Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha a Ntšoara Hampe Hakaale?
“Mohlankana oa ka o atisa ho nqosa ka lintho tse sa utloahaleng. Empa ha e le hantle, kea shoa kea ikepela ka eena.”—Kathrin.a
“Ponahalong ea ka ntle ho ne ho sa bonahale [maqeba leha e le afe], empa ke ne ke hlabeha haholo.”—Andrea, ea ileng a jabeloa ke mohlankana oa hae.
KE NTHO e tloaelehileng: Moroetsana o intša le mohlankana ea bonahalang a khahleha haholo le ea mekhoa e metle. Empa butle-butle o qala ho fetoha. Mantsoe a bontšang lerato a nkeloa sebaka ke lipolelo tse hlabang le tse nyatsang ka ho nyenyefatsa. Qalong moroetsana o qhelela lipolelo tsena ka thōko ka hore o li nka e le mesoaso feela e se nang taba eo ha e le hantle e leng ea lerato le mofuthu. Leha ho le joalo, lintho lia mpefala ’me ho ba le lipuo tse hlabang tse buuoang khafetsa, ho phatloha ka bohale le lipolelo tsa ho ikoahlaea ho tebileng. Ka tsela e itseng a ikutloa a ikarabella bakeng sa boitšoaro boo bo sa lokelang, moroetsana o shoa ka taba, a nahana hore lintho li tla loka. Empa ha li loke. Joale mohlankana oa hae o qala ho mo omanya le ho mo kharumela. Ka lekhetlo le leng ha a mo halefetse, o bile oa mo khothometsa. O tšoha hore lekhetlong le latelang o tla mo otla.b
Bahlankana le baroetsana ba ratanang, ba ikhethang ka ho otla kapa ho bua mantsoe a hlabang, ba ka ’na ba nesetsoa sefako sa lipolelo tsa nyatso, tse hlabang le tse bonahatsang bohale. Na u boemong bo joalo? (Bona lebokose le reng “Matšoao a Mang a Lemosang.”) Haeba ho joalo, e ka ’na eaba u tsielehile ebile u soabile hoo u sa tsebeng hore na u etse’ng.
Maemo a kang ana hase a sa tloaelehang joalokaha u ka nahana. Bafuputsi ba hakanya hore motho a le mong ho ba bahlano o kile a hlekefetsoa nakong ea lefereho. Haeba ho hlaba motho ka mantsoe ho nkoa e le mokhoa o mong oa tlhekefetso, khakanyo ena e nyolohela bathong ba bane ho ba bahlano. Ho fapana le maikutlo a batho ba bangata, hase baroetsana feela bao e leng liphofu tsa maemo ana. Ho ea ka phuputso ea Brithani ea pefo ea batho ba laetsanang, ho tlalehoa hore “hoo e ka bang karolo ea banna e lekanang le ea basali lekholong” ba ’nile ba hlokofatsoa ke bao ba ratanang le bona.c
Ke hobane’ng ha boitšoaro bo joalo bo ba teng leferehong? U lokela ho etsa’ng haeba u iphumana u le boemong bo joalo?
Ho Fumana Pono ea Molimo
Taba ea pele, u lokela ho hlokomela hore na boemo bo joalo bo tebile hakae mahlong a Molimo. Ke ’nete hore batho ba sa phethahalang ba sekamela ho bua le ho etsa lintho tse utloisang ba bang bohloko. (Jakobo 3:2) Hape ke ’nete hore esita le batho ba ratanang le ho tšepana ho tla ba le moo ba sa lumellaneng teng ka linako tse ling. Ka mohlala, moapostola Pauluse le Barnabase e ne e le Bakreste ba hōlileng tsebong. Empa, ka lekhetlo le leng ho ile ha e-ba le “ho phatloha ho hoholo ka bohale.” (Liketso 15:39) Kahoo haeba u intša le motho e mong, nako le nako ho ka ’na ha e-ba le tsitsipano.
Ho feta moo, e ne e tla ba ho sa utloahaleng ho lebella hore mohlankana oa hao le ka mohla a ke ke a u nyatsa ka ntho e itseng. Etsoe le nahana ho nyalana. ’Me haeba a tšoentsoe ke tšobotsi e ’ngoe kapa mokhoa o mong oa hao, na e ke ke ea e-ba ho bontša lerato hore a buisane le uena ka eona? Ke ’nete hore ho nyatsuoa ho bohloko. (Baheberu 12:11) Empa haeba ho susumetsoa le ho fanoa ka lerato, hase puo e khahlapetsang.—Liproverbia 27:6.
