšoenyehileng ba ne ba se na chelete ea meriana, ’me ho ne ho se na tleliniki haufinyane moo ba neng ba ka fumana tlhokomelo ea bongaka bakeng sa ngoana oa bona e monyenyane. Feberu ha ea ka ea theoha ’me pele ho fela lihora tse 48, o ne a shoele.

Malaria e bolaea bana ba ka bang milione ba kang Carlitos selemo le selemo. Metseng ea Afrika Bochabela, bana ba bangata ba longoa ke menoang e nang le malaria ka makhetlo a pakeng tsa 50 le 80 ka khoeli. Lithethefatsi tse thibelang malaria ha li sa sebetsa, le menoang ena e namela libakeng tse ncha. Selemo se seng le se seng, batho ba hakanyetsoang ho ba limilione tse 300 ba tšoaroa ke malaria e ba hlaselang ka sekhahla.

Kenneth, monna ea lilemo li 30 ea lulang San Francisco, California, o ile a ea ngakeng ea hae ka lekhetlo la pele ka 1980. O ne a lla ka letšollo le mokhathala. Selemo hamorao o ne a shoele. Ho sa tsotellehe tlhokomelo eo a neng a e fuoa ke litsebi tsa bongaka, ’mele oa hae o ’nile oa mamarana ’me qetellong a bolaoa ke pneumonia.

Lilemo tse peli hamorao le hona e le lik’hilomithara tse 16 000 ho tloha San Francisco, mosali e mong e mocha ka leboea ho Tanzania o ile a qala ho ba le matšoao a tšoanang. Ka mor’a libeke tse seng kae, o ne a se a sa khone ho tsamaea, ’me kapele ka mor’a moo o ile a shoa. Batho ba motse ba ile ba reha boloetse bona bo makatsang lefu la Juliana, hobane monna ea neng a rekisa masela a khabisitsoeng ka lebitso leo la Juliana, ho bonahala a ne a mo tšoaelitse eena hammoho le basali ba bang ba moo.

Kenneth hammoho le mosali eo oa Tanzania ba ne ba e-na le lefu le tšoanang: AIDS. Mathoasong a bo-1980, hang ha ho bonahala eka saense ea meriana e khonne ho laola likokoana-hloko tsena tse kotsi ka ho fetisisa, ho ile ha hlaha lefu lena le lecha le tšoaetsanoang le sa khaotseng ho tšoenya batho. Nakong ea lilemo tse mashome a mabeli, lenane la ba bolailoeng ke AIDS le ile la qala ho qothisana lehlokoa le seoa se ileng sa fiela Eurasia lekholong la bo14 la lilemo—lefu la seoa leo Europe e ke keng ea le lebala le ka mohla.

Lefu la Seoa la Lekholong la Bo14 la Lilemo

Ho qhoma ha lefu la seoa le bitsoang Lefu la Seoa la Lekholong la Bo14 la Lilemo le ka saloa morao ho fihlela ka 1347, ha sekepe se tsoang Crimea se ne se emisa Messina, sehlekehlekeng sa Sicily. Kantle le thepa ea sona e tloaelehileng, sekepe seo se ne se boetse se nkile seoa.a Hang-hang Lefu la Seoa la Lekholong la Bo14 la Lilemo, le ile la nama ho pholletsa le Italy.

Selemong se latelang, Agnolo di Tura, oa Siena, Italy, o ile a hlalosa masetla-libete a motseng oa habo tjena: ‘Ho shoa ha batho Siena ho qalile ka May. E ne e le ntho e sehlōhō le e tšabehang. Batho ba neng ba tšoeroe ke seoa sena ba ne ba e-shoa hang-hang. Ba ne ba e-shoa ka makholo, bosiu le motšehare.’ Oa phaella: ‘Ke ile ka pata bana ba ka ba bahlano ka matsoho ana a ka, ’me ho bile joalo le ho ba bang ba bangata. Ho ne ho se ea llang ho sa tsotellehe hore na o ne a lahlehetsoe hakae hobane hoo e ka bang e mong le e mong o ne a lebeletse lefu. Ho ile ha shoa batho ba bangata hoo bohle ba ileng ba lumela hore ke bofelo ba lefatše.’

Bo-rahistori ba bang ba re, ka mor’a lilemo tse ’nè feela seoa seo se ne se se se namme ho pholletsa le Europe ’me hoo e ka bang karolo ea boraro ea baahi e ne e lahlehetsoe ke bophelo—mohlomong batho ba pakeng tsa limilione tse 20 le 30. Esita le Iceland e hōle e ile ea ripitloa. Ho thoe Bochabela bo Hōle, palo ea baahi ba Chaena e ile ea theoha ho tloha ho ba limilione tse 123 qalong ea lekholo la bo13 la lilemo ho ea ho ba limilione tse 65 lekholong la bo14 la lilemo, ho bonahala e le ka lebaka la seoa seo le tlala e tsamaisanang le sona.

