Lefatše le se Nang Maloetse
“Linaha tsohle li lokela ho ba le moea oa tšebelisano le ho etsa bonnete ba hore ho na le tlhokomelo ea motheo bakeng sa batho bohle, kaha hore batho ba be le bophelo bo botle naheng leha e le efe ka ho toba ho ama le ho tsoela naha e ’ngoe le e ’ngoe molemo.”—ALMA-ATA DECLARATION, SEPTEMBER 12, 1978.
LILEMONG tse 25 tse fetileng, tlhokomelo ea mantlha ea bophelo bo botle bakeng sa e mong le e mong lefatšeng, ho ba bang e ne e bonahala e le pakane e ka finyelloang. Baemeli ba neng ba le Sebokeng sa Machaba Tabeng ea Tlhokomelo ea Mantlha ea Bophelo bo Botle, se neng se le Alma-Ata, moo e leng Kazakhstan hona joale, ba ile ba etsa qeto ea hore batho bohle ba be ba entetsoe maloetse a tšoaetsanoang a maholo ka selemo sa 2000. Hape ba ne ba e-na le tšepo ea hore hona selemong seo, lintho tsa bohloeki le tsa metsi a sireletsehileng li tla be li fumanoa ke e mong le e mong lefatšeng. Linaha tsohle tseo e leng litho tsa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO) li ile tsa saenela phatlalatso eo.
Ka sebele pakane eo e ne e le e ka thoholetsoang, empa se finyeletsoeng e bile se nyahamisang. Tlhokomelo ea mantla ea bophelo bo botle ho hang hase ea e mong le e mong, ’me maloetse a tšoaetsanoang a ntse a sokela bophelo bo botle ba batho ba limilione tse likete lefatšeng. ’Me maloetse ana a bolaeang hangata a hlasela bana hammoho le batho ba baholo nakong eo ba sa ntsaneng ba le matla.
Esita le tšokelo ea mafu a mararo, e leng la AIDS, lefuba le la malaria, ha e e-s’o susumelletse linaha hore li “be le moea oa tšebelisano.” Mokhatlo o sa tsoa thehoa oa Letlōle la Lefatše la ho Loantša AIDS, Lefuba le Malaria, o ile oa kōpa mebuso liranta tse limilione tse likete tse 90 ho thibela maloetse ana a seoa. Leha ho le joalo, lehlabuleng la 2002, ho ne ho fanoe ka limilione tse likete tse 13 feela tsa liranta—ha hona selemong seo, litšenyehelo tsa sesole tsona li ile tsa fihla cheleteng e hakanyelitsoeng ho libilione tse R4,8! Ka bomalimabe, lefatšeng la kajeno le arohaneng, ke litšokelo tse fokolang tse khonang ho kopanya lichaba tsohle molemong oa e mong le e mong.
Esita le haeba ba boholong ba na le boikemisetso bo botle, ba iphumana ba khinnoe matsoho ntoeng ea bona ea ho loantša maloetse a tšoaetsanoang. Ho ka etsahala hore mebuso e se ke ea fana ka chelete e hlokahalang. Likokoana-hloko li fetohile tse manganga lithethefatsing tse ngata, le batho ba ka ’na ba tsitlallela ho hahamalla mokhoa o itseng o behang bophelo ba bona kotsing haholo. Ho feta moo, mathata a ikhethang sebakeng se itseng a kang bofuma, ntoa le tlala, a nolofalletsa likokoana-hloko hore li atlehe ho hlasela batho ba limilione-milione.
Thahasello ea Molimo Bophelong ba Rōna bo Botle
Ho na le tharollo. Re na le bopaki bo hlakileng ba hore Jehova Molimo o thahasella bophelo ba moloko oa batho. Tsela eo ’mele ea rōna e itšireletsang ka eona mafung e fana ka bopaki bo ikhethang ba ho ameha hona. Melao e mengata eo Jehova a ileng a e fa Iseraele ea boholo-holo e senola takatso ea hae ea ho ba sireletsa maloetseng a tšoaetsanoang.a
Jesu Kreste, ea bonahatsang botho ba Ntate oa hae oa Leholimo, ka ho tšoanang o na le kutloelo-bohloko ho ba kulang. Kosepele ea Mareka e hlalosa ho kopana ha Jesu le motho ea tšoeroeng ke lepera. Molepera o ile a re: “Haeba u batla, u ka ntlhoekisa.” Jesu o ile a tlala khauho ha a lemoha bohloko le tšotleho tseo monna enoa a neng a li mamella. Jesu o ile a araba: “E hlile kea batla. Hloeka!”—Mareka 1:40, 41, Today’s English Version.