Leha ho le joalo, ke ntho e fapaneng ka ho feletseng ho jajabetsa motho ka bohale, ho mo jabela, ho mo tebela kapa ho mo rohaka. Bibele e nyatsa “khalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang.” (Bakolose 3:8) Jehova oa halefa ha motho a sebelisa “matla” ho tlontlolla, ho tšosa kapa ho hatella ba bang. (Moeklesia 4:1; 8:9) Ha e le hantle, Lentsoe la Molimo le laela banna “ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona . . . , kaha ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae; empa oa e fepa le ho e baballa.” (Baefese 5:28, 29) Monna ea nyefolang kapa ea tšoarang mosali eo a ratanang le eena hampe o itlhahatsa a sa tšoanelehe ho ba molekane oa lenyalo. Ka nako e tšoanang, o etsa hore Jehova Molimo a se ke a mo thabela!
Hase Molato oa Hao!
Empa, hangata bakhahlapetsi ba beha bahlaseluoa ba bona molato. Kahoo, mohlomong ka linako tse ling u ee u ikutloe eka u molato ha mohlankana oa hao a halefa haholo. Empa bohale ba hae e ka ’na eaba ha bo amane le uena ho hang kapa bo u ama hanyenyane. Hangata banna ba khahlapetsang ba hōletse malapeng ao ho ’ona ho sebelisoa ha pefo kapa puo e nyefolang ho neng ho nkuoa e le ntho e tloaelehileng.d Linaheng tse ling bahlankana ba susumetsoa ke tloaelo e atileng eo ho eona banna ba lebeletsoeng hore e be bona ba laolang. Lithaka le tsona li ka hatella mohlankana hore a itšoare joaloka monna. Ka lebaka la ho se itšepe, a ka ’na a ikutloa a sokeloa ke ntho efe kapa efe e buuoang kapa e etsoang.
Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ha u ikarabelle bakeng sa ho phatloha ha motho e mong ka bohale. Ha ho mohla puo e nyefolang le pefo li ka lokafatsoang.
Ho Fetola Maikutlo
Esita leha ho le joalo, ho ka ’na ha hlokahala hore tsela eo u talimang lintho ka eona e lokisoe. Joang? Nahana ka sena, haeba ngoanana a hōliselitsoe tikolohong eo pefo le puo e kotsi e atileng ho eona, boitšoaro ba ho khahlapetsa ho eena bo ka ’na ba bonahala bo tloaelehile. Ho e-na le ho bontša ho nyonya boitšoaro bo joalo boo e seng ba Bokreste, a ka ’na a bo mamella—mohlomong a bile a fumana bo mo khahla. E, bahlaseluoa ba bang ba tšoeroeng hampe baa lumela hore ba boroa ke banna ba bonolo ho tlōla. Baroetsana ba bang ba ithetsa ka hore ba ka fetola bahlankana ba bona.
Haeba ho na le seo e leng ’nete ka uena mona, ho hlokahala hore ‘u fetohe ka ho fetola kelello ea hao’ tabeng ena. (Baroma 12:2) Ka thapelo, thuto le ho thuisa, ho hlokahala hore u nke tsela eo Jehova a talimang boitšoaro ba ho khahlapetsa ka eona ka ho teba ’me u bo talime e le bo nyonyehang. Ho hlokahala hore u utloisise hore ha ua lokela ho tšoaroa hampe. Ho hlaolela boikokobetso—e leng ho elelloa moo u fellang teng—ho ka u thusa hore u hlokomele hore ha u na matla a ho fetola mohlankana ea bohale. Ke boikarabelo ba hae hore a fetohe!—Bagalata 6:5.
Maemong a mang baroetsana ba bang ba mamella ho tšoaroa hampe hobane ba ikhella fatše. Kathrin, ea boletsoeng qalong o re: “Ke sitoa ho nahana hore na bophelo bo ka ba joang kantle ho eena, ’me ha ke bone hore nka fumana e mong ea molemo ho mo feta.” Moroetsana e mong ea bitsoang Helga ka ho tšoanang o itse ka mohlankana oa hae: “Ke lumela hore a nkotle hobane ho ntse ho le molemo ho feta ho se hlokomeloe ka ho feletseng.”
Na maikutlo a joalo a utloahala eka ke motheo o motle bakeng sa kamano e atlehileng? Ho feta moo, na u ka hla ua rata motho e mong haeba uena u sa ithate? (Matheu 19:19) Sebeletsa ho hlaolela ho se ikhelle fatše.e Ho mamella ho tšoaroa hampe ho ke ke ha u thusa ho etsa joalo. Joalokaha mosetsana e mong ea bitsoang Irena a ithutile ka phihlelo ea hae, ho mamella ho hlekefetsoa ho ka u “amoha seriti sohle seo u nang le sona.”