Ha ho seoa sa pele ho mona, ntoa, kapa tlala e kileng ea baka mahlomola a ileng a e-ja setsi hakana. Buka ea Man and Microbes e hlokometse hore “e ne e le koluoa eo ho seng e lekanang le eona historing ea batho. Ho ile ha shoa batho ba pakeng tsa kotara le halofo ea baahi ba Europe, Afrika Leboea le likarolo tsa Asia.”

Linaha Tsa Amerika li ile tsa pholoha thipitlo ea Lefu leo la Seoa, ka lebaka la ho ba thōko le lefatše lohle. Empa ka potlako likepe tse tsamaeang leoatleng li ile tsa felisa ho ba thōko hoo. Lekholong la bo16 la lilemo, leqhubu la mafu a seoa a ileng a ipaka a bolaea ho feta seoa seo a ile a ripitla Lefatše lena le Lecha.

Sekholopane se Etsa Mofela Linaheng Tsa Amerika

Ha Columbus a fihla West Indies ka 1492, o ile a hlalosa batho ba moo e le ba nang le ‘ponahalo e khahlang, ba nang le litšobotsi tse ntle le ba bolelele bo itekanetseng, ba koenneng.’ Leha ho le joalo, ho shebahala ha bona ba phetse hantle, ho ile ha koahela taba ea hore ba ntse ba ka hlaseloa habonolo ke mafu a Europe.”

Ka 1518 ho ile ha qhoma sekholopane sehlekehlekeng sa Hispaniola. Matsoalloa a Amerika a ne a e-s’o ka a tšoaroa ke sekholopane ’me liphello e bile tse tšabehang. Paki e boneng ka mahlo ea Spain e ile ea hakanya hore ke batho ba sekete feela sehlekehlekeng seo ba ileng ba pholoha. Kapele seoa seo se ile sa namela Mexico le Peru, ka liphello tse tšoanang.

Lekholong la lilemo le latelang, ha Bahahlauli ba fihla sebakeng sa Massachusetts ka Leboea ho Amerika, ba ile ba sibolla hore sekholopane se batlile se fiela baahi bohle ba naha eo. Moeta-pele oa Bahahlauli, John Winthrop, o ile a ngola: “Hoo e ka bang matsoalloa ’ohle a batlile a bolaoa ke sekholopane.”

Mafu a mang a seoa a ile a latela sekholopane. Ho latela buka e ’ngoe, hoo e ka bang lilemo tse 100 ka mor’a hore Columbus a fihle, mafu a tsoang linaheng tse ling a ne a se a fietse karolo ea 90 lekholong ea baahi ba Lefatše leo le Lecha. Baahi ba Mexico ba ne ba fokotsehile ho tloha ho ba limilione tse 30 ho ea ho tse tharo, ba Peru ho tloha ho ba limilione tse robeli ho ea ho e le ’ngoe. Ke ’nete hore matsoalloa a Amerika e ne e se ’ona feela bahlaseluoa ba sekholopane. Buka ea Scourge—The Once and Future Threat of Smallpox e re: “Ho pholletsa le histori ea batho, sekholopane se bolaile batho ba makholo a limilione, e leng batho ba bangata ho feta ba bolailoeng ke seoa . . . le lintoa tsohle tsa lekholo la bomashome a mabeli li kopane.”

Ntoa ha e E-s’o Hlōloe

Matsatsing ana, mafu a seoa a tšabehang le sekholopane a ka ’na a bonahala e le likoluoa feela tse etsahetseng khale tse ngotsoeng historing. Lekholong la bo20 la lilemo, moloko oa batho o hapile lintoa tse ngata tsa mafu a tšoaetsanoang, haholo-holo linaheng tse tsoetseng pele. Lingaka li sibolotse lisosa tsa maloetse a mangata, hape li fumane litsela tsa ho a phekola. (Bona lebokose leqepheng le latelang.) Liente tse ncha tse thibelang mafu le meriana e thibelang likokoana-hloko li ile tsa bonahala joaloka makhona-tsohle a fotholang esita le maloetse a manganga ka ho fetisisa.

Leha ho le joalo, joalokaha Dr. Richard Krause, eo e kileng ea e-ba motsamaisi oa U.S. National Institute of Allergy and Infectious Diseases, a totobatsa, “mafu a seoa a ke ke a qojoa joaloka lefu le lekhetho.” TB le malaria ha li e-s’o felisoe. ’Me seoa sa haufinyane tjena sa AIDS se fane ka khopotso e bohloko ea hore mafu a seoa a ntse a sokela lefatše. Buka ea Man and Microbes e re: “Maloetse a tšoaetsanoang e sa ntse e le sesosa se ka sehloohong sa lefu lefatšeng; a tla lula a le joalo nako e telele e tlang.”