Ho phekola ha Jesu ka mohlolo ho ne ho sa felle feela ho batho ba seng bakae. Mongoli oa Kosepele Matheu o tlaleha hore Jesu o ile a “potoloha ho pholletsa le Galilea eohle, a ruta . . . le ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso le ho phekola lefu la mofuta o mong le o mong le mefokolo ea mofuta o mong le o mong har’a batho.” (Matheu 4:23) Phekolo ea hae ha ea ka ea thusa feela batho ba kulang ba Judea le ba Galilea. Ho phekoloa hoo ho re fa leseli la hore na mafu a mefuta-futa a tla qetella a nyametse joang ha ’Muso oa Molimo, oo Jesu a neng a bolela ka oona, o tla beng o busa, ho se ho se oo o qothisanang lehlokoa le ’ona.
Bophelo bo Botle Lefatšeng Hase Toro e ke Keng ea Etsahala
Bibele e re tiisetsa hore bophelo bo botle lefatšeng hase toro e ke keng ea etsahala. Moapostola Johanne o ile a bonela pele nakong eo ‘tente ea Molimo e tlang ho ba har’a batho.’ Ka lebaka la bohato bona bo nkiloeng ke Molimo, “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” Na eo ke ntho e ke keng ea etsahala? Temaneng e latelang, Molimo ka boeena oa phatlalatsa: “Mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.”—Tšenolo 21:3-5.
Ke ’nete hore ho fela ha maloetse ho tla bolela ho fela ha bofuma, tlala, le ntoa, kaha mahlomola ana hangata a tsamaisana le likokoana-hloko tse tšoaetsanoang. Ka hona, Jehova o fane ka mosebetsi ona o moholohali ’Musong oa Hae, puso ea leholimo e matsohong a Kreste. Ha o arabela lithapelong tse limilione tse etsoang ka tieo, ’muso ona o tla tla, ’me o tla etsa bonnete ba hore thato ea Molimo e ea etsoa lefatšeng.—Matheu 6:9, 10.
Re ka lebella hore ’Muso oa Molimo o tle neng? Ha a arabela potso eo, Jesu o ile a bolela esale pele hore lefatše le ne le tla bona letoto la liketsahalo tsa bohlokoa tseo li neng li tla fana ka pontšo ea hore ’Muso oo o tla tloha o nka bohato. O itse e ’ngoe ea litšobotsi tsena tse ikhethang, e ne e tla ba ho qhoma ha ‘mafu a seoa sebakeng se seng ka mor’a se seng.’ (Luka 21:10, 11; Matheu 24:3, 7) Lentsoe la Segerike bakeng sa “mafu a seoa” le bolela “boloetse bofe kapa bofe bo bolaeang, bo tšoaetsanoang.” Lekholo lena la bo20 la lilemo ka sebele le bile le ho qhoma ho tšabehang ha mafu a seoa, ho sa tsotellehe tsoelo-pele e entsoeng ke saense ea meriana.—Bona lebokose la “Mafu a Bakoang ke Mafu a Seoa ho Tloha ka 1914.”
Boprofeta bukeng ea Tšenolo, bo tšoanang le mantsoe a Jesu Likosepeleng, bo hlalosa banna ba ’maloa ba lipere ba tsamaea le Jesu Kreste ha a nka matla a puso leholimong. Mopalami oa bone o palame “pere e botala bo bosehla,” ’me ka lebaka leo o jala “lefu la seoa.” (Tšenolo 6:2, 4, 5, 8) Ha ho shejoa lenane la batho ba shoeleng ba bolaoa ke a mang a mafu a maholo a tšoaetsanoang ho tloha ka 1914, le tiisa hore mopalami enoa oa tšoantšetso haesale a palame. Mahlomola a teng lefatšeng ka bophara a bakoang ke “lefu la seoa” a fana ka bopaki bo tsoelang pele ba hore ho tla ha ’Muso oa Molimo ho haufi.b—Mareka 13:29.
Le hoja saense ea meriana e atlehile ho fokotsa ho ata ha mafu a tšoaetsanoang ka mashome a seng makae a lilemo, ho na le le leng le lecha le qalang ho re sokela. Ka ho hlakileng, re hloka tharollo e phahametseng ea motho ho rarollela mathata ana ruri. ’Mōpi oa rōna o tšepisa ho etsa sona seo. Moprofeta Esaia o re tiisetsa hore tlas’a ’Muso oa Molimo, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” Ho feta moo, “[Molimo] o tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.” (Esaia 25:8; 33:22, 24) Ha letsatsi leo le fihla, mafu a tla be a hlōtsoe ka ho feletseng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Molao oa Moshe o ne o e-na le litaelo tse mabapi le ho qhaloa ha litšila, likhoerekhoere, bohloeki le ho boloka batho ba mafu a itseng libakeng tse ka thōko. Dr. H. O. Philips o ile a re “linnete tsa bophelo ka tsoalo, ho fumana maloetse, ho a phekola le meriana ea ho a thibela joalokaha li fanoe ka Bibeleng, li tsoetse pele haholo ebile lia tšepahala ho feta likhopolo tsa Hippocrates.”
b Bakeng sa ho hlahlojoa ha litšobotsi tse eketsehileng tse pakang hore ho tla ha ’Muso oa Molimo ho haufi, bona khaolo ea 11 ea buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose le leqepheng la 28]
Mafu a Bakiloeng ke Mafu a Seoa ho Tloha ka 1914
Lipalo-palo tsena ha e le hantle ke likhakanyo. Leha ho le joalo, li bontša hore na mafu a seoa a hlasetse moloko oa batho ho tloha ka 1914 ho isa kae.
◼ Sekholopane (ba pakeng tsa limilione tse 300 le tse 500) Ho ne ho se pheko e atlehang bakeng sa sekholopane e kileng ea etsoa. Lenaneo le leholo la machaba la ho entoa qetellong le ile la atleha ho felisa lefu leo ka 1980.
◼ Lefuba (ba pakeng tsa limilione tse 100 le tse 150) Hona joale lefuba le bolaea hoo e ka bang batho ba limilione tse peli selemo le selemo, ’me hoo e ka bang motho a le mong ho ba bang le ba bang ba bararo lefatšeng o na le kokoana-hloko ea lefuba.
◼ Malaria (ba pakeng tsa limilione tse 80 le tse 120) Halofong ea pele ea lekholo la bo20 la lilemo, lenane la ba bolauoeng ke malaria le ne le le ka holimo ho ba ka bang limilione tse peli ka selemo. Karolo e khōlō ea batho ba shoang e likoloha karolong e ka boroa ho Sahara ea Afrika, moo malaria a ntseng a bolaea batho ba fetang milione ka selemo.
◼ Mokakallane (ba pakeng tsa limilione tse 20 le tse 30) Bo-rahistori ba bang ba bolela hore palo ea bafu e ne e feta eo hōle. Lefu lena la seoa le ile la fiela lefatše ka 1918 le 1919, hang ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše. Buka ea Man and Microbes e re: “Esita le seoa sa ho ruruha litšoelesa ha sea ka sa bolaea batho ba bangata ka potlako hakaalo.”
◼ Typhus (hoo e ka bang ba limilione tse 20) Mafu a seoa a typhus hangata a tsamaea le ntoa, ’me ntoa ea pele ea lefatše e ile ea khoephetsa seoa sa typhus se ileng sa ripitla linaha tsa Europe Bochabela.
◼ AIDS (ba fetang limilione tse 20) Seoa sena sa kajeno hona joale se bolaea batho ba limilione tse tharo selemo le selemo. Likhakanyo tsa lenaneo la Machaba a Kopaneng la AIDS le bontša hore “haeba ho sa nkoe mehato e matla ho thibela le ho phekola lefu lena, ho tla shoa batho ba limilione tse 68 . . . pakeng tsa 2000 le 2020.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
Tlas’a ’Muso oa Molimo, mafu a kang ana a ke ke a hlola a sokela batho
AIDS
Malaria
Lefuba
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
AIDS: CDC; malaria: CDC/Dr. Melvin; TB: © 2003 Dennis Kunkel Microscopy, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Jesu o ile a phekola mafu a mefuta eohle le mefokolo