Ho Tobana le ’Nete
Ho ka ’na ha e-ba thata ho ba bang ho lumela hore kamano eo ba leng ho eona ke e kotsi—haholo-holo haeba maikutlo a lerato a se a tebile. Empa u se ke ua iphoufalletsa ’nete. Maele a Bibele a re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.” (Liproverbia 22:3) Mosetsana e mong ea bitsoang Hanna oa hopola: “Ha u ratana le mohlankana, ho tšoana le ha u foufetse, ’me u bona feela litšoaneleho tsa hae tse ntle.” Leha ho le joalo, haeba u tšoaroa hampe, ke habohlokoa hore u ’mone seo a hlileng a leng sona. ’Me haeba mohlankana oa hao a etsa hore u ikutloe u sokeloa kapa u nyenyefalitsoe, ho na le ho hong ho hlileng ho leng phoso. U se ke ua leka ho hatella maikutlo a hao, ua mo behela mabaka kapa ua ipeha molato. Phihlelo e bontša hore haeba ho sa lokisoe bothata, tšoaro ea ho hlekefetsoa e tla ’ne e tsoele pele feela. Ho sireletseha ha hao ho ka behoa kotsing e khōlō!
Ho hlakile hore ho tla ba molemo hore u se ke ua ratana le motho ea sitoang ho ithiba. (Liproverbia 22:24) Kahoo haeba motho e mong eo u sa mo tsebeng hantle a batla ho laetsana le uena, e ka ba hantle ho re u tsebe ho hong ka eena. Ke hobane’ng ha u sa etse tlhahiso ea hore le qale pele ka ho kopana le le har’a sehlopha? Sena se ka u fa monyetla oa ho mo tseba pele le potlakela ho ratana. Ipotse lipotso tse nang le moelelo, tse kang: Metsoalle ea hae ke bo-mang? O rata ’mino oa mofuta ofe, lifilimi le lipapali tsa k’homphieutha, hape o rata lipapali tsa mofuta ofe? Na moqoqo oa hae o bontša hore o thahasella lintho tsa moea? Bua le batho ba mo tsebang, ba kang baholo ba phutheho ea habo. Ba tla u tsebisa haeba o “buuoa hantle ke” ba bang ka lebaka la boitšoaro ba hae bo bontšang ho hōla le ba bomolimo.—Liketso 16:2.
Empa u ka etsa eng haeba u se u ntse u e-na le kamano le motho ea nyefolang? Sehlooho se latelang se tla tšohla potso ena.
Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngola ’me u romelle lebitso la hao le aterese ea hao ea lapeng ho Lipaki Tsa Jehova, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Lihlooho tsena li bua ka batho ba hlekefetsoang ’meleng le ka mantsoe. Keletso e ka thusang ba etsang liketso tsena e fanoe lihloohong tse reng “Ho Nkela Mantsoe a Hlabang Sebaka ka Mantsoe a Folisang” le “Bompoli—Kotsi ke Eng?” tokollong ea rōna ea November 8, 1996, le ea April 8, 1997.
c Leha ho le joalo, ho nolofatsa lintho, re tla bua ka batho ba hlekefetsoang e le ba basali. Melao-motheo e boletsoeng mona e sebetsa ho banna le basali.
d Bona sehlooho se reng “Ho Utolla Metso ea Puo e Nyefolang,” tokollong ea rōna ea November 8, 1996.
e Bona khaolo ea 12 ea buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose le leqepheng la 32]
Matšoao a Mang a Lemosang
◼ Hangata o bua mantsoe a u nyenyefatsang, a nyenyefatsang le lelapa leno kapa metsoalle ea hao, e bang u mong kapa u na le ba bang
◼ Hangata o hlokomoloha seo u se ratang kapa maikutlo a hao
◼ O leka ho laola tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba hao, o tsitlallela ho tseba hore na u hokae ka linako tsohle le ho u etsetsa liqeto linthong tsohle
◼ Oa u kharumela, oa u sutumetsa, kapa ho u kharametsa, kapa ho u sokela
◼ O leka ho u qobella ho etsa liketso tse sa lokelang tsa ho bontša lerato
◼ Ha ho letho leo u ka le etsang u sa tšoenyehe hore na seo se tla mo khopisa ka tsela e ’ngoe e itseng
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ho lula motho a nyatsuoa kapa a rohakoa ho ka ’na ha bontša hore kamano eo hase e ntle