Lingaka tse ling li tšoha hore ho sa tsotellehe tsoelo-pele e tsotehang mabapi le ho loantša boloetse, se finyeletsoeng lilemong tse mashome tse fetileng e ka ’na ea e-ba sa nakoana feela. Setsebi se sebetsanang le boemo ba mafu sechabeng, Robert Shope, sea lemosa: “Kotsi e bakoang ke maloetse a tšoaetsanoang ha e e-s’o fele—e ea mpefala.” Sehlooho se latelang se tla hlalosa lebaka.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Seoa seo se ile sa hlaha ka libōpeho tse ngata, ho akarelletsa seoa sa ho ruruha litšoelesa le se bakang pneumonia. Matsetse, a tsamaisoang haholo ke litoeba, a jala seoa sa mofuta o ruruhisang litšoelesa, ’me batho ba tšoaelitsoeng ha ba khohlela kapa ba thimola hangata ba jala mofuta o bakang pneumonia.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

Nakong ea lilemo tse mashome a mabeli, lenane la ba bolailoeng ke AIDS le ile la qala ho qothisana lehlokoa le seoa se ileng sa fiela Eurasia lekholong la bo14 la lilemo

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 22]

Tsebo Khahlanong le Tumela-khoela

Lekholong la bo14 la lilemo, ha Lefu leo la Seoa le sokela lelapa la mopapa Avignon, ngaka ea hae e ile ea mo tsebisa hore, taba ea hore ebe lipolanete tse tharo—e leng Saturn, Jupiter le Mars—li kolokile, e ne e le sona sesosa se ka sehloohong sa seoa sena.

Lilemo tse ka bang makholo a mane hamorao, George Washington o ile a robala a tšoeroe ke ’metso. Lingaka tse hlaheletseng tse tharo li ile tsa alafa tšoaetso eo ka ho ntša lilithara tse ka bang tse peli tsa mali methapong ea hae. Ka mor’a lihora tse seng kae, o ne a shoele. Ho ntša mali e ne le mokhoa o tloaelehileng oa bongaka ka lilemo tse 2 500—ho tloha mehleng ea Hippocrates ho fihlela bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo.

Le hoja tumela-khoela le lineano li ile tsa liehisa tsoelo-pele ea bongaka, lingaka tse inehetseng li ile tsa sebetsa ka thata ho sibolla lisosa tsa maloetse a tšoaetsanoang le ho phekoloa ha ’ona. Ka tlaase ke a mang a maloetse a ileng a fumaneloa pheko.

◼ Sekholopane. Ka 1798, Edward Jenner, o ile a atleha ho etsa ente ea sekholopane. Lekholong la bo20 la lilemo, ho entoa ho ’nile ha ipaka ho atleha ho thibela maloetse a mang, a kang pholio, yellow fever, maselese le rubella.

◼ Lefuba. Ka 1882, Robert Koch, o ile a fumana baktheria ea lefuba me a etsa liteko bakeng sa lefu leo. Lilemo tse ka bang 60 hamorao, streptomycin, sethibela-mafu se atlehang ho phekola lefuba, se ile sa sibolloa. Sethethefatsi sena se ile sa boela sa ipaka se le molemo mabapi le ho phekola lefu la ho ruruha litšoelesa.

◼ Malaria. Ho tloha lekholong la bo17 la lilemo ho ea pele, quinine—e fumanoang lekhapetleng la sefate sa cinchona—e pholositse bophelo ba batho ba limilione ba tšoeroeng ke malaria. Ka 1897, Ronald Ross o ile a fumana menoang ea Anopheles e le eona e jarang boloetse bona ’me ho laoloa ha menoang ho ile ha khothalletsoa hamorao ho fokotsa ho shoa ha batho linaheng tsa litropike.

[Setšoantšo]

Chate ea Zodiake (ka holimo) le ho ntšoa mali

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Both: Biblioteca Histórica “Marqués de Valdecilla”

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Kajeno, ho boea sekoele ha lefuba ho bolaea batho ba ka bang limilione tse peli selemo le selemo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

X ray: New Jersey Medical School–National Tuberculosis Center; man: Photo: WHO/Thierry Falise

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Mongolo oa Sejeremane o fatiloeng lejoeng, oa hoo e ka bang ka 1500, o bontša ngaka e apere ntho ea ho ikhakanya ho itšireletsa khahlanong le Lefu la Seoa la Lekholong la Bo14 la Lilemo. Molongoana oa eona o ne o tšetse senōko

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Godo-Foto

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Libaktheria tse bakang seoa sa ho ruruha litšoelesa

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Gary Gaugler/Visuals Unlimited

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela